Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/03 leq. 8
  • Ke Eng eo U e Etelletsang Pele Bophelong ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng eo U e Etelletsang Pele Bophelong ba Hao?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Tšebeletso ea Bokreste—Ke Mosebetsi oa Rōna o ka Sehloohong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • “U Lule U Lebetse Bosebeletsi Boo U Ileng Ua bo Amohela Moreneng”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ntho e ka Sehloohong Bophelong ba Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 2/03 leq. 8

Ke Eng eo U e Etelletsang Pele Bophelong ba Hao?

1 Mekhatlo e mengata ea bolumeli e hatella taba ea ho etsa mesebetsi e thusang bahloki, e kang ho haha likolo kapa litleleniki. Leha ho le joalo, le hoja Lipaki Tsa Jehova li sa lebale “ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang,” li etelletsa pele taba ea ho thusa batho moeeng.—Baheb. 13:16.

2 Mohlala oa Lekholong la Pele la Lilemo: Jesu o ile a etsa lintho tse ngata tse molemo tšebeletsong ea hae ea lefatšeng, empa mosebetsi oa hae o neng o le ka sehloohong e ne e le oa ho pakela ’nete. (Luka 4:43; Joh. 18:37; Lik. 10:38) O ile a laela balateli ba hae hore ba ‘ee ’me ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, ba ba rute.’ (Mat. 28:19, 20) Hape o ile a bontša hore ba bontšang tumelo ho eena ba ne ba tla phetha ka tsela e pharaletseng haholoanyane mosebetsi ona oo a o qalileng. (Joh. 14:12) Jesu o ile a etelletsa pele mosebetsi oa ho bolela kaha o thusa batho ho tseba tsela eo ba ka pholohang ka eona.—Joh. 17:3.

3 Moapostola Pauluse o ile a nka mosebetsi oa hae oa boboleli e le ‘tlamo,’ ntho eo a ke keng a iphapanyetsa eona. (1 Bakor. 9:16, 17) O ne a ikemiselitse ho itela ka tsela leha e le efe, ho mamella teko leha e le efe kapa ho hlokofatsoa ke mathata leha e le afe molemong oa ho phetha tšebeletso ea hae. (Lik. 20:22-24) Moapostola Petrose le metsoalle ea hae ba ile ba bonahatsa moea o tšoanang. Esita leha ba tobane le ho koalloa chankaneng le ho otloa, ba ile “ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.”—Lik. 5:40-42.

4 Ho thoe’ng ka rōna? Na re etelletsa pele mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa? Na re na le thahasello ea sebele e kang ea Jesu bathong ba ‘neng ba sohlokehile ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa?’ (Mat. 9:36) Liketsahalo tsa kajeno tsa lefatše le boprofeta ba Bibele li bontša ka ho hlaka hore tsamaiso ena e khopo e haufi le ho fela! Ho nka mosebetsi oa ho bolela e le oa bohlokoa ho tla re susumelletsa ho tsoela pele re bolela ka cheseho.

5 Hlahlobisisa Maemo a Hao: Kaha maemo a motho a lula a fetoha, ho hotle hore nako le nako re itlhahlobe ho bona hore na re ke keng ra etsa liphetoho tse itseng e le hore re kopanele haholoanyane mosebetsing oa boboleli. Morali’abo rōna e mong e ne e kile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla lilemong tsa bo-1950 ho fihlela ka bo-1970, empa o ile a tlameha ho khaotsa ka lebaka la ho kula. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta bophelo ba hae bo ile ba ntlafala. Haufinyane tjena o sa tsoa hlahloba maemo a hae bocha ’me a etsa qeto ea ho bula maliboho hape. O ile a thaba hakaakang ha a e-ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho a le lilemo li 90! Uena? Na u haufi le ho tlohela mosebetsi kapa ho qeta sekolong? Na ha maemo a hao a fetoha u ka khona ho bula maliboho?

6 Ha Jesu a lemoha hore Maretha o ne “a sitisoa ke ho hlokomela mesebetsi e mengata,” o ile a mo bolella ka mosa hore o tla fumana litlhohonolofatso tse khōloanyane haeba a ka nolofatsa lintho. (Luka 10:40-42) Na u ka nolofatsa tsela eo u phelang ka eona? Na ho hlile hoa hlokahala hore monna le mosali ba sebetse? Haeba ho etsoa liphetoho tse itseng, na lelapa le ka phela ka moputso oa a le mong? Ba bangata ba ruile molemo moeeng ka ho etsa liphetoho e le hore ba ka kopanela haholoanyane tšebeletsong.

7 E se e ka bohle re ka latela mohlala o behiloeng ke Jesu le baapostola! Re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re etsa boiteko ba sebele ba ho kopanela ka ho feletseng mosebetsing oa bohlokoa oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—Luka 9:57-62.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela