Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/97 leq. 4
  • Latella Thahasello e Bontšitsoeng ho Kingdom News

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Latella Thahasello e Bontšitsoeng ho Kingdom News
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlaolela Thahasello e Susumelitsoeng ke Kingdom News No. 36
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Bontša Kameho ea Sebele Bakeng sa Thahasello Eohle e Fumanoeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • “Ho Hongata Hoo le ho Etsang Mosebetsing oa Morena”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 11/97 leq. 4

Latella Thahasello e Bontšitsoeng ho Kingdom News

1 Libekeng tsa ho qetela tse ’maloa, re ’nile ra thabela monyetla oa ho aba Kingdom News No. 35, e nang le sehlooho se reng, “Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?” Hohle bahoeletsi ba etsa ka hohle kamoo ho ka khonehang hore, ka tokollo ena ea Kingdom News, ba finyelle batho ba tšoanelehang ba bangata. (Mat. 10:11) Le hoja ho reriloe hore phutuho ena e fele ka Sontaha, la 16 November, haeba ho sa ntse ho e-na le tšimo e ngata e lokelang ho akaretsoa, baholo ba ka ’na ba le kōpa hore le tsoele pele ho aba Kingdom News No. 35 hafeela e sa ntse e le teng setokong sa phutheho.

2 Tokollo ena ea Kingdom News e tsositse thahasello ho batho ba bangata. Baa hlokomela hore batho ka kakaretso ba feletsoe ke lerato la bona la tlhaho ’me ka lebaka leo baa ipotsa hore na bokamoso bo ba tšoaretse eng. (2 Tim. 3:3) Re batla ho latella thahasello e tsositsoeng.

3 Ho Fumanoa Liphello ka Kingdom News: Nakong ea phutuho ea 1995 ka Kingdom News, mosali ea ileng a fumana kopi o ile a tla sebokeng Holong ea ’Muso hobane a ne a batla ho ithuta ka ho eketsehileng ka seo Lipaki tsa Jehova li se lumelang. Hona sebokeng seo o ile a amohela thuto ea Bibele ’me ka mor’a moo e bile ka seoelo moo a ileng a fosoa ke liboka. Kapele-pele o ile a ngolla kereke eo a neng a e kena pele, e le ha a itokolla ho beng setho sa eona!

4 Hona joale, batho ba makholo tšimong ba se ba balile molaetsa oa Kingdom News No. 35. Empa karabelo ea bona e bile efe molaetseng oa eona? Le haeba ba khahliloe ke seo ba se balileng, ba bangata ba ke ke ba nka khato ho fihlela ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a ba etela hape. Na u etsa litokisetso tsa ho khutlela? Kameho e lerato ka batho ba bang e lokela ho re susumelletsa ho etsa joalo. Bohle ba bontšitseng thahasello ho Kingdom News ba lokela ho eteloa hape.

5 U Tla Re’ng ha U Khutlela? U ka fana ka litlhaloso tse ’maloa mabapi le molaetsa o nakong oa Kingdom News ebe joale u botsa potso e etsang hore motho a nahane. Mamela ka hloko ha mong’a ntlo a bua e le hore u ka ithuta se leng monahanong oa hae. Joale lebisa tlhokomelo ntlheng e loketseng bukaneng ea Seo a se Hlokang, e ileng ea buelloa ho Kingdom News. Haeba u fumana karabelo e ntle, leka ho qalisa thuto ea Bibele ka eona nako eo.

6 Tse ling tsa litlhahiso tse mabapi le linehelano tseo u ka li lekang ha u khutlela ho ba bontšitseng thahasello ho “Kingdom News” No. 35 ke tsena:

◼ “Mohlomong u sa hopola pampitšana eo ke ileng ka u siela eona haufinyane tjena. Molaetsa oa eona o ama ntho ea sehlooho e arolang batho kajeno—ho haelloa ke lerato ho batho ba bang.” Lebisa tlhokomelo bopaking bo fanoeng leqepheng la 2 la Kingdom News tlas’a sehlooho se reng “Lerato la Moahelani le Folile.” Joale botsa, “Na u nahana hore ke morero oa Molimo hore batho ba phele ka tsela ee?” Emela karabelo. Phetla thuto ea 5 bukaneng ea Seo a se Hlokang, ’me u leke ho qalisa thuto ea Bibele.

◼ “Ha re kopana ka lekhetlo la pele, ke ile ka u siela pampitšana e nang le sehlooho se reng ‘Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?’ Na u nahana hore lefatše le joalo le ka ba teng?” Emela karabelo. Phetla thuto ea 6 bukaneng ea Seo a se Hlokang, ’me u bale serapa sa 6. Joale bala tšepiso ea Molimo ho Mikea 4:3, 4. Haeba ho bonahala hore mong’a ntlo oa thahasella, nehelana ka bukana le ho qalisa thuto.

◼ “Nakong e fetileng ha ke u etetse, ke ile ka u siela pampitšana e nang le sehlooho se reng, ‘Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?’ E na le tlhahiso e khothalletsang thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Ke khutlile ho tla u bontša thuso ea ho ithuta eo re e sebelisang. [Mo bontše buka ea Tsebo.] Buka ena e hlalosa ka ho hlaka ka nako eo batho bohle ba tla ratana ka eona, e araba le lipotso tse ling tseo mohlomong e ka ’nang eaba u ipotsa tsona: Ke hobane’ng ha re tsofala ’me re e-shoa? Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola? Ho etsahala eng ka baratuoa ba rōna ba shoeleng?” Joale botsa, “Na nka u bontša mokhoa ona oa ho ithuta?” Haeba mong’a ntlo a hana thuto, mo botse hore na a ka rata ho ipalla buka ena ka boeena. Haeba a rata, mo siele kopi ka monehelo oa R4,00. Etsa tokisetso ea ho khutla hape.

7 Ha tšimo e akarelitsoe hantle ka Kingdom News No. 35, re ka nehelana ka buka ea Tsebo karolong e setseng ea khoeli. Linehelano tse ngata tse khethiloeng tse ka sebelisoang ho nehelana ka buka ena li ka fumanoa leqepheng la ho qetela la litokollo tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso tsa March, June le November 1996; le June 1997.

8 Kabo ena e khethehileng ea Kingdom News e lokela ho re susumelletsa kaofela ho matlafatsa boiteko ba rōna mosebetsing oa boboleli. Ka thuso ea Jehova re ka kholiseha hore phutuho ena e tla atleha e le kannete, ho thusa batho libakeng tsohle hore ba bone morero oa Molimo oa hore batho bohle ba ratane. E se eka Jehova a ka tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko ba rōna bo mafolofolo ha re ntse ra latella thahasello e bontšitsoeng ho Kingdom News.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela