Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/99 leq. 8
  • “Ke Lokela ho Etsa’ng?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Lokela ho Etsa’ng?”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Itokisetsa Mosebetsi oa Boipheliso Joang?
    Tsoha!—1992
  • Batsoali—Le Batlela Bana ba Lōna Bokamoso bo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Bibele ha e Khothalletse Thuto?
    Tsoha!—1998
  • Fumana se Molemohali Sekolong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 4/99 leq. 8

“Ke Lokela ho Etsa’ng?”

1 Joaloka mocha ea atamelang ho ba motho e moholo, u ka ’na ua botsa, ‘Ke lokela ho etsa’ng ka bophelo ba ka?’ Bacha ba Bakreste ba batla ho atolosa tšebeletso ea bona mosebetsing oa Jehova. Empa u ka etsa see joang ha u ntse u jara boikarabelo ba ho ba motho e moholo, bo akarelletsang ho itlhokomela ka litlhoko tsa hao tsa lintho tse bonahalang? Ho fumana karabo ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo.

2 Bacha ba bang ba ka ’na ba tšoenyeha ha ba sheba boemo ba lefatše ba moruo le ponelo-pele ea bokamoso. Baa ipotsa: ‘Na ke lokela ho phehella thuto e eketsehileng ea lefatše? Na ke lokela ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng hang-hang?’ E le hore a tle a etse qeto e nepahetseng, motho o lokela ho araba potso ena ka botšepehi, ‘Ke eng ntho e ka sehloohong eo ke e thahasellang bophelong?’ O tlameha ho hlahloba sepheo sa hae.

3 Ke eng eo u e hlaoletseng e le ntho e ka sehloohong eo u amehileng ka eona bocheng ba hao? Na haholo-holo u thahasella ho batla monyetla oa lichelete, kapa na u hlile u batla ho sebelisa bophelo ba hao ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso? Lengolo la thuto ea univesithi ha le tiisetse motho hore o tla fumana mosebetsi. E le tsela e ’ngoe, ba bangata ba fumane tsebo ea mesebetsi e batlehang ka mananeho a ho sebetsa motho a ntse a ithuta mosebetsi o itseng, thuto e ’ngoe ea mosebetsi oa matsoho kapa ea sekolo sa theknik’hone, kapa lithupelo tse khutšoanyane tsa koleche tse hlokang nako e nyenyane le hore motho a se ke a kopanela ka botlalo ho tsona.

4 Lumela Tšepiso ea Jehova: Taba ea bohlokoahali eo re lokelang ho nahana ka eona ke tiisetso e tsoang ho Jehova Molimo ea hore o tla hlokomela ba behang lithahasello tsa ’Muso pele bophelong. (Mat. 6:33) Ena hase tšepiso ea lefeela. Barab’abo rōna ba bangata ba ileng Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ba bile le mangolo a thuto e phahameng a koleche pele ba ithuta ’nete. Empa ba ne ba etsa’ng mosebetsing oa boipheliso? Ke ba fokolang haholo ba neng ba ntse ba phehella mosebetsi oo ba ithutetseng oona. Ba bangata ba ne ba sebetsa mafapheng a mosebetsi oa ho lokisa lintho, ba hlokomela litlhoko tsa bona tsa lichelete hantle ha ba ntse ba bula maliboho. Ka ho atolosa tšebeletso ea bona, ba fumana mahlohonolo a fetang a chelete hōle.

5 Mabapi le ho etsa qeto ea hore na u lokela ho etsa eng ka mor’a ho qeta sekolong se phahameng qetellong ea selemo, sekaseka maemo ’ohle ’me u hlahlobe sepheo sa hao ka hloko. Bakeng sa ho etsa khetho e itekanetseng, hlahloba boitsebiso bo kang bo hlahileng ho Tsoha! ea March 8, 1998, leqepheng la 26-8. Bua le batsoali ba hao, baholo, molebeli oa heno oa potoloho, le bo-pula-maliboho ba atlehileng sebakeng sa heno. Seo se tla u thusa ho etsa qeto e nepahetseng ka seo u lokelang ho se etsa ka bophelo ba hao.—Moek. 12:1, 13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela