Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa June 1
“Batho ba bangata ba batla ho tseba hore na linaleli tsa bona li re’ng pele ba etsa liqeto. Na linaleli li laola bophelo ba rōna? [Emela karabo.] Hlokomela hore Bibele e bua ka sehlopha sa linaleli sa zodiake. [Bala 2 Marena 23:5.] Sehlooho sena se re bolella hore na Bibele eona e re’ng.” Mo bontše sehlooho se qalang leqepheng la 18.
Tsoha! June
“Likerekeng, hangata batho ba lefella litšebeletso tse kang likolobetso, machato le mapato. Na u bona eka ho nepahetse? [Emela karabo.] Mamela litaelo tseo Jesu a ileng a li fa barutuoa ba hae. [Bala Matheu 10:7, 8b.] Sehlooho sena se re bolella hore na Bibele e re’ng ka ho lefella litšebeletso tsa bolumeli.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 22.
Molula-Qhooa July 1
“Ha batho ba bangata ba bua ka Ea Matla ’Ohle ba re ke Molimo. Empa na ua tseba hore Bibele e re bolella lebitso la Molimo? [Emela karabo. Ebe u bala Esaia 42:8a.] Makasine ena e hlalosa hore na ke hobane’ng ha lebitso la Molimo le tlositsoe Libibeleng tse ling le hore na ho tseba Molimo ka lebitso ho bolela’ng.”
Tsoha! July
“Batho ba tšoenyehile haholo ka lebaka la boemo ba moruo. Ba sa sebetseng ba khathatsehile, ha ba sebetsang bona ba tšohile hore ba tla felloa ke mosebetsi. Na u bona eka keletso ee e ka re thusa? [Bala Matheu 6:34. Ebe u emela karabo.] Makasine ena e fana ka likeletso tsa bohlokoa tabeng ea ho sebelisa chelete hantle le ho laola maikutlo a rōna.”