Lenaneo le Lecha la Letsatsi le Khethehileng la Kopano
Lenaneo la letsatsi le khethehileng la kopano ka September 1999 le na le sehlooho sena: “Ho Batlisisa Linthong Tse Tebileng Tsa Molimo.” (1 Bakor. 2:10) Ke lintho life tsa bohlokoa tseo re tla ithuta tsona?
Ka lebaka la ho nyoreloa ha bona tsebo, batho ba bangata ha ba khatholloe ke seo ba se fumanang. Bibele e re fa matla, joalokaha molebeli oa potoloho a tla bontša puong ea hae e nang le sehlooho se reng “Ho Batlisisa Lentsoe la Molimo ho Tlisa Khatholoho.” Sebui sa moeti se tla nyalanya ho batlisisa lintho tse tebileng tsa Molimo le ho bolela litaba tse molemo ha a tšohla potso e reng “U Talima Boboleli ba ’Muso Joang?”
Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho fatisisa Lentsoeng la Molimo? Ho tla fanoa ka litlhahiso tse sebetsang puong e reng “Kenya Lentsoe la Molimo ka Botebo Baneng ba Hao.” Bacha ba Bakreste ba susumetsoa ka tsela e hahang ka ho tloaelana le batho ba hōlileng moeeng ka phuthehong. Mehlala ea hore na seo se ba ama hantle joang e tla totobatsoa karolong e reng “Bacha ba Ithutang ho ba Hōlileng.”
Ke hobane’ng ha re lokela ho batlisisa ka matla letlotlo la moea le patiloeng nakong ee? Jehova ke Mosenoli oa makunutu. Sebui sa moeti se tla hlalosa seo Jehova a se senotseng mehleng ea boholo-holo le mehleng ea kajeno puong e reng “Jehova o Senola Lintho Tse Tebileng ka ho Tsoelang Pele.” Sena se tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho tsoela pele “ho batlisisa linthong tse tebileng tsa Molimo.”
Rera hona joale ho ba teng. Ba lakatsang ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova ka kolobetso ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang hang-hang. Takatso ea rōna e tiileng ea ho fuputsa ka Lentsoeng la Molimo e tla matlafatsoa ke seo re se utloang. Kahoo se ke ua fetoa ke letsatsi lena le khethehileng la taeo ea moea!