Batsoali—Koetlisetsang Bana ba Lōna ho Bolela
1 Liphutheho tsa rōna li hlohonolofalitsoe ka bana ba bangata ba nang le takatso e tšepahalang ea ho sebeletsa Molimo. (Moek. 12:1) Ba akarelletsoa har’a bao Jehova a ba memang hore ba be le karolo ho mo roriseng. (Pes. 148:12-14) Kahoo, koetliso ea letsatsi le letsatsi eo batsoali ba e nehang bana ba bona e lokela ho akarelletsa taeo ea ho arolelana tumelo ea bona le ba bang ka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso.—Deut. 6:6, 7.
2 Koetlisa Bana Mohato ka Mohato: Bana ba lokela ho koetlisoa ba sa le banyenyane haholo hore ba tsamaee le batsoali ba bona tšebeletsong. Pele u e-ea tšebeletsong, lokisetsa bana ba hao hore ba kopanele ka tsela e nang le moelelo. Lekanyetsa esale pele seo u tla lebella hore ba se etse ha le kena ntlong. Bana ba banyenyane haholo ba ka khona ho fana ka lipampitšana le limemo le ho memela batho Holong ea ’Muso. Bana ba banyenyane ba tsebang ho bala hantle ba ka kōptjoa ho bala mangolo ha le le ntlong. Ba ka nehelana ka limakasine, ba bua hakhutšoanyane. Ha ba ntse ba fumana phihlelo, ba koetlisetse ho sebelisa Bibele nehelanong ea bona. Bahoeletsi ba bangata ba bacha ba qalisitse litselana tsa bona tsa limakasine le ho etsa maeto a ho boela kamehla. Ho molemo ha ngoana a sebetsa le motho e moholo ho e-na le mocha e mong. Motho e moholo a ka hlalosetsa mong’a ntlo hore mocha eo o ntse a koetlisoa tšebeletsong.
3 Ngoanana e mong e monyenyane o ile a kōpa thuso ea baholo e le hore a ka tšoaneleha ho ba mohoeletsi oa ’Muso. Esita le hoja a ne a le lilemo li hlano feela nakong eo, ’me a sa tsebe ho bala, o ne a khona ho bolela molaetsa oa ’Muso ka tsela e hlakileng ha a kena ntlong. O ne a tšoara ka hlooho moo litemana li leng teng, a khona ho li phetla, ’me a kōpe mong’a ntlo ho mo balla tsona ebe eena o fana ka tlhaloso.
4 Bana ba boetse ba lokela ho rutoa ka mohlala oa batsoali bohlokoa ba ho ba le kemiso e ntle ea ho kopanela tšebeletsong kamehla. Ho hlokahala hore batsoali ba etse kemiso ea beke le beke ea tšebeletso le ho e khomarela hore bana ba tsebe hore na ke nako efe ea beke e beheletsoeng ka thōko bakeng sa mosebetsi oa boboleli.
5 Ha bana ba koetlisoa ba sa le banyenyane hore ba rate tšebeletso le ho e thabela, ba tla susumelletseha ho hahamalla litokelo tse khōloanyane nakong e tlang, mohlomong ho akarelletsa le tšebeletso ea bopula-maliboho. (1 Bakor. 15:58) Kaofela ha rōna re lokela ho khothalletsa bana ba leng har’a rōna ho hatela pele hantle joaloka barorisi ba Jehova.