Na U Ananela Lintho Tse Halalelang?
1 Haeba re botsoa hore na re ananela lintho tse halalelang, mohlomong ka potlako re ne re tla arabela ka ho re e! Tse ling tsa litokisetso tse halalelang tsa Molimo tseo re li ananelang ke life?
2 Re nka kamano ea botho eo re lumelloang ho ba le eona le Ntate oa rōna oa leholimo e le ea bohlokoa hakaakang! O re tiisetsa hore ha re ‘atamela ho eena, o tla re atamela.’ (Jak. 4:8) Ka ntle ho sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste, ha ho motho ea neng a ka fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 3:16) Ka lebaka la ho leboha ka tieo, letsatsi le leng le le leng ka thapelo re bolela kananelo ea rōna e tebileng bakeng sa mpho ena ea bohlokoa ea Molimo.
3 Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, Bibele e Halalelang, le lona lea halalela ho rōna, joalokaha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng o halalela. Re bontša kananelo e loketseng litokisetsong tsena tse tsoang ho Jehova ha re phela ka melao-motheo ea Bibele, re matlafatsa litlamo tsa lerato la bara ba motho, ka hloko re mamela taolo ea puso ea Molimo le ho sebelisana le ba etellang pele.—1 Pet. 1:22.
4 Ka lekhoba le tšepahalang le le masene, re fumana lijo tse ngata tsa moea. Sena e tla ba ’nete selemong sena Kopanong ea Setereke ea “Baphethi ba Lentsoe la Molimo.” Ha re le moo re tla fumana taeo ea bohlokoa le ho thabela botsoalle bo mofuthu boo re bo hlokang ka potlako. Re ka bontša kananelo e tlohang botebong ba pelo joang bakeng sa tokisetso ee e halalelang?
5 Le se ke la Hlokomoloha Ntlo ea Jehova: Nehemia o ile a eletsa ba neng ba sebelitse ka thata ho tsosolosa marako a Jerusalema hore ba ‘se ke ba hlokomoloha ntlo ea Molimo oa bona.’ (Neh. 10:39) Kajeno, “ntlo” ea Jehova ke tokisetso ea hae ea borapeli. Likopano tsa rōna tsa setereke ke karolo ea tokisetso eo. Hore re se hlokomolohe tokisetso ena, re tlameha hore re be teng ’me re mamelisise, re bontše Jehova hore re nka litokisetso tsa hae e le tsa bohlokoa haholo. (Baheb. 10:24, 25) Re lokela ho etsa litokisetso life hona joale ho bontša hore re ananela ketsahalo ee e halalelang ka botlalo?
6 E-ba Teng Matsatsi a Mararo Kaofela: E mong le e mong oa rōna o lokela ho lokisetsa ho ba teng ka matsatsi a mararo kaofela a kopano ena. Na u rera ho fihla esale hoseng letsatsi le leng le le leng ’me u lule ho fihlela thapelong ea ho qetela ka Sontaha? Haeba ho joalo, litlhohonolofatso tse enneng li u letetse. Ho ba teng kopanong hase kamehla ho tlang ho ba bonolo. Hore u etse liphetoho mosebetsing oa hao oa boipheliso ho ka ’na ha u hloka hore u eme u tiile. Ho ka ’na ha etsahala hore lipalangoang li se ke tsa fumaneha habonolo kamehla. Empa u se ke ua lumella lintho tsena ho u nyahamisa hore u se ke ua ba teng kopanong.
7 Nahana ka Mohlala Ona o Babatsehang: Ha se le tseleng ho ea kopanong ea setereke selemong se fetileng, sehlopha sa barab’abo rōna naheng e ’ngoe ea Afrika, moo ho nang le ntoa ea lehae, se ile sa kopana le sehlopha sa masole. Barab’abo rōna ba ile ba botsoa: “Le bo-mang, hona le ea hokae?” Ba araba: “Re Lipaki tsa Jehova, ’me re tseleng ho ea kopanong ea setereke.” Le leng la masole le ile la re: “Lōna Lipaki tsa Jehova ha ho ntho eo le e tšabang. Tsamaeang, le tla khona ho tšoara kopano eo ea lōna ntle ho bothata ba letho. Leha ho le joalo, le hlokomele hore le tla kopana le masole a mangata. Ka linako tsohle le tsamaee bohareng ba tsela! Haeba le bona batho ba bangata ba bokane, tsoelang pele le tsamaea bohareng ba tsela!” Ba ile ba etsa joalo ’me ba fihla kopanong ba sireletsehile. Bara bana babo rōna ba ile ba putsoa hobane ba ile ba bontša kananelo bakeng sa lintho tse halalelang.
8 Joaloka bara bana babo rōna ba Afrika, le rōna re tobane le liphephetso. Empa ha ho pelaelo hore re ka etsisa tumelo ea bona ’me ra etsa qeto ea ho ba teng mananeong ’ohle a kopano ea rōna ea setereke. Haeba ho hlokahala liphetoho, itšetlehe ka Jehova hore a u tataise, u tseba hore o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho ba teng lenaneong lohle.
9 Kotula Litlhohonolofatso: Re labalabela Lentsoe la Molimo, re tseba hore ka lona re ka hōlela polokong. (1 Pet. 2:2) Ho ba teng kopanong ea setereke le ho mamela lenaneo ho tla thusa e mong le e mong oa rōna ho haha tumelo e matla haholoanyane Lentsoeng leo ’me kahoo re khone ho mamella litlhaselo tsa Satane. Ka ho etsa joalo, re tla bontša Jehova le bohle ba shebeletseng hore re ananela lintho tse halalelang ka botlalo le hore “ha re mofuta o ikhulang . . . empa re mofuta o nang le tumelo hore soule e bolokoe.”—Baheb. 10:39; 12:16; Liprov. 27:11.
10 Re ka lebella hore Jehova Molimo a bule liphororo tsa leholimo ’me a re tšollele litlhohonolofatso tse ngata tsa moea. (Mal. 3:10) Iketsetse pakane ea ho ba Kopanong ea Setereke ea “Baphethi ba Lentsoe la Molimo” ho tloha ha lenaneo le buloa feela ka Labohlano hoseng ho isa thapelong e koalang ’me re re “Amen!” ka Sontaha thapama. U tla thaba hore ebe u ile ua etsa joalo!