E Shebahala Joang?
Eo ke potso e ntle eo re lokelang ho ipotsa eona mabapi le khatiso leha e le efe eo re batlang ho e tsamaisa. Eng kapa eng e kokobaneng, e thuntseng, e litšila kapa e tabohileng e ka emela lebitso la mokhatlo oa rōna hampe ea ba ea sitisa batho ho mamela molaetsa oo likhatiso tsa rōna li o fupereng, o monate, o pholosang bophelo.
Re ka etsa joang hore lingoliloeng tsa rōna li lule li le makhethe? Ba bangata ba bona ho le molemo hore ha ba ea tšimong ba kenye lintho tse tšoanang sebakeng se le seng ka mekotlaneng ea bona. Ka mohlala, ho na le sebaka sa libuka, sa limakasine le libukana, sa lipampitšana, joalo-joalo. Neng kapa neng ha ba khutlisetsa Libibele le lingoliloeng leha e le life ka mokotlaneng, ba li kenya hantle hore li se ke tsa senyeha. Bahoeletsi ba bang ba tšela lingoliloeng tsa bona ka har’a lifaele kapa mekotlana ea polasetiki e bonaletsang. Ho sa tsotellehe hore na re sebelisa mokhoa ofe, ha re batle hore motho e mong a be le lebaka le utloahalang la hore a fumane molato bosebeletsing ba rōna hobane re mo file lingoliloeng tse senyehileng.—2 Bakor. 6:3.