Kingdom News No. 38 e Tla Abjoa ka November!
1. Batho ba ipotsa lipotso life ka bafu, hona lipotso tseo li tla arabeloa joang ka November?
1 Lefu ke sera sa batho bohle ho sa tsotellehe seo ba se lumelang. (1 Bakor. 15:26) Batho ba bangata baa ipotsa hore na bafu ba hokae le hore na ba tla ba bona hape. Kahoo, liphutheho lefatšeng lohle li tla kopanela phutuhong e tla nka khoeli ea ho aba Kingdom News No. 38, e nang le sehlooho se reng “Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?” Phutuho ena e khethehileng e tla qala ka la 1 November. Ha phutuho ena e fela, Kingdom News No. 38 e tla sebelisoa tšimong e le pampitšana.
2. Kingdom News No. 38 e hlophisitsoe joang?
2 Kamoo e Hlophisitsoeng Kateng: Kingdom News No. 38 e entsoe ka tsela eo ho leng bonolo ho e mena e le hore sehlooho sa eona se khahlang se bonahale hammoho le mantsoe a reng “U ka araba potso ee joang? . . . ka e? che? kapa ka mohlomong?” Ha ’mali a bula Kingdom News, o tla fumana karabo ea Bibele ea potso ea sehlooho le hore na tšepiso ea Bibele e ka mo tsoela molemo joang. O tla boela a fumane mabaka a hore a tšepe Bibele. Qetellong ea Kingdom News ho na le potso e thahasellisang eo a ka nahanang ka eona le e etsang hore a batle ho ithuta ho eketsehileng.
3. Kingdom News No. 38 e tla abjoa joang?
3 Kamoo e Tla Abjoa Kateng: Phutuho ena e tla tšoana le liphutuho tsa ho aba memo ea Sehopotso le ea kopano ea setereke. Baholo ba tla fana ka tataiso mabapi le hore na tšimo e tla akaretsoa joang, tumellanong le lengolo leo ba le fumaneng la la 1 April, 2013. Liphutheho tse nang le tšimo e nyane li ka ithaopela ho thusa liphutheho tse haufi le tsona tse nang le tšimo e khōlō. Ha u nka Kingdom News No. 38, hopola hore u lokela ho nka lipampitšana tse lekaneng beke feela. Nakong ea phutuho, lipampitšana li ka abjoa bopaking ba phatlalatsa ha tšimo e se e akarelitsoe. Haeba Kingdom News No. 38 e fela pele khoeli e fela, ho tla tsamaisoa sengoliloeng se tsamaisoang khoeling eo. Moqebelong oa pele, re tla kopanela phutuhong e khethehileng ho e-na le ho qala lithuto tsa Bibele. Mafelo-beke re lokela ho tsamaisa limakasine ha ho loketse. Na u etsa litokisetso tsa hore u kopanele ka botlalo phutuhong ee e khethehileng?