Ruta ba Bang Seo Molimo a se Hlokang
1 Ho sa ntse ho ka fumanoa batho ba bangata bao moeeng ba ’nileng ba thibeloa “ho utloa mantsoe a Jehova.” (Amose 8:11, NW) Le hoja ba bang ba lumela hore Molimo o teng, ha ba hlokomele morero oa hae le seo a se hlokang. Kahoo, hoa hlokahala hore re ba rute ’nete ea ’Muso e pholosang bophelo. Ka ho itlhomella ka nepo le ho lokela ho paka ha ho hlaha monyetla o mong le o mong, re ka fumana ba batlang ho ithuta seo Jehova a se hlokang.
2 Ka April le May, re tla ba le litokollo tse nakong haholo tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tseo re tlang ho li aba. A re nehelaneng ka peeletso ha ho hlaha monyetla o mong le o mong. Ho phaella moo, ka lekhetlo la pele, re tla buella bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Litšoantšo tsa eona tse hapang tlhokomelo le lipotso tse nahantšang li etsa hore bukana ena e be e ipiletsang haholo. Litlhahiso tse latelang li fanoe molemong oa ho re thusa ho sebelisa lingoliloeng tsa rōna tse babatsehang ka tsela e molemo.
3 Ho Batla Batho: Libakeng tseo ho tsona batho ba bangata ba leng sieo malapeng ha re ba etela ka ntlo le ntlo, ho ipakile ho le molemo ho batla batho le ho buisana le bona hohle moo ba ka fumanoang teng. Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1996 e ile ea re khothalletsa ho bolela litaba tse molemo hohle—seterateng, lipalangoeng tsa sechaba, le lirapeng tsa boikhathollo, libakeng tsa ho paka makoloi le libakeng tsa khoebo. Hape e re entse hore re be hlokolosi ka tlhokahalo ea ho bula menyetla ea ho bolela ka tsela e sa reroang. E le mohlala oa sena, morali e mong oabo rōna o ile a ea polokelong ea liphoofolo tse hlaha ’me a ea a nkile Tsoha! ea August 8, 1996, e nang le letoto la lihlooho tse buang ka mefuta e kotsing ea liphoofolo. Ka nako ea hora, o ile a tsamaisa likopi tse 40 a li fa barati ba liphoofolo ba ananelang haholo! Ho tla fihlela joale u se u atlehile hakae ka ho bolela litaba tse molemo hohle? Molula-Qhooa le Tsoha! hammoho le bukana ea Seo a se Hlokang li loketse haholo bakeng sa mefuta eohle ea ho paka, kaha li buella boitsebiso bo amang bophelo ba batho ’me li susumetsa monahano.
4 Ho Qala Moqoqo: Leqepheng la ho qetela la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1996 ho fanoa ka makolopetso a kamoo u ka lokisetsang nehelano ea hao bakeng sa makasine ea Molula-Qhooa le Tsoha! kateng. Litlhahiso tse tšoanang li tla sebetsa hantle ha u lokisetsa nehelano ea hao bakeng sa bukana ea Seo a se Hlokang. Seo re se buang se ka ba sekhutšoanyane ka lipolelo tse seng kae feela kapa tse telele ka ho lekaneng ho ka kopanyelletsa se hlahang Mangolong. Ke habohlokoa ho hloaea mantsoe a qalang ka hloko, kaha ke ’ona a tla lekanyetsa hore na motho eo u mo atamelang o tla tsoela pele ho mamela kapa che. Ba bang ba ’nile ba atleha ka tlhaloso ena e qalang: “Ke ile ka bala sehlooho se ileng sa nkhothatsa, ’me ke rata ho se arolelana le uena.” Kapa potso e thahasellisang e ka botsoa ho hulela motho e mong moqoqong.
5 Haeba ho loketse sebakeng sa haeno, u ka ’na ua leka ho botsa lipotso tse kang tse latelang linehelanong tsa hao khoeling ena:
◼“Kajeno re bona mengolo e ngotsoeng mehahong ea sechaba, lithōle le tšilafalo li tletse hohle. Ho tla hloka eng ho hloekisa lefatše le ho le etsa sebaka se molemo ho phela ho sona?” Emela karabelo, ebe joale u hlalosa hore u na le boitsebiso bo re tiisetsang hore na lefatše lena le tla fetoha serapa se akaretsang joang hona neng. Bua ka ntho e tobileng, lengolo le lekhutšoanyane le setšoantšo se mebala se makasineng ea morao-rao, ebe joale u fana ka eona hammoho le makasine e tsamaisanang le eona hore a e bale ka monehelo oa R2,00. Bolela hore ba bangata ba thabelang ho bala lingoliloeng tsa rōna ba etsa peeletso ea tsona. Hlalosa tokisetso ea peeletso. Pele u lihela likhala, leka ho lokisetsa ho ntšetsa moqoqo pele nakong e tlang.
◼“Na u nahana hore Molimo o ne a re reretse hore re phele re pota-potiloe ke likhathatso tse kang tseo re tobaneng le tsona kajeno?” Ka mor’a hore motho a arabele, u ka re: “Mohlomong u tloaelane le thapelo eo Jesu a ileng a e ruta balateli ba hae hore ba e rapele, ba kōpa hore ’Muso oa Molimo o tle. Na u se u kile ua nahana hore na hantle-ntle ’Muso oa Molimo ke eng?” Phetla thutong ea 6 bukaneng ea Seo a se Hlokang, ’me u bale lipotso tse botsitsoeng qalong ea thuto eo. Joale, ha u bala serapa sa 1, supa karabelo potsong ea pele. Hlalosa hore lipotso tse ling kaofela li arabeloa ka ho toba joalo feela. Nehelana ka bukana ka monehelo oa R1,20, ’me u etse tokisetso ea ho boela le kopana hape ho tla buisana ka ’Muso.
◼“Batho ba bangata ba nahanang ba qala ho talima malumeli a lefatše lena e le ’ona sesosa sa mathata a batho ho e-na le ho ba tharollo ea ’ona. U nahana’ng ka hoo?” Ka mor’a ho mamela maikutlo a motho eo, mo bontše ho hong limakasineng tsa morao-rao ho ka ’nang ha hapa thahasello ea hae ka ho hlōleha ha bolumeli ba bohata kapa ho oa ha bona ho atamelang. Mo botse hore na o tla rata ho e bala. Bolellanang mabitso, ’me u etse tlhahiso ea ho kopana le eena hape e le hore u ka hlalosa hore na ho tla joang hore ebe bolumeli ba ’nete ha boa soetsa moloko oa batho.
◼“Kaha ho e-na le mathata a mangata hakaale bophelong ba lelapa kajeno, na u se u kile ua ipotsa hore na lekunutu la ho fumana thabo ea lelapa ke lefe?” Emela karabelo, ebe u hlalosa hore ka Bibeleng Molimo o senola lekunutu la sebele la thabo ea lelapa. Mohlomong u ka bala Esaia 48:17. Joale phetla thutong ea 8 bukaneng ea Seo a se Hlokang, ’me u supe tse ling tsa litemana tsa Bibele tse qotsitsoeng tse fang setho se seng le se seng sa lelapa tataiso e tšepahalang. Bala lethathamo la lipotso qalong ea thuto eo. Botsa motho eo hore na a ka rata ho bala likarabelo. Haeba ho joalo, mo nehe bukana ka monehelo oa R1,20. Etsa tlhahiso ea hore u tla khutla nakong e tlang ho tla buisana le eena ka tataiso e sebetsang eo Bibele e nang le eona bakeng sa bophelo bo thabileng ba lelapa.
6 Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1997 e ile ea re khothalletsa hore re be le sebete sa ho boela. E ile ea buella hore re sebelise bukana ea Seo a se Hlokang ho qala lithuto tsa Bibele, haeba e se leetong la pele, joale e be leetong la ho boela. Tlhoko e khōlōhali ea moloko oa batho ke ho ithuta seo Molimo a se hlokang ebe joale oa se etsa. (Bakol. 1:9, 10) Re tla ruisa ba bang molemo haholo ka April le May haeba re ka qala ho ba ruta seo re se tsebang ka se hlokoang ke Jehova bakeng sa bophelo.—1 Bakor. 9:23.