Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/03 leq. 3
  • Lebokose La Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose La Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Baboleli ba Molaetsa oa ’Muso oa Molimo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Ho Thusa ba Bang ho Rapela Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Kemiso ea Lelapa—Thuto ea Lelapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 11/03 leq. 3

Lebokose La Lipotso

◼ Na thuto ea lelapa ea Bibele e lokela ho tlalehoa phuthehong?

Haeba motsoali oa Mokreste a tšoara thuto ea lelapa ea Bibele ’me ho e-na le bana ba sa kolobetsoang, ka kakaretso motsoali eo a ka ’na a tlaleha hora e le ’ngoe ka beke, leeto le le leng la ho boela ka beke le thuto e le ’ngoe ea lehae ea Bibele ka khoeli. O tla etsa sena le haeba thuto e nka nako e fetang hora, e tšoaroa ka makhetlo a fetang le le leng ka beke, kapa a khannela ngoana e mong le e mong thuto ea hae.—Bona buka ea Tšebeletso ea Rōna, leq. 104.

Haeba bohle ka lapeng e le Lipaki tse kolobelitsoeng, nako le thuto ka boeona ha lia lokela ho tlalehoa e le tsa tšebeletso ea tšimo (ntle le haeba ke hona ngoana a ntseng a ithuta buka ea bobeli empa a se a kolobelitsoe). Lebaka la sena ke hobane morero o ka sehloohong oa tlaleho ea phutheho ea tšebeletso ea tšimo ke ho bonahatsa se finyelloang boboleling ba litaba tse molemo le ho ruteng ’nete ea Bibele ho bao e e-song ho be bahlanka ba Jehova ba inehetseng le ba kolobelitsoeng. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Leha ho le joalo, sena ha se fokotse ka tsela leha e le efe bohlokoa ba ho tšoara thuto e joalo kamehla.

Ke boikarabelo ba batsoali ba Bakreste ho ithuta le bana ba bona. Ba hlokang ho thusoa ho qalisa thuto le litho tsa malapa a bona kapa ho e ntlafatsa ba ka ’na ba kōpa baholo hore ba ba thuse. Haeba maemo a etsa hore ho be bohlale hore mohoeletsi e mong a tšoare thuto ea Bibele le mora kapa morali ea sa kolobetsoang ea tsoang lapeng la Bokreste le kopanelang le phutheho eo, ho lokela hore ho buisanoe le molebeli ea okamelang kapa molebeli oa tšebeletso. Haeba ba lumela, ea tšoarang thuto a ka ’na a e tlaleha feela joalokaha a tlaleha thuto leha e le efe e ’ngoe ea Bibele.

Ho koetlisa bana ka litsela tsa Jehova ho hloka nako le boiteko bo fetang bo hlahang tlalehong ea tšebeletso ea tšimo. (Deut. 6:6-9; Liprov. 22:6) Batsoali ba Bakreste ba lokela ho babatsoa ka ho jara boikarabelo ba bona bo matla ba ho hōlisa bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baef. 6:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela