NA E ENTSOE?
Bokhoni ba Li-hormone ba ho Laola Kamoo ’Mele o Sebetsang Kateng
E le hore ’mele ea rona e sebetse hantle, mali a rona a lokela ho ba le li-electrolyte tse lekaneng, tse kang calcium. Li-electrolyte tseo ’mele o li sebelisang lia fapana ho ea ka matsatsi. ’Mele oa hao o khona joang ho etsa hore o lule o e-na le li-electrolyte tse lekaneng?
’Mele oa motho ea phetseng hantle o etsa hore li-electrolyte li leka-lekane ka hore o li etse, o li boloke o be o etse hore li-hormone li ee maling. Li-hormone ke lik’hemik’hale tse thusang ho laola lintho tse sa tšoaneng tseo ’mele o khonang ho li etsa. Esita le hormone e nyane ka ho fetisisa e ka ama ’mele oa hao haholo. Encyclopedia Britannica e re li-hormone “ha li itsoele feela empa li tsoa ka tsela e rarahaneng le e hlophisehileng.”
Ka mohlala, li-glands tsa parathyroid tse molaleng li ka hlokomela liphetoho tse nyane ka calcium e maling. Li-glands tsena ka tloaelo li ba ’nè ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e lekana le thollo ea raese.
Ha li-glands tsena li hlokomela hore calcium e se e fokola, ka metsotsoana feela li ntša li-hormone e le hore masapo a hao a ka ntšetsa calcium e ho oona maling. Hormone ena e boetse e thusa liphio hore li emise ho sefa calcium e maling le ho etsa hore mala a monye calcium e ngata lijong.
Leha ho le joalo, haeba mali a e-na le calcium e ngata haholo gland e ’ngoe e qoqothong e ntša hormone e ’ngoe e fapaneng. Hormone ena e thusa masapo hore a monye calcium e eketsehileng le ho thusa liphio hore li lahle calcium e sa hlokahaleng.
Li-hormone tsena tse peli ke tse ling tsa tse makholo tseo ’mele o li sebelisang ho laola le ho leka-lekanya lintho tse ngata tseo o khonang ho li etsa.
U nahana joang? Na li-hormone li ikentse hore li khone ho etsa mosebetsi oa tsona kapa li bopiloe joalo?