SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 39
PINA EA 54 “Tsela ke Ena”
‘Batho Bao Lipelo Tsa Bona li ba Susumetsang’ ba Tla Mamela
“Batho bohle bao lipelo tsa bona li neng li ba susumetsa hore ba amohele lentsoe le fanang ka bophelo bo sa feleng ea e-ba balumeli.”—LIK. 13:48.
NTLHA-KHOLO
Ke habohlokoa hore re kope ho ithuta Bibele le batho le ho ba memela libokeng.
1. Batho ba ka etsa’ng ha re ba pakela? (Liketso 13:47, 48; 16:14, 15)
BATHO ba bangata mehleng ea baapostola ba ile ba amohela molaetsa oa ’Muso hang ha ba utloa ka oona. (Bala Liketso 13:47, 48; 16:14, 15.) Ka tsela e tšoanang le mehleng ena, ba bang ba thaba haholo ha ba utloa litaba tse monate ka lekhetlo la pele. Esita le batho bao qalong ba neng ba sa batle ho utloa letho ka molaetsa oa ’Muso, hamorao ba ka batla ho ithuta ka Molimo le ho mo sebeletsa. Re lokela ho etsa’ng ha re fumana batho ‘bao lipelo tsa bona li ba susumetsang’ ha re le tšimong?
2. Ke ka tsela efe mosebetsi oa rona oa boboleli o tšoanang le oa molemi?
2 A re bueng ka papiso ena. Mosebetsi oa rona oa ho etsa barutuoa o ka bapisoa le oa motho ea lemang. Ha lijalo tse ling li butsoa pele ho tse ling, o kotula tse butsoitseng hang-hang empa o tla tsoela pele a nosetsa le ho hlokomela tse ling tse e-s’o butsoe. Ka tsela e tšoanang, ha re fumana motho ea batlang ho mamela molaetsa oa rona, re batla ho mo thusa kapele kamoo re ka khonang hore e be morutuoa oa Kreste. Ka nako e tšoanang, re ntse re tsoela pele ho hlaolela thahasello ea batho ba bang ba hlokang nako ea hore ba bone bohlokoa ba ho ithuta ka Molimo le Bibele. (Joh. 4:35, 36) Ho ba le temoho ho tla re thusa hore re khethe tsela e molemo ea ho ba thusa. A re bueng ka hore na re ka etsa’ng ho thusa batho ba ikemiselitseng ho re mamela ha re bua le bona ka lekhetlo la pele. Re tla boela re ithute hore na re ka ba thusa joang hore ba hatele pele.
HA BATHO BA IKEMISELITSE HO ITHUTA
3. Re lokela ho etsa’ng ha re fumana batho ba thahasellang tšimong? (1 Bakorinthe 9:26)
3 Ha re fumana batho ba thahasellang tšimong, re batla ho ba thusa hore ba qalelle ho tsamaea tseleng e isang bophelong hang-hang. Maemong ana, ha rea lokela ho qeaqea ho kopa ho ithuta Bibele le bona le ho ba memela hore ba tle libokeng hang feela ha re qala ho qoqa le bona.—Bala 1 Bakorinthe 9:26.
4. Fana ka mohlala oa motho ea neng a le malala-a-laotsoe ho ithuta Bibele.
4 Ho kopa ho ithuta Bibele le motho. Ha re kopa ho ithuta Bibele le batho ba bang, ha ba re hosane. Ka mohlala, ka Labone le leng ausi e mong ea lulang Canada o ile a ea teroling ’me a nka bukana ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Morali oa bo rona ea teroling o ile a mo hlalosetsa hore re ithuta Bibele mahala le batho re sebelisa bukana ena. Ausi enoa o ne a thabile hoo a ileng a mo fa linomoro tsa hae. Hamorao hona letsatsing leo, ausi eo o ile a romella morali oa bo rona molaetsa, a mo botsa hore na ba ka ithuta neng. Ha morali oa bo rona a re a ka ea ho eena mafelo-beke, ausi eo o ile a re: “Ho ka ba joang ha u ka tla hosane? Ha ke etse letho.” Ba ile ba qala ho bala Labohlano lona leo. Ausi eo o ile a ea libokeng ka lekhetlo la pele mafelo-bekeng ’ona ao, ’me a hatela pele ka potlako.
5. Re ka etsa’ng ha re kopa ho ithuta Bibele le batho? (Sheba litšoantšo.)
5 Ke ’nete hore ha rea lebella hore batho bohle ba mamelang molaetsa oa rona, ba tšoane le ausi eo. Batho ba bang ba hloka nako. Re ka ’na ra lokela hore re qale pele ka ho bua ka ntho eo motho a e thabelang. Haeba re bontša hore re na le maikutlo a nepahetseng ka motho enoa ebile re bontša hore rea mo tsotella, re ka khona hore re qale ho ithuta le eena ka mor’a nako e seng kae. Joale re ka re’ng ha re kopa hore re ithute Bibele le eena? Potso ena e ile ea botsoa bara le barali ba bo rona ba atlehang ho qalisa lithuto tsa Bibele.
U nahana hore u ka re’ng ho batho baa ba hlahang litšoantšong tsee ho ba thusa hore ba thabele ho ithuta Bibele? (Sheba serapa sa 5)a
6. Re ka re’ng e le hore motho eo re buang le eena a thahaselle ho bua le rona hape?
6 Bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba ileng ba botsoa ka ho qalisa lithuto, ba ile ba hlalosa hore libakeng tse ling ho molemo hore u qobe ho bua lintho tse kang “ho ithuta,” “thuto ea Bibele” kapa “ke tl’o u ruta,” ha u hlalosetsa motho ka thuto ea Bibele. Ba ile ba hlokomela hore ho molemo hore u re “re tl’o qoqa,” “re tl’o buisana” le “re tl’o hlahloba Bibele haholoanyane.” E le hore motho eo u buang le eena a batle hore u khutle hape, u ka qalisa moqoqo le eena ka ho re: “Ke taba e thahasellisang hore ebe Bibele e araba lipotso tsa bohlokoa tseo re ipotsang tsona bophelong,” kapa u ka re: “Bibele ha se buka feela tjee ea bolumeli empa e boetse e re thusa ka litsela tse ngata bophelong.” U ka boela oa re: “Re hloka metsotso e ’maloa feela, e leshome ho isa ho e 15 e lekane hore re ithute lintho tsa bohlokoa tse tla re thusa bophelong.” Ha ho hlokahale hore u re “re tla ithuta beke le beke,” e leng ntho e ka etsang hore motho eo u buang le eena a utloe eka oa itlama.
7. Batho ba bang ba ile ba hlokomela neng hore seo ba ithutang sona ka Bibeleng ke ’nete? (1 Bakorinthe 14:23-25)
7 Ba memele libokeng. Ho bonahala eka mehleng ea moapostola Pauluse, batho ba bang ba ile ba qala ho hlokomela hore lintho tseo ba ithutang tsona ka Bibeleng ke ’nete ha ba qala ho ea libokeng tsa Bokreste. (Bala 1 Bakorinthe 14:23-25.) Ke sona se etsahalang hangata le mehleng ena. Batho ba bangata ba ithutang Bibele ba hatela pele kapele ha ba qala ho ea libokeng. U lokela ho ba memela libokeng neng? Buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! e bua ka ho memela batho libokeng khaolong ea leshome, empa ha oa lokela ho emela hore le fihle khaolong eo e le hore u meme motho. Ha le ntse le qoqa ka lekhetlo la pele, u ka mo memela libokeng tsa mafelo-beke, mohlomong ka hore u mo bolelle sehlooho sa puo ea phatlalatsa kapa u mo bolelle ntlha e itseng eo ho tl’o buuoa ka eona Thutong ea Molula-Qhooa.
8. U ka hlalosetsa motho eo u mo memelang libokeng eng? (Esaia 54:13)
8 Ha u memela motho libokeng, mo hlalosetse hore na li fapane joang le litšebeletso tsa bolumeli tseo e ka ’nang eaba o li tloaetse. Ha motho e mong ea ithutang Bibele a qala ho ba teng Thutong ea Molula-Qhooa, o ile a botsa motho ea ithutang le eena a re: “E le hore motho eo ea tsamaisang Molula-Qhooa o tseba lebitso la motho e mong le e mong?” Morali oa bo rona o ile a mo hlalosetsa hore re leka ho tseba mabitso a batho bohle ka phuthehong, joalokaha re tseba mabitso a ba malapa a rona. Moithuti o ile a utloa sena se fapane hole le seo a se tloaetseng kerekeng ea hae. Ka ho tšoanang, batho ba bangata ha ba tsebe sepheo sa rona sa ho ea libokeng. (Bala Esaia 54:13.) Re ea libokeng e le hore re e’o rapela Jehova, re ithute ka eena le ho khothatsana. (Baheb. 2:12; 10:24, 25) Seo se etsa hore liboka tsa rona li hlophisehe ebile ha re etse meetlo. (1 Bakor. 14:40) Liholo tsa rona ha li na lintho tse ngata, li entsoe hore li be ka tsela e itekanetseng e le hore ho be bonolo hore re ithute. Ha ho mohla re buang ka lipolotiki hobane ha re kenelle ho tsona. Hape ha re phehe khang kapa hona ho ngangisana ka maikutlo a rona. E ka ba hantle hore re bontše motho eo re ithutang le eena video ea Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso? pele a ea libokeng. Seo se tla mo thusa hore a tsebe hore na ho tla etsahala’ng libokeng.
9, 10. Ha u memela motho libokeng, u ka re’ng ho eena e le hore a se ke a tšaba ho ea? (Sheba setšoantšo.)
9 Batho ba bang ba qeaqea ho ea libokeng hobane ba tšaba hore ba tla koptjoa hore e be “litho tsa kereke.” Kholisa motho eo u mo memelang libokeng hore re thabela ho ba le baeti ’me re ke ke ra mo hatella hore e be e mong oa Lipaki kapa hore a nke karolo libokeng. Malapa a amohelehile, ho akarelletsa le a nang le bana ba banyenyane. Libokeng tsa rona, bana ha ba rutoe moo ba leng bang. Ho e-na le hoo, batsoali le bana ba lula le ho ithuta hammoho. Ka tsela ena, batsoali baa tseba hore na bana ba bona ba hokae le hore na ba rutoa eng. (Deut. 31:12) Ha re ntše koleke, ho e-na le hoo re latela taelo ea Jesu e reng: “Le fuoe mahala, le lona fanang mahala.” (Mat. 10:8) U ka boela oa mo bolella hore ha ho hlokahale hore a apare liaparo tse turang ha a tla libokeng. Molimo o sheba pelo, eseng tsela eo motho a shebahalang ka eona.—1 Sam. 16:7.
10 Haeba motho a tla libokeng, etsa sohle seo u ka se khonang ho etsa hore a ikutloe a amohelehile. Mo tsebise baholo le bahoeletsi ba bang. O tla batla ho khutla ha a bona batho ba le botsoalle ba bile ba mo khathalla. Haeba ha a na Bibele, balang mangolo Bibeleng ea hao e le hore a utloisise puo e fanoang kapa mo thuse hore a utloisise hore na re ithuta joang.
Ha motho a qalella ho ea libokeng, o tla atamela haufi le Jehova kapele (Sheba serapa sa 9 le 10)
HA U QALA THUTO EA BIBELE
11. U ka bontša joang hore u hlompha nako ea mong’a ntlo?
11 Re lokela ho hopola eng ha re ithuta Bibele le motho? Hlompha nako eo motho eo u ithutang Bibele le eena a u behetseng eona. Ka mohlala, tšoara nako eo le lumellaneng ka eona le hoja batho ba sebakeng sa heno e le batho ba sa tšoareng nako. Hape ho ka ba molemo hore le se ke la nka nako e telele ha le qala ho bala. Bahoeletsi ba ithutileng Bibele le batho ba bangata, ba re ho ka ba molemo hore le qete ho ithuta pele ho nako eo le e behileng, leha motho eo a batla ho tsoela pele. U se ke oa bua haholo. Mo tlohelle hore a ntše maikutlo a hae.—Liprov. 10:19.
12. Sepheo sa rona e lokela ho ba sefe ha re qala ho ithuta Bibele le motho?
12 Ha u qala ho ithuta le motho, sepheo sa hao e lokela hore e be ho mo thusa hore a tsebe Jehova le Jesu le hore a ba rate. U ka etsa sena ka hore u lule u mo ruta Lentsoe Molimo ho e-na le hore u mo bolelle seo u se tsebang ka Bibele. (Lik. 10:25, 26) Moapostola Pauluse o ne a ruta batho ka Jesu Kreste, eo Jehova a mo rometseng hore a re thuse ho mo tseba le ho mo rata. (1 Bakor. 2:1, 2) O ile a boela a hlakisa bohlokoa ba ho thusa barutuoa ba bacha ho hlaolela makhabane a ka bapisoang le khauta, silevera le majoe a bohlokoa. (1 Bakor. 3:11-15) Makhabane ana a bohlokoa a akarelletsa tumelo, bohlale, temoho le ho tšaba Jehova. (Pes. 19:9, 10; Liprov. 3:13-15; 1 Pet. 1:7) Etsisa mokhoa oa Pauluse oa ho ruta ka hore u thuse motho eo u ithutang le eena hore a be le tumelo e matla le hore a be le setsoalle se haufi le Ntate oa hae ea lerato ea leholimong.—2 Bakor. 1:24.
13. Re ka bontša mamello le kutloisiso joang ha re thusa batho ba thahasellang? (2 Bakorinthe 10:4, 5) (Sheba setšoantšo.)
13 Etsisa tsela ea Jesu ea ho ruta ka hore u be le mamello le kutloisiso. Qoba ho botsa motho lipotso tse tla etsa hore a se ke a phutholoha. Haeba ho e-na le ntho eo ho leng thata hore a e utloisise, ha ho hlokahale hore u lule ho eona. Le ka tsoela pele ka thuto ’me la khutlela ntlheng eo hamorao. Ho e-na le hore u mo qobelle hore a lumele seo a ithutang sona, mo fe nako ea hore a lumelle ’nete hore e mele ka metso pelong ea hae. (Joh. 16:12; Bakol. 2:6, 7) Bibele e re lithuto tsa bohata li tšoana le “lintho tse metseng ka matla” tseo re lokelang ho li ‘fothola.’ (Bala 2 Bakorinthe 10:4, 5.) Ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo hore motho eo u ithutang le eena a tlohele lithuto tseo a neng a li lumela. Kahoo, u lokela ho qala ka ho mo thusa hore a hahe Qhobosheane e ncha, e leng hore u lokela ho mo thusa hore a tšepe Jehova. Ka mor’a moo, ho tla ba bonolo ho eena hore a tlohele lintho tseo a neng a li lumela pele.—Pes. 91:9.
Mo fe nako ea hore ’nete e mele ka metso (Sheba serapa sa 13)
HA BATHO BA QALA HO TLA LIBOKENG
14. Re lokela ho tšoara batho ba qalang ho tla libokeng joang?
14 Jehova o batla hore re se ke ra khetholla batho ba qalang ho tla libokeng, ho sa tsotellehe hore na ba tsoa setsong sefe kapa hore na maemo a bona a lichelete ke afe. (Jak. 2:1-4, 9) Kahoo, re ka bontša batho ba tlang libokeng ka lekhetlo la pele joang hore rea ba rata?
15, 16. Re ka etsa’ng hore batho ba qalang ho tla libokeng ba ikutloe ba amohelehile?
15 Batho ba bang ba tla libokeng tsa rona hobane feela ba batla ho tseba hore na ho etsahala’ng kapa e ka ’na eaba ba khothallelitsoe ke motho e mong ea lulang sebakeng se seng hore ba ee libokeng. Kahoo, ha motho a tlile libokeng, re se ke ra ba lesisitheho ho bua le eena. Mo amohele ka mofuthu empa u se ke oa mo thabela haholo hoo u ka etsang hore a ikutloe a sa phutholoha. Mo kope hore a tl’o lula le uena. Shebisana Bibele le sengoloa se ithutoang le eena kapa u mo fe tsa hae. Hape nahana ka litsela tse ling tse ka etsang hore a ikutloe a phutholohile. Ntate e mong ea neng a ile Holong ea ’Muso o ile a bolella mor’abo rona ea ileng a mo amohela hore o ne a tšoenyehile hobane o ne a sa apara hantle joaloka batho ba bang. Mor’abo rona o ile a mo khoba matšoafo ’me a mo hlalosetsa hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba tloaelehileng. Ntate eo o ile a qetella a kolobelitsoe, ’me ha aa ka a lebala tsela eo mor’abo rona a ileng a mo araba ka eona. Leha ho le joalo, ha u bua le batho pele le ka mor’a liboka, bontša hore oa ba tsotella empa e-ba hlokolosi hore u se ke oa kena-kenana le litaba tsa bona tsa botho.—1 Pet. 4:15.
16 Re ka boela ra etsa hore baeti ba rona ba ikutloe ba amohelehile ka hore re ba hlomphe ha re qoqa le bona, ha re arabela le ha re phetha likabelo tsa rona tse buang ka batho bao eseng Lipaki kapa lintho tseo ba li lumelang. Qoba ho bua lintho tse ka ba khopisang kapa tse ka etsang hore ba ikutloe eka oa ba soma. (Tite 2:8; 3:2) Ka mohlala, re ke ke ra bua ka lintho tseo ba li lumelang ka tsela e sa hlompheng. (2 Bakor. 6:3) Bara ba bo rona ba fanang ka lipuo tsa phatlalatsa le bona ba lokela ho ba hlokolosi tabeng ena. Ba boetse ba nahanela batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova ka hore ba hlalose mantsoe kapa lintho tseo ba sa li utloisiseng.
17. Sepheo sa rona e lokela ho ba sefe ha re fumana batho ‘bao lipelo tsa bona li ba susumetsang’?
17 Mosebetsi oa rona oa ho etsa barutuoa o ntse o potlaka letsatsi le leng le le leng, ’me re tsoela pele ho batla batho ‘bao lipelo tsa bona li ba susumetsang hore ba amohele lentsoe le fanang ka bophelo bo sa feleng.’ (Lik. 13:48) Kahoo, ha rea lokela ho qeaqea ho kopa ho ithuta Bibele le bona kapa ho ba memela libokeng. Ha re etsa joalo, re ka ba thusa hore ba nke mohato oa pele o eang “tseleng e isang [bophelong].”—Mat. 7:14.
PINA EA 64 Re Kotula re Thabile
a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Bara ba bo rona ba babeli ba ea ho ntate eo e neng e le lesole ea seng a behile meja fatše ea lutseng foranteng. Barali ba bo rona ba babeli ba bua hakhutšoanyane le ’mè ea phathahaneng.