PHELA JOALOKA MOKRESTE
Likopano Tsa Selemo le Selemo li re fa Monyetla oa ho Bontšana Lerato
Ke hobane’ng ha re thabela ho ea likopanong tsa selemo le selemo? Joaloka Baiseraele, le rona kajeno likopano li re fa monyetla oa ho rapela Jehova re na le Bakreste-’moho le rona ba bangata. Re thabela lintho tse ngata tseo re ithutang tsona ha re le likopanong tse etsang hore re be le kamano e ntle le Jehova. Re boetse hape re thabela nako eo re e qetang re na le metsoalle le ba lelapa. Re ka bontša hore rea ananela ka hore re be teng ka matsatsi ’ohle a kopano.
Ha re ba le menyetla ea ho kopana ’moho, ha re batle hore ebe rona feela ba ruang molemo empa hape re batla ho bontša Bakreste-’moho le rona hore rea ba rata. (Gal 6:10; Heb 10:24, 25) Haeba re bulela mora kapa morali oa bo rona lemati kapa re beheletsa litulo tseo re li hlokang feela re bontša hore re nahanela Bakreste-’moho le rona. (Fil 2:3, 4) Likopano li re fa monyetla oa hore re etse metsoalle e mecha. Re ka qoqa le motho eo re sa mo tsebeng pele lenaneo le qala, ka mor’a lona kapa nakong ea khefu. (2Ko 6:13) Ho etsa joalo ho tla etsa hore re be le metsoalle ea ’nete. Ha bohlokoa le ho feta, ha batho ba bona lerato leo re ratanang ka lona, le bona ba ka ’na ba batla ho sebeletsa Jehova.—Joh 13:35.
SHEBELLANG VIDEO EA LIKOPANO TSA MACHABA TSA “LERATO HA LE FELE LE KA MOHLA” EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Likopanong tsa machaba tsa 2019, bara le barali ba bo rona ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba bontšoa lerato joang?
Ke hobane’ng ha lerato le bonngoe boo bahlanka ba Jehova ba nang le bona e le ntho e ikhethang?
Bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang ba ile ba bontša hore Bakreste ba lokela ho bontša lerato joang?
U ka etsa’ng hore ho be le lerato likopanong tsa rona?
Lerato le ile la momahanya bara le barali ba bo rona ba Germany le South Korea joang?
Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?