Ntho e ka Sehloohong Bophelong ba Rōna
1. Jesu o ile a bontša joang hore tšebeletso ke ea bohlokoa haholo ho eena?
1 Tšebeletso e ne e le ntho e ka sehloohong bophelong ba Jesu. O ne a sebetsa ka thata, a tsamaea lik’hilomithara tse ngata naheng eohle ea Palestina a bolella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang litaba tse molemo. O ne a phela bophelo bo itekanetseng e le hore a qete nako e ngata tšebeletsong le hore a tšoarehe haholo ka eona. (Mat. 8:20) Ha matšoele a leka ho mo thiba hore a se ke a tsamaea e le hore a ka phekola bakuli ba ’ona, o ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.”—Luka 4:43.
2. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a nka tšebeletso e le ea bohlokoa hakaale?
2 Ke hobane’ng ha Jesu a ne a nka tšebeletso e le ea bohlokoa hakaale? O ne a amehile haholo ka ho halaletsa lebitso la Jehova. (Mat. 6:9) Kaha o ne a rata Ntate oa hae ea leholimong, o ne a rata ho phetha thato ea Hae le ho mamela litaelo tsohle tsa hae. (Joh. 14:31) Ho phaella moo, o ne a tsotella batho ho tsoa pelong a bile a batla ho ba thusa.—Mat. 9:36, 37.
3. Re ka bontša joang hore tšebeletso ke eona ntho e ka sehloohong bophelong ba rōna?
3 Etsisa Jesu: Ho ka ba thata hore joaloka Jesu, ntho e ka sehloohong eo re lulang re amehile ka eona e be tšebeletso, hobane lefatšeng lena ho na le lintho tse ngata tse re jellang nako le tse re sitisang. (Mat. 24:37-39; Luka 21:34) Ka lebaka leo, re lokela ho nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo, re behelle ka thōko nako ea ho lokisetsa mosebetsi oa ho bolela le ea ho kopanela ho oona kamehla. (Bafil. 1:10) Re loanela ho phela ka tsela e itekanetseng ’me re qoba ho sebelisa lefatše ka botlalo.—1 Bakor. 7:31.
4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho lula re eteletsa pele lintho tsa bohlokoa hona joale?
4 Motho ea bohlale o hlophisa lintho hantle ha nako e se e lekane motinyane. Ka mohlala, haeba a bona sefefo se tšabehang se tla, o tela nako ea hae ebile oa ithukhubetsa e le hore a lokisetse lelapa la hae hore le sireletsehe ebile o lemosa baahelani. O qhelela lintho tseo eseng tsa bohlokoa ka thōko. Nako e setseng pele sefefo sa Armagedone se fihla e fokotsehile. (Sof. 1:14-16; 1 Bakor. 7:29) E le hore re ipholose ’me re pholose le ba re mamelang, re lokela ho ikela hloko kamehla ’me re ele hloko le ho ruta ha rōna, ebang re ruta ka phuthehong kapa ka ntle ho phutheho. (1 Tim. 4:16) Ka sebele, hore re pholohe re lokela ho nka tšebeletso ea rōna e le ntho e ka sehloohong bophelong ba rōna!