Lentsoe la Molimo le Fana ka Matla
1. Sehlooho sa kopano e khethehileng ea letsatsi ea selemo sa tšebeletso sa 2014 ke sefe?
1 Ho fapana le ntho leha e le efe e qapiloeng ke batho, Bibele e na le matla a ho fetola bophelo ba rōna le ho lumellanya menahano ea rōna le litsela tsa rōna le thato ea Jehova. Ha e le hantle Lentsoe la Molimo le matla hakae? Re ka sebelisa matla a lona ka ho feletseng joang bophelong ba rōna? Re ka le sebelisa hamolemo joang ho thusa batho ba bang? Re kholisehile hore bohle ba tla matlafatsoa moeeng ha lipotso tsena li ntse li arajoa lenaneong la kopano e khethehileng ea letsatsi le lokiselitsoeng selemo sa tšebeletso sa 2014. Sehlooho sa eona se reng, “Lentsoe la Molimo le Fana ka Matla,” se thehiloe ho Baheberu 4:12.
2. Re lokela ho mamela likarabo tsa lipotso life?
2 Ela Hloko Likarabo Tsa Lipotso Tsena: Ha u ntse u mametse lenaneo, ela hloko likarabo tsa lipotso tse thathamisitsoeng ka tlaase mona.
• Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Lentsoe la Jehova? (Pes. 29:4)
• Re ka bona matla a Lentsoe la Molimo joang bophelong ba rōna? (Pes. 34:8)
• U ka lumella matla a Lentsoe la Molimo joang hore a susumetse batho tšimong? (2 Tim. 3:16, 17)
• Re ka qoba ho thetsoa ke matla a thetsang a lefatše la Satane joang? (1 Joh. 5:19)
• Joaloka mocha, u ka atleha joang moeeng? (Jer. 17:7)
• Re ka ba matla joang le nakong eo re fokolang ka eona? (2 Bakor. 12:10)
• Ke eng e ka re thusang hore re tsoele pele ho etsa liphetoho bophelong ba rōna, esita le haeba re bile le mekhoa e mebe ka nako e telele? (Baef. 4:23)
3. Ntle le ho mamela lenaneo, re ka boetse ra rua molemo joang kopanong e khethehileng ea letsatsi?
3 Re tla rua molemo o moholo hakaakang lenaneong lee la bohlokoa! Ho feta moo, kopano e khethehileng ea letsatsi feela joaloka kopano ea potoloho le ea setereke, e tla re fa menyetla ea ho atoloha le ho thabela setsoalle le bara le baralib’abo rōna ba tsoang liphuthehong tse ling. (Pes. 133:1-3; 2 Bakor. 6:11-13) Kahoo, iphe nako ea ho ba le metsoalle ea khale ʼme u etse e mecha. Haeba molebeli oa setereke kapa mor’abo rōna ea tsoang Bethele a abetsoe kopanong ea lōna e khethehileng ea letsatsi e le sebui sa moeti, ke hobane’ng ha u sa sebelise monyetla oo hore u mo amohele le mosali oa hae? Ha ho pelaelo hore re na le mabaka a mangata a ho lebella ka cheseho kopano e khethehileng e tlang ea letsatsi!