“Ke Tla Nka Sengoliloeng sa Hao Haeba Feela U Nka sa Ka”
Ena ke tsela eo batho ba bang bao re buang le bona ba arabang ka eona. Kaha ha re fane ka lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele hore feela re fumane tsa malumeli a mang tse buang leshano, re ka ba araba joang ka bohlale? (Bar. 1:25) Re ka ’na ra re: “Kea leboha. Sengoliloeng see sa hao se re mathata a batho a tla rarolloa joang? [Emela karabo. Haeba a u kōpa hore u se bale hore u fumane karabo, u ka mo hopotsa hore uena ha u ua mo fa sengoliloeng u sa mo bolella hore na se bua ka eng. Bala kapa u qotse Matheu 6:9, 10.] Jesu o ile a bontša hore ’Muso oa Molimo o tla etsa hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng. Kahoo, lingoliloeng feela tsa bolumeli tseo ke li balang ke tse buang ka ’Muso oa Molimo. Na nka u bontša seo Bibele e reng ’Muso oa Molimo o tla se etsa?”