Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/97 leq. 4
  • Thusa ba Bang ho Fumana Matšeliso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusa ba Bang ho Fumana Matšeliso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Sebelisa Libukana Tse Lekanang le Makasine Tse sa Tšoaneng Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 7/97 leq. 4

Thusa ba Bang ho Fumana Matšeliso

1 Batho ba bangata ba khathetse ke ho utloa ka likoluoa, lintoa, tlōlo ea molao le bohloko. Le hoja ka ho hlakileng ho bonahala hore matšeliso ha a eo litlalehong tsa kajeno tsa litaba, ke eona ntho eo ba e hlokang kannete. Ho tšelisa ho bolela “ho fana ka matla le tšepo ho” le “ho fokotsa bohloko kapa matšoenyeho” a motho e mong. Joaloka Lipaki tsa Jehova, re hlomeletsoe ho thusa batho ka tsela ena. (2 Bakor. 1:3, 4) Libukana tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng tseo re tla nehelana ka tsona ka July le August li na le melaetsa e tšelisang ea ’nete. (Baroma 15:4) Tse ling tsa litlhahiso tse ka sebelisoang ho nehelana ka libukana tsena tlas’a maemo a fapaneng ke tse latelang:

2 Tlaleho ea litaba tse bohloko e ka bula monyetla oa ho fana ka bopaki le ho tšelisa ba bang, mohlomong ka ho bua mantsoe a kang ana:

◼ “Ha lintho tse tjena li etsahala, batho ba bang baa ipotsa hore na kannete Molimo o teng, le hore haeba o teng, na o hlile oa re tsotella. Uena u nahana joang? [Emela karabelo.] E ’ngoe ea litsela tsa ho fumana hore na Molimo o teng ke ho sebelisa molao-motheo ona o tiisitsoeng.” Bala Baheberu 3:4. Mo bontše lintho tse ling tse re potolohileng tseo ka ho hlakileng li hlokang hore li be le moetsi. Joale tsoela pele ka ho re: “Ke tšoere bukana eo ke tšepang hore u tla fumana e tšelisa. E na le sehlooho se reng Na Ruri Molimo oa re Tsotella? [Bala lipotso tse sekoahelong.] E na le bopaki bo kholisang ba hore Molimo o teng ebile haufinyane o tla felisa maemo ’ohle a ho hloka toka ao re talimaneng le ’ona kajeno. Na u ka rata ho e bala?” Etsa tokisetso ea ho khutla.

3 Leetong la ho boela u ka re:

◼ “Re ne re buisana ka bopaki ba ho ba teng ha Molimo nakong eo ke u sielang bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Mohlomong u hlokometse ntlha ena e leqepheng la 7. [Mo bontše setšoantšo le ho akaretsa serapa sa 15.] Ona ke mohlala o le mong feela o bontšang hore Molimo ea tsotellang e tlameha e be o teng. [Bala serapa sa 27 leqepheng la 9.] Thuto ea botho ea Bibele e nthusitse ho sebetsana ka katleho le mathata a letsatsi le letsatsi hobane e mphile pono ea Molimo ka lintho.” Ithaopele ho mo bontša hore na thuto e tšoaroa joang.

4 Ho paka ka thelefono ho ka etsoa ho sebelisoa bukana “Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?” Mohlomong u ka itsebahatsa ’me ebe u re:

◼ “Ke u letselitse mabapi le molaetsa oa bohlokoa hobane ke sa khone ho bonana le uena ka seqo.” Bala serapa sa pele leqepheng la 4 la bukana, u bale ka mokhoa o phutholohileng joalokaha eka u qoqa le eena le shebane mahlong. Mo botse seo a se nahanang, ’me u emele karabelo. “Ke se ke phetlile Bibele ea ka ho Esaia 45:18. Temana ena e bontša hore lefatše le bōpiloe ho nahannoe ka rōna. Na nka u balla eona?” Ka mor’a moo, hlalosa morero oa bukana ena, ’me u mo botse hore na ke joang u ka mo tlisetsang kopi.

5 Ha u letsa hape, mohlomong u ka sebelisa katamelo ena ho qalisa thuto:

◼ “Ke rata ho thasiselletsa puisanong ea rōna ea nakong e fetileng ka ho bontša hore na ke mang ea ka re bolellang morero oa bophelo. [Akaretsa lintlha serapeng sa 1 le 2 leqepheng la 6 bukaneng ea Morero oa Bophelo.] Tšenolo 4:11 e hlalosa hore Jehova Molimo ke ’Mōpi oa rōna. [E Bale.] Ka sebele e tlameha ebe o ne a e-na le lebaka ha a re bōpa. Batho ba ’nileng ba batla ho tseba lebaka leo ba ithutile Lentsoe la Molimo le ngotsoeng, Bibele. Ke rata ho u neha monyetla oo.” Hlalosa kamoo thuto ea rōna ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng e khannoang kateng ’me u etse litokisetso tsa ho qalisa thuto.

6 Mohlomong katamelo ena e nang le boikutlo bo botle e ka tšelisa ba ileng ba shoeloa ke baratuoa ba bona:

◼ “Ke ntse ke etsa tšebeletso ea phatlalatsa ho bohle ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona. Kaha ena e le e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa eo leha e le mang oa rōna a ka e mamellang, ho lokiselitsoe bukana ena, Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. E thusitse batho ba limilione. Ke rata ho u bontša seo e se bolelang ka tšepiso e babatsehang e entsoeng ke Jesu Kreste. [Bala serapa sa bohlano leqepheng la 26 ho akarelletsa le Johanne 5:21, 28, 29.] Hlokomela setšoantšo sena se leqepheng la 29 se bontšang tlaleho ea Kosepele ea ha Jesu a hlile a tsosa Lazaro bafung. Haeba u lakatsa ho bala bukana ena e tšelisang, ke tla thabela ho u siela eona ka monehelo oa R1,20.”

7 Ha u khutlela, u ka boela ua phetla setšoantšo se leqepheng la 29 la bukana ea “Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa” ’me ebe u re:

◼ “Hopola puisano ea rōna e mabapi le ha Kreste a tsosa Lazaro. [Bala mantsoe a hlalosang setšoantšo leqepheng la 28, ebe u tšohla boitsebiso bo tlas’a sehloohoana “Na Kannete ho Etsahetse?”] Haeba pelo ea hao e labalabela ho lumela hore u tla boela u bone moratuoa oa hao ea shoeleng, e-re ke u thuse hore u be le tumelo tšepong ea tsoho.” Buella thuto ea lehae ea Bibele.

8 E se eka re ka etsa sohle se matleng a rōna likhoeling tse tlang ho etsisa Jesu ka ho ‘tšelisa ba llang kaofela.’—Esa. 61:2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela