Ho Loana ha ka le Boloetse bo Mphokolisang
Joalokaha ho boletse Tanya Salay
Ho fihlela lilemong tse seng kae tse fetileng, ke ne ke le ’mè ea mafolofolo le mosebeletsi oa nako e tletseng torotsoaneng ea Luverne, Alabama. Mona ho sa ntse ho rena khotso ’me bophelo bo tsamaea butle. Ho ne ho bonahala ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re tsamaela hantle, ’na le monna oa ka Duke, hammoho le mora oa rōna e monyenyane, Daniel. Joale tšebetso ea ho buuoa e fokolang e ile ea tlisa phetoho e khōlō bophelong ba rōna.
BOTHATA ba rōna bo ile ba qala ka 1992 ha ke ne ke ntšoa pōpelo. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka qala ho ba le mahlaba a kenang habohloko pelong nako le nako ’me ka qala ho ntša metsi khafetsa (makhetlo a 50 ho ea ho a 60 ka letsatsi). Qetellong ngaka ea ka ea mafu a basali e ile ea nkopanya le ngaka e sebetsanang le litho tse amanang le tsamaiso ea ho ntša metsi e le ho leka ho fumana ka ho toba se hlileng se bakang bothata.
Ke ile ka ea sepetlele ho ea hlahlojoa. Lekhetlong la ka la pele, ngaka e sebetsanang le litho tse amanang le tsamaiso ea ho ntša metsi e ile ea fumana se ntšoereng—e leng interstitial cystitis (IC), kapa ho ruruha ha senya ho fokolisang. Ho ne ho se bonolo ho fumana seo hobane matšoao a IC a tšoana le a mafu a mang a amanang le tsamaiso ea ho ntša metsi. Ho feta moo, ha ho na mokhoa o khethehileng oa ho hlahloba IC. Ka hona, lingaka li lokela ho qhelela maemo a mang ka thōko pele li amohela hore motho o tšoeroe ke IC.
Ngaka ea rōna e ile ea re bolella ka ho toba hore kaha ho batla ho se phekolo ea lefu lena, phello e tla ba hore ho ntšoe senya! E ile ea re ho ne ho e-na le liphekolo tse ling empa kaofela ha tsona li hlōlehile. Ha ho potang hore seo se ile sa re tsukutla maikutlo. Ke ne ke le motho ea iphelelang hantle ho fihlela ha sena se hlaha. Joaloka Lipaki tsa Jehova, ’na le Duke re ne re bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse ngata, ’me joale ke ’na enoa ke bolelloa hore senya sa ka se tla tlameha ho ntšoa. Ke thabisoa ke hore monna oa ka o ile a ntšehetsa haholo.
Re ile ra etsa qeto ea ho batla ngaka e ’ngoe e sebetsanang le litho tse amanang le tsamaiso ea ho ntša metsi. Re ile ra leka lingaka tse ’maloa. Ka bomalimabe, mehleng eo lingaka tse ngata li ne li tseba ho fokolang feela ka IC. Hape, lingaka tse ngata tse sebetsanang le litho tse amanang le tsamaiso ea ho ntša metsi li na le maikutlo a tsona ka IC, ka hona, li buella liphekolo tse sa tšoaneng. Boitsebiso bo bong ba bongaka bo re: “Boloetse bona bo fetoha bo sa foleng.” Bo bong bo re: “Bo-rasaense ha ba e-s’o fumane phekolo ea IC, ebile ba sitoa le ho bona esale pele hore na ke mang ea ka arabelang hamolemo phekolong e itseng. . . . Kaha lingaka ha li tsebe hore na IC e bakoa ke eng, phekolo e reretsoe hore e kokobetse matšoao a eona.”
Ke ne ke opeloa habohloko ke mahlaba le ho ntša metsi khafetsa, hoo ke neng ke ikemiselitse ho leka ntho leha e le efe eo lingaka li e khothalletsang. Ke se ke lekile liphekolo tse fapaneng tse fetang 40 hammoho le litlama, ho phekoloa ka ho hlajoa ka linalete, ho thethefatsoa methapo ea kutlo, ho entoa lesapo la mokokotlo e le ho bolaea litho ka nakoana le transcutaneous electrical nerve stimulation (TENS), eo ho eona methapo e angoang hanyenyane ke motlakase ka metsotso e itseng kapa lihora. Ke ile ka etsa lipatlisiso ka hohle kamoo nka khonang, e leng seo bonyane se ileng sa nthusa hore ke utloisise hanyenyane se etsahalang.
Hona joale ke ntse ke sebelisa methadone, e leng sekokobetsa-bohloko, hammoho le meriana e meng e tšeletseng. Ke boetse ke ea tleliniking kamehla, moo hangata ke hlajoang ka ente lesapong la mokokotlo hammoho le ho fuoa li-steroid ho nthusa hore ke mamelle bohloko. Bakeng sa ho ntša metsi khafetsa, ke ea sepetlele likhoeli tse ling le tse ling tse tharo kapa tse ’nè bakeng sa se bitsoang hydrodistension, moo ho sebelisoang mokelikeli o itseng ho bulula senya joaloka balune. Ke entse sena makhetlo a ’maloa. Ka sebele sena se mphomotsa likhoeli tse itseng. Lilemong tse ’maloa tse sa tsoa feta, ke ’nile ka kena le ho tsoa sepetlele ka makhetlo a fetang 30.
Ho thoe’ng ka phekolo ea ho qetela, ho ntša senya? Mohloli o mong oa boitsebiso o re: “Lingaka tse ngata li leqe ho buoa hobane liphello lia fapa-fapana ho latela mokuli ka mong—batho ba bang baa buuoa ebe ba sala ba ntse ba e-na le matšoao.” Ka hona, hajoale ha ke e-s’o nahane ka ho etsa seo.
Ka linako tse ling bohloko e ba bo matla le ba kamehla hoo ho leng bonolo ho tela. Ke bile ka fihleloa ke mohopolo oa ho ipolaea. Empa ke ile ka nahana ka thohako eo ketso e joalo e ka e tlisetsang lebitso la Jehova. Ke bona bohlokoa ba thapelo le thuto ea botho hammoho le ho hlaolela kamano e haufi le Jehova, haholo hobane ha u tsebe hore na u tla hlaheloa ke eng e ka ’nang ea fetola bophelo ba hao. Kamano ena ke eona e pholositseng bophelo ba ka nakong ea ho kula ha ka, kaha kea tseba hore nka be ke ipolaile hoja e se ka eona.
Ha ke sheba morao lilemong tsena tse robong, ke bona kamoo bophelo bo fetohang ka potlako kateng. Ke ananela mantsoe a Moeklesia 12:1, a reng: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao, pele matsatsi a tlokotsi a tla, kapa lilemo li fihla ha u tla re: ‘Ha ke li thabele.’” Ke motlotlo haholo hore ebe ke ile ka qala tšebeletso ea nako e tletseng ha ke le lilemo li 15 ’me ke khonne ho tsoela pele lilemo tse ka bang 20. Nakong eo, ke ile ka haha kamano e haufi le Jehova.
Ke leboha Jehova ka monna oa ka le mora oa ka Daniel, ba ’nileng ba ntšehetsa haholo. Hape ho khothatsa haholo ha litho tsa phutheho li ntetsetsa kapa li nketela. Ke thatafalloa ke ho tsoela ka ntle mariha hobane serame se etsa hore ho honyela ho sa tloaelehang ha mesifa ho be matla le ho feta. Ka nako eo, ke paka ka thelefono, e leng ho etsang hore ke lule ke nahana ka tšepo ea Paradeise le ho e nka e le ea sebele. Ke lebeletse nako eo ka eona ho kula le ho utloa bohloko e tla ba lintho tse fetileng, tse ke keng tsa hopoloa.—Esaia 33:24.