Limakasine Tsa Rōna li Ngolloa ho Khahla Batho ba sa Tšoaneng
1. Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se etsisa moapostola Pauluse joang?
1 Joalokaha moapostola Pauluse a ne a feto-fetola tsela eo a neng a bolela litaba tse molemo ka eona e le hore a rue “batho ba mefuta eohle,” sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene le sona se sebelisa likhatiso tsa rōna hore se ise molaetsa ho batho ba mefuta e sa tšoaneng le ba litumelo tse sa tšoaneng. (1 Bakor. 9:22, 23) E le hore re ka sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! ka tsela e molemo ka ho fetisisa, ho molemo hore re lule re hopola hore na limakasine tsena li ngoletsoe bo-mang.
2. Tsoha! e ngolloa hore e khahle bo-mang?
2 Tsoha!: Makasine ena e ngolloa batho ba tšoanang le “banna ba Athene” bao moapostola Pauluse a neng a bua le bona. (Lik. 17:22) Banna bao ba ne ba sa tsebe ka Bokreste, ebile ba utloisisa Mangolo hanyenyane. Ka ho tšoanang, batho bao makasine oa Tsoha! o ngoloang ho nahannoe ka bona ke batho ba sa tsebeng hakaalo ka Bibele kapa ba sa tsebeng letho ka eona. E ka ’na eaba ho hang ha ba tsebe lithuto tsa Bokreste, mohlomong ka tsela e itseng ha ba tšepe bolumeli, kapa mohlomong ha ba tsebe hore Bibele e ka ba tsoela molemo. Morero o ka sehloohong oa Tsoha! ke ho kholisa babali ba eona hore ho na le Molimo oa ’nete. Ho feta moo, makasine ena e ngolloa ho thusa batho ba e balang hore ba lumele hore Bibele e bua ’nete le hore ba utloisise hore Lipaki Tsa Jehova li fapane le malumeli a mang.
3. Khatiso ka ’ngoe ea Molula-Qhooa e ngolloa bo-mang?
3 Molula-Qhooa: Khatiso ea batho bohle ea Molula-Qhooa e ngolloa batho ba hlomphang Molimo le Mangolo ka tsela e itseng. Ba batla ba e-na le tsebo ea Bibele empa ha ba utloisise lithuto tsa eona ka tsela e nepahetseng. Ba tšoana le batho bao Pauluse a neng a bua ka bona ha a re ke “ba tšabang Molimo.” (Lik. 13:14-16) Khatiso e ithutoang ea Molula-Qhooa e ngolloa Lipaki Tsa Jehova ka ho khetheha. Pauluse o ne a nka hore ba balang mangolo a hae ba ne ba tseba Lentsoe la Molimo ebile ba e-na le tsebo e nepahetseng ea ’nete. (1 Bakor. 1:1, 2) Ka ho tšoanang, lihlooho tsa khatiso e ithutoang li ngolloa batho ba bang teng libokeng tsa rōna ’me ba tloaelane le mantsoe a sebelisoang ke Lipaki hammoho le litumelo tsa tsona.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho tseba makasine ka ’ngoe eo re e tsamaisang tšimong?
4 Le hoja re atisa ho tsamaisa limakasine tse peli, hangata re buella e le ’ngoe feela. Kahoo, ikemisetse ho tseba makasine ka ’ngoe. Ka tsela eo, u tla ba le monyetla o motle oa ho buella sehlooho se tla khahla batho bao u kopanang le bona.