Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/08 leq. 1
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lulang le Falimehile ˈme le Ipoloke le Hlaphohetsoe Likelellong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Tokisetso e Etselitsoeng Bahlanka ba Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Kopano ea Potoloho e Tla re Thusa Ho Sireletsa Kamano e Ntle le Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 8/08 leq. 1

Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

Ho ka khoneha joang ho ema ka tieo khahlanong le ba hanyetsang borapeli ba ’nete ka mabifi? Re ka hlōla matla ao kamehla a lekang ho re khutlisetsa lefatšeng le sa tšabeng Molimo joang? Lipotso tsena tsa bohlokoa li tla arajoa lenaneong la kopano ea potoloho ea selemo sa tšebeletso sa 2009. Sehlooho sa eona se re “U ’Ne U Hlōle Bobe ka Botle.” (Bar. 12:21) Hlokomela lintlha tse tla tšohloa lenaneong leo.

Molebeli oa setereke o tla fana ka lipuo tse latelang, “Re Matlafaletsoa ho Hlōla Bobe ka Botle,” “Hlokomela ho Itšepa ho Tlōla!,” “Bobe Bohle bo Tla Fela Haufinyane!,” le “Ho Matlafatsa Tumelo ea Rōna Hore re Hlōle Lefatše.” Molebeli oa potoloho o tla fana ka lipuo tse latelang, “Ena ke Nako ea Hore re Lule re Falimehile!,” e thehiloeng ho Baroma 13:11-13, le e reng “U se ke Ua Iponahatsa U Nyahame Letsatsing la Mahlomola,” e thehiloeng ho Liproverbia 24:10. Hape re lebeletse puo ea molebeli oa potoloho e reng “Ho Hlokomela Litlhoko Tsa Potoloho.” Puo e ’ngoe e khothatsang ke e nang le sehlooho se reng “Na U ka ba ‘Bosebeletsing Boo’—Ka ho ba Pula-Maliboho?” Neheletsano ea pele ho tse peli e na le sehlooho se reng “Emang le Tiile Khahlanong le Maraba a Diabolose.” E tla re thusa ho hlokomela le ho hlōla maqiti a Diabolose litabeng tsa theknoloji, boithabiso le thuto. Neheletsano ea sehlooho se reng “Fumana Matla a ho Hanyetsa Satane ka Letsatsi le Khopo” e tla re bontša hore na ke joang re ka sebelisang ka botlalo keletso e bululetsoeng e ho Baefese 6:10-18.

Ho hlōla mohloli oa bobe ho amana ka ho toba le ho bolela molaetsa oa ’Muso. (Tšen. 12:17) Ha ho makatse hore ebe Satane o pheheletse ho hlasela Lipaki Tsa Jehova! (Esa. 43:10, 12) Empa Diabolose o tla hlōleha ka mokhoa o soabisang hobane re ikemiselitse hore ‘re ’ne re hlōle bobe ka botle.’ Etsa litlhophiso tse tobileng tsa hore u rue molemo ka botlalo likarolong tsohle tse ’nè tsa kopano ena ea potoloho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela