Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/03 leq. 5
  • Thuso ka Nako e Loketseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso ka Nako e Loketseng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le se ke la Lebala ba sa Kopaneleng Tšebeletsong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • “Khutlelang ho ’Na”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Ba Thuseng Hore ba Khutle Kapele!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 2/03 leq. 5

Thuso ka Nako e Loketseng

1 Ha moapostola Petrose a hlokomela hore balumeli-’moho le eena ba hloka ho matlafatsoa, ho ameha ka bona ho ile ha mo susumelletsa ho ba fa likhopotso le khothatsa e lerato. (2 Pet. 1:12, 13; 3:1) O ile a khothalletsa “ba fumaneng tumelo” hore ba tsoele pele ba hlaolela litšoaneleho tsa moea e le hore e se ke ea e-ba “ba sa sebetseng kapa ba sa beheng mabapi le tsebo e nepahetseng ea Morena oa rōna Jesu Kreste.” (2 Pet. 1:1, 5-8) Morero oa Petrose e ne e le ho ba thusa ho tiisa ho bitsoa le ho khethoa ha bona ke Jehova, e le hore ‘qetellong a ba fumane ba se na letheba ebile ba se na sekoli ’me ba le khotsong.’ (2 Pet. 1:10, 11; 3:14) Ho ba bangata, khothatso ea hae e ipakile ho ba thuso ka nako e loketseng.

2 Kajeno, balebeli ba Bakreste ba amehile ka tsela e tšoanang ka batho ba Molimo. ‘Linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ bahlanka ba Jehova ba bangata ba tlameha ho mamella maemo a thata. (2 Tim. 3:1) Ka lebaka la mathata a tsoelang pele a lichelete, a lelapa kapa a botho, ba bang ba ka ’na ba ikutloa joaloka Davida ea ileng a re: “Litlokotsi li ile tsa mpota-pota ho fihlela li se na palo. Liphoso tsa ka tse ngata li ile tsa mphihlela ho feta kamoo ke neng nka khona ho bona; li bile ngata haholo ho feta moriri oa hlooho ea ka, pelo ea ka ea ntlohela.” (Pes. 40:12) Likhatello tsena li ka ba boima haholo hoo ba ka hlokomolohang boikarabelo ba bohlokoa haholo ba moea ’me ba khaotsa ho ba mafolofolo tšebeletsong ea Bokreste. Leha ho le joalo, ‘ha baa lebala litaelo tsa Jehova’ ho sa tsotellehe mathata a bona. (Pes. 119:176) Joale ke nako e loketseng ea hore baholo ba ba fe thuso eo ba e hlokang.—Esa. 32:1, 2.

3 E le ho khotsofatsa tlhoko ena, baholo ba ile ba khothalletsoa ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho thusa bao hona joale ba sa kopaneleng mosebetsing oa boboleli. Ho qala ka khoeli e tlang ho tla etsoa boiteko bo matla ba ho finyella sena ’me bo tla tsoela pele ho fihlela khoeling ea May. Balebeli ba thuto ea buka ba kōpiloe hore ba etele ba sa kopaneleng tšebeletsong ho ba thusa moeeng ka sepheo sa ho ba thusa ho tsosolosa tšebeletso ea bona ka phuthehong. Moo ho hlokahalang, ho ka lokisetsoa thuto ea Bibele. Bahoeletsi ba bang ba ka ’na ba kōptjoa ho thusa. Haeba u kōpuoa, boiteko ba hao e ka ba thuso e khōlō haholo-holo haeba u fana ka khothatso ka tsela e mosa le e nang le kutloisiso.

4 Ho na le lebaka la hore bohle ba thabe ha e mong a tsosolosa ho sebetsa le phutheho. (Luka 15:6) Ka sebele, boiteko ba rōna ba ho khothatsa ba sa kopaneleng tšebeletsong bo ka ’na ba fella e le “lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng.”—Liprov. 25:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela