Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/11 leq. 1
  • Re Baboleli ka Linako Tsohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Baboleli ka Linako Tsohle
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Paka ka Ntlo le Ntlo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • “U Etse Mosebetsi oa Moevangeli”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Rutang Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Bolela ka Ntlo le Ntlo—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hona Joale?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 12/11 leq. 1

Re Baboleli ka Linako Tsohle

1. Re tseba joang hore baevangeli ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba nka hore ke baboleli ka linako tsohle?

1 Baevangeli ba chesehang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba bolela litaba tse molemo “ba sa khaotse” hohle moo ba neng ba fumana batho teng. (Lik. 5:42) Kahoo, ha ho bonahale eka ha ba tsamaea ka ntlo le ntlo ba ne ba feta batho feela tseleng ba sa ba pakele. Ebile ka mor’a tšebeletso ea tšimo ba ne ba sa tlohele ho paka neng le neng ha monyetla o hlaha, ha ba ntse ba reka ’marakeng. Ho tšoana le Jesu, ba ne ba nka hore ke baboleli ka linako tsohle.—Mar. 6:31-34.

2. Re lokela ho etsa’ng e le hore re phelele lebitso la rōna?

2 Re Lokela ho Lula re Itokisitse: Lebitso la rōna la Lipaki Tsa Jehova ha le hlalose feela seo re se etsang, empa le boetse le hlalosa seo re leng sona. (Esa. 43:10-12) Kahoo, re lula re loketse ho ikarabella bakeng sa tšepo ea rōna, esita leha re sa ee ka ntlo le ntlo. (1 Pet. 3:15) Na u letela menyetla ea ho paka ebe u nahana hore na u ka re’ng? Na u lula u e-na le lingoliloeng tseo u ka li fang ba thabelang litaba tse molemo? (Liprov. 21:5) Na u paka ka ntlo le ntlo feela, kapa ha maemo a lumela u boetse u jala litaba tse molemo ha u kopana le batho libakeng tse ling?

3. Ke hobane’ng ha poleloana e reng “litsela tse ling” tsa ho paka e se tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho hlalosa mosebetsi oa ho paka seterateng, moo ho pakoang likoloi, lirapeng tsa boikhathollo, libakeng tsa khoebo le tse ling?

3 Hase “Litsela Tse Ling” Tsa ho Paka: Nakong e fetileng re ne re ee re re ho paka seterateng, moo ho pakoang likoloi, lirapeng tsa boikhathollo, libakeng tsa khoebo le tse ling ke “litsela tse ling” tsa ho paka. Leha ho le joalo, poleloana eo e ka fana ka maikutlo a hore ho etsa seo hase tsela e tloaelehileng ea ho paka, hase tlamo kapa ke seo motho a ka se etsang ha a batla. Moapostola Pauluse o itse o ne a bolela “phatlalatsa” le ka ntlo le ntlo. (Lik. 20:20) Kahoo, poleloana e loketseng ho feta “litsela tse ling” tsa ho paka ke ho paka “phatlalatsa.” Ke ’nete hore boboleli ba ntlo le ntlo e sa ntse e le tsela e ka sehloohong le e atlehang ka ho fetisisa ea hore re bolelle batho molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, baevangeli ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba amehile ka batho eseng ka matlo. Ba ne ba bolela ’nete neng kapa neng ha monyetla o hlaha, ebang ke phatlalatsa, ha ba se tšimong le ha ba e-ea ka ntlo le ntlo. E se eka le rōna re ka ameha haholo ka batho e le hore re phethe bosebeletsi ba rōna ka botlalo.—2 Tim. 4:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela