Kamoo ’Nete e re Lokollang Kateng
1 Ka nako e ’ngoe, Jesu o ile a re ho Bajuda ba neng ba lumetse ho eena: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Joh. 8:32) O ne a bua ka tokoloho e fetang bolokolohi feela tjee ba sechaba, tokoloho e ka fumanoang ke bohle—ba ruileng kapa ba futsanehileng, ba rutehileng kapa ba sa rutehang. Jesu o ile a ruta ’nete e neng e tla lokolla batho bokhobeng ba sebe le lefu. Joalokaha Jesu a hlalositse, “moetsi e mong le e mong oa sebe ke lekhoba la sebe.” (Joh. 8:34) Re labalabela hakaakang nako eo ka eona batho bohle ba mamelang ba “tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me [ba] be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo”!—Bar. 8:21.
2 ’Nete e mabapi le Jesu le karolo ea hae phethahatsong ea morero oa Molimo e tlisa tokoloho e joalo. E akarelletsa tsebo ka sehlabelo sa thekollo seo a faneng ka sona molemong oa rōna. (Bar. 3:24) Esita le hona joale, ho amohela ’nete ea Bibele le ho ikokobelletsa eona ho re nolofalletsa ho thabela tokoloho e itseng tšabong, ho felloeng ke tšepo le mekhoeng e meng e kotsi.
3 Tokoloho Tšabong le ho Felloeng ke Tšepo: Ha ho hlokahale hore re felloe ke tšepo ka lebaka la maemo a lefatše hobane re utloisisa lebaka leo ka lona ho nang le bokhopo ’me rea tseba hore haufinyane bo tla felisoa lefatšeng. (Pes. 37:10, 11; 2 Tim. 3:1; Tšen. 12:12) Ho feta moo, ’nete e re lokolla lithutong tsa bohata tse mabapi le boemo ba bafu. Rea tseba hore bafu ba ke ke ba re ntša kotsi, hore ha ba hlokofatsoe ka ho sa feleng le hore Molimo ha a ba nke hore ba e’o ba le eena sebakeng sa moea.—Moek. 9:5; Lik. 24:15.
4 ’Nete eo e ile ea matlafatsa ntate le ’mè e mong ha ngoana oa bona a e-shoa kotsing. ’Mè eo o ile a re: “Bophelong ba rōna ho na le sekheo se ke keng sa koaleha ho fihlela re bona mora oa rōna hape ha a tsoha. Empa rea tseba hore bohloko ba rōna ke ba nakoana.”
5 Ho Lokoloha Mekhoeng e Kotsi: ’Nete ea Bibele e ka fetola mehopolo ea motho le botho ba hae, e leng ho tla fella ka ho lokoloha mathateng a ka qojoang. (Baef. 4:20-24) Ho tšepahala le ho khothala ho ka thusa ho fokotsa bofutsana. (Liprov. 13:4) Ho ba le lerato la boitelo ho ntlafatsa likamano tsa motho le ba bang. (Bakol. 3:13, 14) Ho hlompha bohlooho ba Bokreste ho fokotsa mathata a lelapa. (Baef. 5:33–6:1) Ho qoba botahoa, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, koae le lithethefatsi tse lemalloang ho tlatsetsa bophelong bo botle.—Liprov. 7:21-23; 23:29, 30; 2 Bakor. 7:1.
6 Mohlankana e mong o ne a hlōleha ho tlohela lithethefatsi tseo a neng a li lemaletse ka lilemo tse robong. Ka letsatsi le leng o ile a kopana le mohoeletsi e mong a ntse a paka seterateng. O ile a amohela lingoliloeng, ’me ha etsoa litokisetso tsa ho mo etela lapeng labo. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Ka mor’a likhoeli tse peli mohlankana enoa o ile a khaotsa ka ho feletseng ho sebelisa lithethefatsi, ’me ka mor’a likhoeli tse robeli a ithuta, a kolobetsoa. Ha moholoane oa hae le mosali oa hae ba bona a tlohela bokhoba ba hae sena se ile sa ba susumelletsa ho qalisa ho ithuta Bibele.
7 Thusa ba Bang ho Fumana Tokoloho: Batho bao e bileng makhoba a lithuto tsa bohata ka nako e telele ba ka ’na ba thatafalloa ho utloisisa tokoloho e fanoang ke Lentsoe la Molimo. Ho finyella lipelo tsa bona ho ka ’na ha hloka hore mosuoe a etse boiteko bo khethehileng ’me a lokisetse hantle. (2 Tim. 4:2, 5) Ena hase nako ea ho khoehlisa mosebetsing oa rōna oa ‘ho phatlalatsa tokoloho ho ba isitsoeng kholehong.’ (Esa. 61:1) Tokoloho ea Bokreste ke ea bohlokoa. Ho e fumana ho bolela bophelo bo sa feleng.—1 Tim. 4:16.