Nako ea Penshene—Na ke Monyako o Isang Tšebetsong e Eketsehileng?
1 Batho ba bangata ba sebetsang ka matla ba labalabela ho ea pensheneng hobane ba tseba hore ba tla imoloha mathateng le khatellong ea mosebetsi oa boipheliso. Leha ho le joalo, hangata, nako ea penshene e baka ho nyahama, ho jeoa ke bolutu le ho tsofala kapele. Ho hloka mosebetsi o nang le morero ho etsa hore motho a tšoenyehe haholo kelellong. Koranta e ’ngoe ea Brazil e tlalehile hore basebetsi ba sechaba ba pensheneng ba ba le mathata a sa tšoaneng ho qala ka ‘ho se khotsofale, ho ba pelo e khutšoaane, ho ikutloa ba sa sireletseha ba bile ba se na thuso ho isa ho ho tepella le ho nka bophelo ba bona bo se na morero.’
2 Ho fapana le moo, Bakreste ba bangata ba nka boemo bona bo bocha bophelong ba bona e le monyako o isang tšebetsong ea moea e eketsehileng. Mor’abo rōna e mong ea ileng a qala ho bula maliboho libeke tse peli ka mor’a hore a be lilemo tse 65 o re: “Ha ho mohla bophelong ba ka nkileng ka latsoa mahlohonolo a mangata joaloka lilemong tse leshome tseo ke li qetileng ke le pula-maliboho.” Banyalani ba bang ba ile ba ngola ba re: “Bophelo ba rōna bo bile le morero o moholo ka ho fetisisa ha re qala ho bula maliboho.” Ka sebele, ho ba bangata, nako ea penshene e fana ka monyetla o molemo ka ho fetisisa oa ho eketsa tšebeletso ea bona le ho rua mahlohonolo a enneng a tsoang ho Jehova.
3 Phathahanang Tšebeletsong ’Me le Behe Litholoana: Ba bangata ba pensheneng hona joale, ba hōtse ho se na lisebelisoa tse ngata tse mabothobotho tse atileng kajeno ’me ba ithutile ho sebetsa ka thata ho tloha bonyenyaneng. Le hoja mohlomong ba se ba ba se na matla a bocha, e sa ntse e le basebeletsi ba nang le bokhoni. Tšimong ea lekala le leng, ho na le bo-pula-maliboho ba etsang karolo ea 22 lekholong—e leng bara le barali babo rōna ba 20 000—bao bonyane ba seng ba le lilemo tse 60. Bana ba hōlileng ba tlatsetsa ka tsela e khōlō mosebetsing oa boboleli. Phihlelo ea bona le litšoaneleho tsa bona tsa bomolimo li ruisa liphutheho tseo ba sebeletsang ho tsona.—Jak. 3:17, 18.
4 Ho phathahana tšebeletsong ea Bokreste ho ntlafatsa bophelo. Morali’abo rōna e mong ea qalileng ho bula maliboho a le lilemo li 84 ha a e-ea pensheneng o itse: “Ho ithuta Bibele le batho ba bangata ba thahasellang ho nthusitse hore ke lule ke hlaphohetsoe kelellong. Ha ke na koloi, kahoo ke tloaetse ho tsamaea haholo. Seo se etsa hore ke lule ke phetse hantle ’meleng.” Banyalani ba bang ba hōlileng ba bulang maliboho ba re: “Tšebeletso e re boloka re phetse hantle ’meleng le kelellong. Re lula re le hammoho kamehla. Re lula re tšeha ’me re thabela bophelo.”
5 Ho Sebeletsa Moo ho Nang le Tlhokahalo: Maemo a lichelete a Bakreste ba bang ba seng ba le pensheneng a ba lumella ho fallela moo ho nang le tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso. Ba bang ba atolositse tšebeletso ea bona ka ho sebeletsa tšimong eo batho ba buang puo e ’ngoe. Joaloka moapostola Pauluse, baboleli bana ba chesehang ba “etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore [ba ka] li arolelana le ba bang.”—1 Bakor. 9:23.
6 Banyalani ba bang ba ile ba qala ho bula maliboho ha bara ba bona ba babeli ba se ba hōlile. Ka mor’a lilemo tse ’maloa e le bo-pula-maliboho, ba ile ba qala ho ithuta Sechaena. Hona joale ba se ba fetile lilemo tse 70, ’me morao tjena ba ile ba thaba ha ba bona sehlopha sa Sechaena seo ba neng ba sebetsa le sona se fetoha phutheho. Batho ba kang baa ba ipakile e le tlhohonolofatso e kaakang!
7 Nako ea Penshene ha e Bolele ho Tlohela Tšebeletso: Le hoja qetellong batho ba bangata ba tlohela mosebetsi ka lebaka la penshene, nako ea penshene ha e bolele hore Mokreste o lokela ho tlohela tšebeletso ea Molimo. Kaofela re lokela ho tšepahala “ho isa bofelong.” (Mat. 24:13, 14) Ke ’nete hore ka lebaka la botsofali, ba bang ha ba sa khona ho sebetsa kamoo ba neng ba khona ho sebetsa kateng pele tšebeletsong ea Jehova. Empa ho khothatsa hakaakang ho ba bona ba etsa sohle seo ba khonang ho se etsa ka pelo eohle! Lentsoe la Molimo le ba tiisetsa hore Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oa bona le lerato leo ba ileng ba le bontša bakeng sa lebitso la hae.—Luka 21:1-4; Baheb. 6:10.
8 Haeba u se u le haufi le ho ea pensheneng, ke hobane’ng ha u sa nahanisise ka thapelo kamoo u ka sebelisang ka botlalo maemo a hao a fetohang? Ka thuso ea Molimo, mohlomong u ka elelloa hore nako ea penshene e u bulela monyako o isang tšebetsong e eketsehileng, e isang thoriso ho Jehova le e fanang ka mahlohonolo a mangata.—Pes. 148:12, 13.