Lemohang Hore Metsotso e Jele Babeli!
1 Jesu o ne a tseba hore nako eo a neng a e-na le eona mona lefatšeng ea ho phetha mosebetsi oa Ntate oa hae e ne e lekanyelitsoe. (Joh. 9:4) Kahoo, o ile a phetha tšebeletso ea hae a lemoha hore metsotso e jele babeli, ’me a koetlisa barutuoa ba hae hore ba etse se tšoanang. (Luka 4:42-44; 8:1; 10:2-4) O ne a sa etelletse bophelo ba boiketlo pele. (Mat. 8:20) Kahoo, a khona ho qeta mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona hore a o etse.—Joh. 17:4.
2 Nako e Lekanyelitsoeng: Nako ea ho bolela litaba tse molemo “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona” le eona e lekanyelitsoe. (Mat. 24:14) Boprofeta ba Bibele bo bontša hore re phela hare-hare nakong ea bofelo. Haufinyane “ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu . . . ba tla feta kotlong ea boahloli ea timetso e sa feleng.” (2 Bathes. 1:6-9) Kahlolo eo e tla fihla ka tšohanyetso. (Luka 21:34, 35; 1 Bathes. 5:2, 3) Batho ba lokela ho falimehela boemo ba bona bo kotsi. Ke boikarabelo ba rōna ho ba thusa ho batla mohau oa Jehova nako e sa le teng.—Sof. 2:2, 3.
3 Ho Etsa Sohle Seo re se Khonang: Bahlanka ba Molimo ba etelletsa pele mosebetsi oa boboleli kaha baa lemoha hore “nako e setseng e fokotsehile.” (1 Bakor. 7:29-31; Mat. 6:33) Ba bang ba tlohetse menyetla ea ho rua kapa lipakane tse itseng e le hore ba ka eketsa karolo ea bona tšebeletsong. (Mar. 10:29, 30) Ba bang ba tsoela pele ‘ho ba le ho hongata hoo ba ho etsang mosebetsing oa Morena’ ho sa tsotellehe liteko tse sa khaotseng. (1 Bakor. 15:58) Ka lilemo tse mashome ba bangata ba ’nile ba bolela litaba tse molemo phatlalatsa ba sa thekesele. (Baheb. 10:23) Jehova o ananela haholo boitelo bo joalo bo etsoang ho tšehetsa lintho tse amanang le ’Muso.—Baheb. 6:10.
4 Ho etsa hore bophelo ba rōna bo likolohe borapeling ba Jehova, bo akarelletsang mosebetsi oa boboleli, ho re thusa ho lula re hopola letsatsi la Jehova. Ho re sireletsa ho khelosoeng ke lefatše la Satane ’me ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re hloekile boitšoarong. (2 Pet. 3:11-14) Ka sebele, ho phetha tšebeletso ea rōna re lemoha hore metsotso e jele babeli ho ka pholosa bophelo ba rōna le ba ba re mamelang.—1 Tim. 4:16.