“Haha Ntlo ea Hao”
1 Kantle ho pelaelo, sechabeng se seng le se seng ho pota lefatše, bophelo ba lelapa boa senyeha. Lefatše la Satane le ntse le tetebela har’a thetso le boitšoaro bo bobe. (1 Joh. 5:19) Sena se hatella bohlokoa ba ho potlakela ho ‘haha matlo a rōna’ le ho ruta ba bang kamoo ba ka etsang se tšoanang bakeng sa malapa a bona.—Liprov. 24:3, 27.
2 Melao-motheo ea Bibele ke Tšireletso: Lekunutu la thabo ea sebele ea lelapa le fumanoa ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Linnete tsena tse matla li tsoela setho ka seng sa lelapa molemo litšobotsing tsohle tsa bophelo. Lelapa le li sebelisang e tla ba le thabileng ’me le tla thabela khotso ea bomolimo.—Bapisa le Esaia 32:17, 18.
3 Melao-motheo e ka re thusang ho haha malapa a rōna e thathamisitsoe ka bokhutšoanyane empa ka ho tobileng bukeng e ncha, Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Khaolo ka ’ngoe e qetella ka lebokose le molemo le rutang le hatellang melao-motheo eo ho hlokahalang hore litho tsa lelapa li e hopole. Boholo ba mabokose ana a qala ka potso, “Melao-motheo ee ea Bibele e ka thusa . . . joang?” Sena se lebisa tlhokomelo likhopolong tsa Molimo e le hore re ka fumana monahano oa hae tabeng eo ho buisanoang ka eona.—Esa. 48:17.
4 Tloaelana le buka ena hantle. Ithute ho fumana melao-motheo e ka thusang ha ho hlaha mathata a fapaneng. Buka ena e tšohla litaba tse kang tsena: seo motho a lokelang ho se sheba ha a nahanela eo e tla ba molekane oa lenyalo (khaolo 2), linotlolo tse bulang monyako oa ho kena lenyalong le thabileng (khaolo 3), kamoo batsoali ba ka hōlisang bana ba bona hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo, ba tšabang Molimo (khaolo 6), kamoo ho ka sireletsoang lelapa litšusumetsong tse senyang (khaolo 8), melao-motheo e ka thusang malapa a motsoali a le mong ho atleha (khaolo 9), thuso ea moea bakeng sa malapa a khathatsoang ke bokhoba ba tahi le pefo (khaolo 12), se ka etsoang ha litlamo tsa lenyalo li le mothating oa ho senyeha (khaolo 13), se ka etsoang ho hlompha batsoali ba hōlileng (khaolo 15), le kamoo ho ka lokisetsoang bokamoso bo tšoarellang bakeng sa lelapa la motho (khaolo 16).
5 Sebelisa Buka e Ncha ka Botlalo: Haeba le e-s’o etse joalo, ke hobane’ng ha le sa qale ho ithuta buka ea Thabo ea Lelapa hammoho joaloka lelapa? Hape, neng kapa neng haeba lelapa la hao le talimane le mathata a macha kapa liphephetso, hlahloba likhaolo tse tšohlang mathata ana bukeng, ’me ka thapelo u nahanele kamoo u ka sebelisang keletso eo. Ho phaella moo, ka March, e-ba ea fanang ka nako ka seatla se bulehileng ha u etsa kemiso ea tšebeletso ea tšimo e le hore u ka ikitlaetsa ka matla ho tsamaisetsa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang libuka tsa Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
6 Malapa a sebelisang boinehelo ba bomolimo a tla matlafatsoa moeeng le ho ba a kopaneng ’me a tla hlomelloa hamolemo ho sebetsana ka katleho le litlhaselo tsa Satane. (1 Tim. 4:7, 8; 1 Pet. 5:8, 9) Re leboha hakaakang hore re na le thuto ea bomolimo e tsoang ho Moqapi oa lelapa!