Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Feb. 15
“Na u kile ua ipotsa hore na ke joang u ka phelang hamolemo le ho etsa liqeto tse khōlō? [Emela karabelo.] Tataiso e ’ngoe e molemohali, e kang Molao oa Khauta, e fumanoa ka Bibeleng. [Bala Matheu 7:12.] Ke melao-motheo efe e meng ea bomolimo eo ka ho toba e ka re ruisang molemo? U tla fumana karabo makasineng ena.”
Molula-Qhooa Mar. 1
“Ka lebaka la sohle se etsahalang kajeno, bongata ba rōna rea ipotsa hore na bokamoso bo tla ba joang. Thapelong e tsebahalang, Jesu Kreste o ile a senola lebaka leo ka lona re ka talimang bokamoso ka kholiseho. [Bala Matheu 6:9, 10.] Moloko oa batho o pheta liphoso tse kileng tsa etsoa khale. Empa mehleng eo, ba neng ba sebeletsa Molimo ba bile le bokamoso bo thabisang. Makasine ena e bontša kamoo le rōna re ka bang le bona.”
Tsoha! March 8
“E ka ’na eaba u hlokometse hore libaka tse ngata tsa mosebetsi li se li le kotsi haholoanyane. Makasine ena e na le litlhahiso tse molemo tsa kamoo li ka etsoang tse sireletsehileng haholoanyane. E boetse e bontša hore bophelo ba rōna bo botle bo itšetlehile ka hore re be le pono e leka-lekaneng ka mosebetsi oa boipheliso. Ke kōpa hore u e bale.”
Nehelano e ’ngoe: “Bibele e hatisa bohlokoa ba thuto e molemo. [Bala Liproverbia 2:10, 11.] Bongata ba rōna re elelloa hore na ke habohlokoa hakae hore bana ba be le mesuoe e tšoanelehang. Tsoha! e totobatsa karolo ea bohlokoa ea matichere, kamoo re lokelang ho ananela boitelo ba ’ona, le hore na batsoali ba ka etsa eng ho a thusa bothateng ba ’ona bo boima.”