Mabaka a 12 a ho Bolela Litaba Tse Molemo
Ke hobane’ng ha re bolela re bile re ruta batho litaba tse molemo? Na lebaka le ka sehloohong ke ho thusa batho ba ratang ’nete hore ba kene tseleng e isang bophelong? (Mat. 7:14) Leo ke lebaka la pele le boletsoeng ka tlaase mona, empa hase lona le ka sehloohong. Mabakeng a 12 a latelang a ho etsa tšebeletso, ke lefe leo u bonang e le la bohlokoa ka ho fetisisa?
1. Ho bolela litaba tse molemo ho thusa batho hore ba bolokehe.—Joh. 17:3.
2. Ho lemosa ba khopo.—Ezek. 3:18, 19.
3. Ke karolo ea boprofeta ba Bibele bo ntseng bo phethahala.—Mat. 24:14.
4. Ke pontšo ea hore Molimo o lokile. Ha ho na motho ea ka qosang Jehova ka hore o timelitse batho ba khopo a sa ba fa monyetla oa ho baka.—Lik. 17:30, 31; 1 Tim. 2:3, 4.
5. Ke tsela ea ho phetha boikarabelo ba rōna ba ho thusa batho ba rekiloeng ka mali a Jesu hore ba be le kamano e ntle le Molimo.—Bar. 1:14, 15.
6. Ho re nolofalletsa ho qoba molato oa mali.—Lik. 20:26, 27.
7. Re lokela ho li bolela e le hore re pholohe.—Ezek. 3:19; Bar. 10:9, 10.
8. Ke tsela ea ho bontša hore re rata baahelani.—Mat. 22:39.
9. Ke tsela ea ho bontša hore re mamela Jehova le Mora oa hae.—Mat. 28:19, 20.
10. Ke karolo ea borapeli ba rōna.—Baheb. 13:15.
11. Ke tsela eo re bontšang ka eona hore re rata Molimo.—1 Joh. 5:3.
12. Ho khatha tema khalaletsong ea lebitso la Jehova.—Esa. 43:10-12; Mat. 6:9.
Ke ’nete hore ana hase ’ona feela mabaka ao re kopanelang tšebeletsong ka ’ona. Ka mohlala, ho bolela litaba tse molemo ho matlafatsa tumelo ea rōna ho bile ho etsa hore re be le tlotla ea ho ba basebetsi-’moho le Molimo. (1 Bakor. 3:9) Leha ho le joalo, lebaka la bo12 ke lona la bohlokoa ka ho fetisisa la ho kopanela tšebeletsong. Ho sa tsotellehe hore na batho ba arabela joang, tšebeletso e tlatsetsa khalaletsong ea lebitso la Molimo ’me e fa Jehova karabo eo a ka arabang ea mo nyelisang ka eona. (Liprov. 27:11) Ka sebele re na le mabaka a bohlokoa a ho ‘tsoela pele re sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo.’—Lik. 5:42.