Ho Hlaolela Thahasello e Susumelitsoeng ke Kingdom News No. 36
1 Na u se u qetile ho tsamaisa lipampitšana tseo u li filoeng tsa Kingdom News No. 36? E botsa potso e nakong eo bohle ba ka thuisang ka eona: “Lilemo Tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?” Ha selemo sa 2000 se atamela, litebello tsa hore na lilemo tsa sekete se secha li tla tlisa eng li ile tsa fapana haholo. Kingdom News No. 36 e hlahloba tse ling tsa litebello tseo ’me e re hopotsa hore maemo a lefatše ha a fane ka motheo oa ho ba le tšepo ea ho atleha. Lilemo tsa sekete se tlang ho tlisa khotso le tšireletseho tseo batho ba bangata ba li batlang ke Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste Jesu. Tšepo ea rōna bonneteng ba ’Muso oa hae e re susumelelitse ho abela e mong le e mong Kingdom News No. 36.
2 Karabelo ho Kingdom News: Kabo ea Kingdom News nakong e fetileng e ipakile e le tšusumetso e ntle ho rōna mosebetsing oa rōna. Mabapi le Kingdom News No. 35, lekala la Canada le ile la ngola: “Phutuho ena e khethehileng e ile ea tšehetsoa ka cheseho ke bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba tšimong, ’me ho ile ha thabeloa liphihlelo tse ngata tse khothatsang.” Ha ho pelaelo hore le bontšitse cheseho e tšoanang bakeng sa kabo ea Kingdom News No. 36.
3 Ho lokiselitsoe hore phutuho ea hona joale ea Kingdom News e fele ka la 17 November, 2000. Na tšimo eohle e abetsoeng phutheho ea lōna e koahetsoe? Haeba ha ho joalo, baholo ba ka ’na ba le kōpa hore le tsoele pele ka phutuho ho fihlela bofelong ba November.
4 Batho ba ’nile ba arabela joang kabong ea Kingdom News No. 36 tikolohong ea heno ho tla fihlela joale? Batho ba seng ba kae ba tla tlatsa setlankane ’me ba kōpe bukana ea Seo a se Hlokang le/kapa thuto ea lehae ea Bibele. Leha ho le joalo, boholo ba ba bontšang ho thahasella taba ea lilemo tse sekete qalong ba ka ’na ba se ke ba nka bohato ho fihlela ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a ba etela hape. Bohle ba bontšitseng thahasello ba lokela ho eteloa hape. Nako e ntle ea ho etsa see ke efe? Ho latella thahasello ho lokela ho etsoa kapele kamoo ho ka khonehang.
5 Hlokomela liphihlelo tsena tse hlahileng ha ho khutleloa moo ho tsamaisitsoeng Kingdom News No. 35. Pula-maliboho e mong Ireland o ile a siela mong’a reschorente e ’ngoe Kingdom News. Mosali eo o ile a khahloa ke molaetsa ’me a mema morali’abo rōna hore a khutle. Morali’abo rōna o ile a khutlela ka mor’a matsatsi a mabeli, ’me ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Denmark, ho ile ha siuoa Kingdom News ntlong e ’ngoe moo ho neng ho se na batho. Hona letsatsing leo mosali ea lulang moo o ile a romela setlankane ofising ea lekala, e ileng ea e fetisetsa phuthehong ea sebaka seo. Pele beke e fela, baralib’abo rōna ba babeli ba ile ba mo etela, ho ile ha etsoa litokisetso tsa thuto, ’me mosali eo a ea sebokeng sa hae sa pele Holong ea ’Muso!
6 Seo U ka se Buang ha U Khutlela: Ho khutlela moo ho tsamaisitsoeng Kingdom News ho batla ho le bonolo ’me ke karolo e thabisang ea tšebeletso ea rōna. Ha u etsa joalo, e ka ba bohlale hore u nke le Kingdom News No. 36, kaha ho ka etsahala hore ebe mong’a ntlo ha a sa na kopi. U ka ’na ua leka litlhahiso tsena.
7 Ka mor’a hore u hopotse mong’a ntlo hore na u mang, u ka re:
◼ “Ke ile ka siea pampitšana e nang le sehlooho se reng ‘Lilemo Tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?’ Na e ne e se ho khothatsang ho bala ka hore haufinyane Puso ea Kreste Jesu ea Lilemo tse Sekete e tla qala, e tlise maemo a Paradeise lefatšeng? [Bontša litšoantšo tsa Paradeise tse ho Kingdom News No. 36.] Leqepheng le ka morao, u mengoa hore u kōpe bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?” Hlahisa bukana eo, phetla thutong ea 5, bala potso ea pele le serapa sa 1 le sa 2, ’me u kōpe mong’a ntlo hore a hlalose. Bala lengolo le le leng kapa a mabeli ’me le buisane ka lona. Haeba ho khoneha, hlahloba potso e ’ngoe le serapa, ebe u etsa litokisetso tsa ho khutlela le ho ntšetsa pele puisano eo.
8 Kaha nehelano eo re tla latella ka eona ka November e tla ba bukana ea “Seo a se Hlokang” kapa buka ea “Tsebo,” u ka ’na ua re:
◼ “Haufinyane ha ke ne ke u etetse, ke ile ka u siela kopi ea ‘Lilemo Tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?’ E na le mpho ea thuto ea Bibele ea lehae e sa lefelloeng. Ke khutletse ho tla u bontša thuso ea ho ithuta eo re e sebelisang. [Hlahisa bukana ea Seo a se Hlokang, e be u phetla leqepheng le ka morao; kapa u hlahise buka ea Tsebo, ’me u phetle leqepheng la 188-9.] Lilemo tse sekete tseo ho builoeng ka tsona ka Bibeleng li tla tlisa maemo a kang ao u a bonang setšoantšong sena. E le hore re ka tšoanelehela bophelo Paradeiseng, ho hlokahala re fumane tsebo e nepahetseng ka Molimo. Ke kōpa u ntumelle hore ke u bontše hakhutšoanyane hore na re ithuta Bibele joang.”
9 Kabo ea Kingdom News No. 36 e re susumelelitse ho eketsa ho kopanela ha rōna tšebeletsong, e fane ka bopaki bo boholo. Mohlomong sena se tsositse thahasello ea batho ba bangata tšimong eo. Boiteko ba rōna bo kopaneng ba ho hlaolela thahasello ena, ka thuso ea Jehova bo tla fella ka hore re thabele ho fumana batho ba eketsehileng ba kang linku.—Mat. 10:11; Lik. 13:48, 49, 52.