Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/01 leq. 3
  • Likopano—Nako ea ho Thaba!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likopano—Nako ea ho Thaba!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Jehova o Phutha Batho ba Hae ba Thabileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na U Ananela Lintho Tse Halalelang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Likopano Tsa Setereke Tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” Tsa 1999
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 10/01 leq. 3

Likopano—Nako ea ho Thaba!

1 Likopano tsa Lipaki tsa Jehova ke liketsahalo tsa thabo e khōlō. Ka lilemo tse fetang lekholo, lipokano tsena li tlatselitse keketsehong e ’nileng ea e-ba teng mokhatlong oa rōna o hlophisitsoeng. Ho tloha qalong e nyenyane, re bone tlhohonolofatso e enneng ea Jehova mosebetsing oa rōna oa lefatše ka bophara. Kopanong ea rōna ea pele mehleng ea kajeno, e neng e tšoaretsoe Chicago, Illinois, ka 1893, ho ile ha kolobetsoa ba 70 ho ba 360 ba neng ba le teng e le pontšo ea hore ba inehetse ho Jehova. Ba bileng teng Likopanong tsohle tsa Setereke tsa “Baphethi ba Lentsoe la Molimo” tsa selemong se fetileng ba bile 9 454 055, ’me ha kolobetsoa ba 129 367. Ke lebaka le babatsehang hakaakang la ho thaba!

2 Ho tloha mehleng ea Bibele, liboka tsa batho ba Molimo li ’nile tsa fana ka monyetla o ikhethang oa ho fana ka taeo e tsoang ho Jehova. Mehleng ea Esdrase le Nehemia, batho ba ne ba mamela ha ho baloa Molao “ho tloha ka meso ho fihlela har’a motšehare.” (Neh. 8:2, 3) Ka lebaka la ho fumana kutloisiso e molemo ea Molao ketsahalong eo, batho ba ile ba “thaba haholo.” (Neh. 8:8, 12) Le rōna re thabela hore ebe likopano li re fa monyetla o motle oa ho amohela taeo e molemo le lijo tsa moea tse tsoang ho Jehova ka “lekhoba le tšepahalang le le masene . . . ka nako e tšoanetseng.” (Mat. 24:45) Kaha Jesu o itse motho o lokela ho phela ka “polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova,” likopano ke tsa bohlokoa haholo bophelong ba rōna bo botle ba moea.—Mat. 4:4.

3 Ho ba Teng ke Habohlokoa Haholo: Re lokela hore kaofela re iketsetse pakane ea ho ba teng lenaneong lohle la Kopano ea Setereke ea selemong sena ea “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo.” Re lokela ho lokisetsa ho fihla esale nako letsatsi ka leng ’me re lule ho fihlela re re “Amen!” thapelong e koalang. E le hore re finyelle sena, ho ka ’na ha hlokahala hore re fetole kemiso ea rōna. Ho ka ’na ha e-ba thata hore re lokolloe mosebetsing bakeng sa ho ba teng kopanong. Ho hlokahala hore re ikemele ka tieo, re se ke ra nka feela hore mohlomong re tla ba lehlohonolo. Haeba re hloka moo re robalang teng le/kapa sepalangoang, re lokela ho lokisetsa esale pele. Boiteko bofe kapa bofe boo re lokelang ho bo etsa e tla ba ba bohlokoa!

4 Batho ba Jehova ha ba lekanyetse litlhohonolofatso tsa ho ba teng kopanong ka liranta le lisente. Hlokomela mehlala ea ba bang ba neng ba ikemiselitse ho ba teng Kopanong ea Machaba ea 1958 ea Lipaki tsa Jehova ea Thato ea Molimo, e neng e tšoaretsoe New York City. Mora e mong oabo rōna o ile a koala khoebo ea hae ea kaho libeke tse peli e le hore a ithaopele ho thusa le ho ba teng kopanong. Mora e mong oabo rōna oa Virgin Islands o ile a rekisa lihekthere tse peli tsa setša sa hae e le hore litho tsohle tse tšeletseng tsa lelapa la hae li ka ba teng. Banyalani ba bang ba bacha ba ile ba rekisa seketsoana sa bona e le hore ba ee kopanong le bana bohle ba bona ba bararo, ho tloha ka oa likhoeli tse peli ho isa ho oa lilemo tse supileng. Bara ba motho ba bararo ba California ba ile ba bolelloa hore haeba ba sa tle mosebetsing, ha ba khutla ba tla fumana mosebetsi o felile. Leha ho le joalo, seo ha sea ka sa etsa hore ba tlohele ho ea kopanong eo e sa lebaleheng.

5 Jehova o Hlohonolofatsa Boiteko ba Rōna bo Tiileng: Jehova o bona boiteko ba batho ba hae ’me oa bo hlohonolofatsa. (Baheb. 6:10) Ka mohlala, Kopanong ea 1950 ea Keketseho ea Puso ea Molimo, ba neng ba le teng ba ile ba mamela puo ea bohlokoa e reng “Litsamaiso Tse Ncha Tsa Lintho.” Mor’abo rōna Frederick Franz o ile a tsosa thahasello ea bohle le ho e eketsa ha a botsa: “Na bohle ba leng moo kopanong ee ea machaba mantsiboeeng a kajeno, ba ka thabela ho tseba hore har’a rōna ho na le bao e tlang ho ba mahosana lefatšeng le lecha?” Ka mor’a lilemo tse fetang 50 hamorao, re ntse re thabela kutloisiso ena e hlakisitsoeng ea Pesaleme ea 45:16.

6 Ka mor’a ho ba teng kopanong ea setereke ea selemong se fetileng, hlooho ea lelapa e ananelang e ile ea ngola se latelang: “Barab’eso, ha le tsebe hore na kopano ena e pholositse bophelo hakae. Lelapa la ka le ile la fallela motseng o mong ka lebaka la mosebetsi, athe re tla iphumana re hula ka thata moeeng. . . . Re ne re hlokomolohile boikarabelo ba rōna ba Bokreste. Re ne re bile re khaolitse ho ea libokeng le ho kopanela tšebeletsong. . . . Kopano ena e re tsosolositse, ’me re boetse re ipehela lipakane tsa moea re bile re itokisetsa ho li finyella.”

7 Jehova o re fa lijo tsa moea tseo re li hlokang. O teka tafole ea lijo tsa moea tse enneng likopanong tsa rōna. Kananelo ea rōna bakeng sa tokisetso ena e lokela ho re nolofalletsa ho bua seo Korneliase a ileng a se bua ha a ne a etetsoe ke moapostola Petrose, a re: “Nakong ena kaofela re teng ka pel’a Molimo ho utloa lintho tsohle tseo Jehova a u laetseng hore u li bue.” (Lik. 10:33) A re iketsetseng pakane ea ho ba “teng ka pel’a Molimo” karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lenaneo la Kopano ea Setereke ea selemo sena ea “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo,” ’me re thabe!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela