Lebokose la Lipotso
◼ Na ho loketse hore re khomaretse aterese ea rōna ea e-mail lingoliloenng tseo re li tsamaisang?
Bahoeletsi ba bang ba hatisa setempe kapa ba khomaretsa leibole e hatisitsoeng ea aterese ea bona ea e-mail limakasineng kapa lipampitšaneng tseo ba li tsamaisetsang batho. Ka lebaka leo batho ba amohelang lingoliloeng tseo ba tla khona ho iteanya le mohoeletsi eo ho kōpa boitsebiso bo eketsehileng. Matsapa ao a ho thusa batho ba thahasellang a etsoa ka sepheo se setle. Leha ho le joalo, leqepheng la ho qetela la limakasine le lipampitšana ho se ho ntse ho ngotsoe Web site ea rōna ea molao. Ka lebaka leo, ho molemo hore re se ke ra khomaretsa aterese ea rōna ea e-mail lingoliloenng tse tsamaisoang.
Hore na mohoeletsi o tla fa batho tšimong boitsebiso boo ba ka iteanyang le eena ka bona pampiring e ka thōko, haholo-holo ha a etsa maeto a ho boela, eo ke qeto eo a lokelang ho iketsetsa eona. Re lokela ho nka khato ea ho khutlela ho batho ba thahasellang ho e-na le ho emela bona hore ba iteanye le rōna ha ba hloka boitsebiso bo eketsehileng. Re ka bontša thahasello ea sebele ha re buisana le batho re shebane mahlong.