Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/13 leq. 4
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo e Leng ’Nete ka Halloween
    Tsoha!—2013
  • ’Nete ka Mekete e Tloaelehileng
    Tsoha!—2001
  • Mekete e Tloaelehileng—Na ke Boithabiso bo Seng Kotsi?
    Tsoha!—2001
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 8/13 leq. 4

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa September

“Lumela. Re u etetse hakhutšoanyane ho tla u bontša ntho e ka tšeptjoang e ka etsang hore manyalo a atlehe. Ha u sheba, u bona eka ke’ng e etsang hore banyalani ba se ke ba thaba?” [Emela karabo.] Mo bontše leqephe le ka morao la Molula-Qhooa oa September 1, ebe le buisana ka lintlha tse tlas’a potso ea pele ʼme ka mor’a moo le tšohle bonyane lengolo le le leng ho a bontšitsoeng. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.

Molula-Qhooa September 1

“Re u etetse ho tla buisana le uena ka potso eo batho ba bangata ba ipotsang eona, ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola a mangata hakana. Na u kile ua ipotsa potso eo? [Emela karabo.] Hoa thabisa ho tseba hore Bibele e tšepisa hore ho na le nako eo ka eona ho siama le bohloko li tla fela. [Bala Tšenolo 21:4.] Makasine ena e tšohla mabaka a mahlano a bohlokoa a bontšang hore na ke hobane’ng ha mahlomola a le mangata hakana. E boetse e bontša kamoo Bibele e reng Molimo o tla a felisa kateng.”

Tsoha! September

“Re u etetse ho tla u bontša boitsebiso bo mabapi le letsatsi la phomolo le tloaelehileng le ntseng le atamela la Halloween. Ba bang ba khethile hore ba ke ke ba le keteka ka lebaka la litemoso tse kang ena e hlahang ka Bibeleng. [Bala Levitike 19:31.] Batho ba bang ha ba lumele hore ho na le meea e phahametseng tlhaho ʼme ba nka hore mokete oa Halloween ke ho itlosa bolutu feela ho seng kotsi. Uena maikutlo a hao ke afe ka letsatsi lee la phomolo? [Emela karabo.] Makasine ena e pepesa tšimoloho e fosahetseng ea mokete oa Halloween.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela