Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/15 leq. 16
  • Mohlahare oa Koena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlahare oa Koena
  • Tsoha!—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Shebela Koena Haufi
    Tsoha!—1995
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2015
  • Ho Tloha ha Mehlahare Malulong—Moikhakanyi e Moholo
    Tsoha!—1991
  • Mantsoe a Bitsitsoe ka ho Hlaka
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 7/15 leq. 16
Koena e nkileng lelinyane ka lehanong la eona ka tsela e sireletsehileng

NA O ENTSOE?

Mohlahare oa Koena

HAR’A liphoofolo tse phelang kajeno, koena ke eona eo ho fumanoeng hore e loma ka matla ho feta phoofolo leha e le efe. Ka mohlala, koena e phelang metsing a letsoai a fumanoang haufi le Australia, e loma ka matla ho feta tau kapa nkoe ka makhetlo a ka bang mararo. Leha ho le joalo, mohlahare oa koena o boetse o na le bokhoni bo ikhethang ba ho utloa se ka lehanong la eona—esita le ho feta kamoo menoana ea motho e utloang kateng. Seo se ka khoneha joang, haholo ha re nahana kamoo letlalo la koena le leng thata kateng?

Mohlahare oa koena o koahetsoe ke methapo-kutlo e likete. Ka mor’a hore a ithute ka mohlahare oa koena, mofuputsi e mong ea bitsoang Duncan Leitch o ile a re: “Karolo e ’ngoe le e ’ngoe e qetellong ea methapo-kutlo, e tsoa sekoting se lehateng.” Ka tsela eo, methapo-kutlo e mohlahareng ea sireletseha ha ka nako e tšoanang matla a eona a ho utloa a ba bohale le ho feta likarolong tse ling, hoo a ke keng a lekanngoa. Ka lebaka leo, koena e ka utloa phapang pakeng tsa lijo le mahoholi ka lehanong la eona. Ke kahoo e khonang ho kenya malinyane a eona ka lehanong empa ho sa etsahale hore e a ntše kotsi. Mohlahare oa koena o matla ka tsela e hlollang ’me ka tsela e tšoanang o na le bokhoni ba ho utloa se ka lehanong la eona.

U nahana’ng ka see? Na mohlahare oa koena o bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na o entsoe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela