E-ba le Kemiso e Ntle ea Lintho Tsa Moea, U Rue Melemo e Meholo
1. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlahloba kemiso ea hao ea lintho tsa moea?
1 Ha u ne u qala ho ba Mokreste, e ka ’na eaba u ile ua ikitlaelletsa ho ba le kemiso e ntle ea lintho tsa moea e neng e akarelletsa ho ithuta Bibele, ho ea libokeng tsa Bokreste, ho ea tšebeletsong ea tšimo le ho rapela. U ile ua hōla moeeng hobane Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba hao. Mohlomong hona joale ho se ho fetile lilemo tse ’maloa esale u kolobetsoa. Na u sa ntse u tsoela pele ka kemiso e ntle ea lintho tsa moea eo u ileng ua iketsetsa eona ha u e-ba Mokreste?
2. Ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng ho re ruisa molemo joang?
2 Hlahloba Kemiso ea Hao: Na u tloaetse ho bala karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo letsatsi ka leng? Re rua melemo e mekaakang ha re etsa joalo! (Josh. 1:8; Pes. 1:2, 3) Iseraeleng ea boholo-holo, morena e mong le e mong o ne a lokela ho bala kopi ea hae ea Molao “ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.” Melemo ea see e ne e le efe? O ne a tla ba le pelo e ikokobelitseng ’me a ithute ho tšaba Jehova e le hore a se ke a kheloha litaelo tsa Hae. (Deut. 17:18-20) Ka ho tšoanang, le kajeno ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng ho re thusa ho lula re sa tšoauoe phoso ’me re hloka molato lefatšeng lena le khopo, le le senyehileng. Hape ho re thusa ho hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa tšebeletso.—Bafil. 2:15; 2 Tim. 3:17.
3. Re rua melemo efe ka ho ba teng libokeng kamehla?
3 Jesu o ne a tloaetse ho ea synagogeng, moo ho neng ho tšohloa Mangolo. (Luka 4:16) Ha ho pelaelo hore sena se ile sa mo matlafatsa hore a khone ho tobana le liteko tse neng li tla mo tlela. Le rōna re matlafatsoa ke thupelo ea moea e fanoang libokeng tsa phutheho le “ho khothatsana” ka tsela e hahang. (Bar. 1:12) Ho bokana le barab’abo rōna ho re thusa ho mamella mathata a matsatsi ana a bofelo. (Baheb. 10:24, 25) Na u sa ntse u tloaetse ho ba teng libokeng tsohle?
4. Ho kopanela tšebeletsong ea tšimo beke e ’ngoe le e ’ngoe ho re ruisa molemo joang?
4 Tlaleho e bululetsoeng e re bolella hore baapostola ba ile ba bolela litaba tse molemo “letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo.” (Lik. 5:42) Le hoja re ka ’na ra se ke ra khona ho paka letsatsi le leng le le leng, na re ka itloaetsa ho kopanela mofuteng o itseng oa tšebeletso beke e ’ngoe le e ’ngoe? Ha re etsa joalo, ka sebele re tla ba le tsebo ea ho sebelisa Lentsoe la Molimo, ’me re ka ba le liphihlelo tse khothatsang ha re bolella ba bang ’nete ea Bibele.
5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho rapela Jehova kamehla?
5 Moprofeta Daniele o ile a putsoa haholo ka lebaka la ho sebeletsa Jehova “ka tiisetso” bophelong bohle ba hae. Sena se ne se akarelletsa tloaelo ea ho rapela Jehova kamehla. (Dan. 6:10, 16, 20) Ka ho tšoanang, kamehla ha re ntse re rapela Jehova ka pelo eohle, o tla re hlohonolofatsa ka moea oa hae o halalelang. (Luka 11:9-13) Ho feta moo, Jehova o tla atamela ho rōna, a re lumelle ho ba le kamano e haufi-ufi le eena. (Pes. 25:14; Jak. 4:8) Ke moputso o mokaakang! Ka lebaka leo, e se eka re ka ikitlaelletsa ho lula re e-na le kemiso e ntle ea lintho tsa moea ’me re rue melemo e meholo e tsoang ho Jehova.