Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • pr karolo 2 maq. 6-10
  • Ke Mang ea ka Re Bolellang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea ka Re Bolellang?
  • Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bophelo bo Bile Teng ka Tšohanyetso?
  • Ntho e Entsoeng e Hloka Moetsi
  • Seo Bibele e se Buang
  • “[Re] Entsoe ka Mokhoa o Hlollang”
  • Kamoo re ka Tsebang Hore Molimo o Teng
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Ananela Lintho Tse Qapiloeng Ithute ka Moqapi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na Boqapi bo ka ba Teng ho se na Moqapi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Batlisisa Morero
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
pr karolo 2 maq. 6-10

Karolo 2

Ke Mang ea ka Re Bolellang?

1, 2. Tsela e molemohali ea ho fumana morero oa ntho e entsoeng ke efe?

1 Ke mang ea ka re bolellang hore na ha e le hantle morero oa bophelo ke eng? Haeba u ne u etetse moetsi oa mechine eaba u ’mona a sebetsa mochineng o rarahaneng oo u sa o tsebeng, u ne u tla fumana joang hore na ke oa eng? Tsela e molemohali e ne e ka ba hore u botse moetsi oa oona.

2 Joale, ho thoe’ng ka moetso o motle o re potolohileng oo re o bonang lefatšeng, joaloka linthong tsohle tse phelang, ho fihlela ho sele e nyenyane ka ho fetisisa e phelang? Esita le limolek’hule le liathomo tse nyenyane haholo tse ka har’a sele li entsoe ka tsela e hlollang ’me li hlophisehile. Hape, ho thoe’ng ka kelello ea motho e entsoeng ka tsela e hlollang? ’Me ho thoe’ng ka tsamaiso ea lipolanete le letsatsi la rōna, le sehlopha sa rōna sa linaleli sa Milky Way, le bokahohle? Na lintho tsee tsohle tse hlollang tse entsoeng ha lia ka tsa hloka Moetsi? Ka sebele a ka re bolella hore na ke hobane’ng ha a entse lintho tse joalo.

Na Bophelo bo Bile Teng ka Tšohanyetso?

3, 4. Ke monyetla ofe o teng oa hore bophelo bo hlahile ka tšohanyetso?

3 The Encyclopedia Americana e buile ka “tekanyo e sa tloaelehang ea ho rarahana le tlhophiso e teng libōpuoeng tse phelang” ’me ea re: “Ho hlahlobisisa lipalesa, likokoanyana, kapa liphoofolo ho bontša tlhophiso ea likarolo e nepahetseng ka tsela e sa tloaelehang.” Molepi oa linaleli oa Brithani Monghali Bernard Lovell, ha a bua ka likarolo tse bōpang lik’hemik’hale linthong tse phelang, o ngotse: “Monyetla oa . . . ketsahalo ea tšohanyetso e lebisitseng ho etsoeng ha e ’ngoe ea limolek’hule tse nyenyane ka ho fetisisa tsa protein o monyenyane hoo ho leng thata ho o nahana. . . . Ha e le hantle ha o eo.”

4 Ka ho tšoanang, molepi oa linaleli Fred Hoyle o itse: “Kaheho eohle ea tšebetso e tloaelehileng ea bophelo e ntse e tiisa hore bophelo bo hlahile ntle ho morero. Leha ho le joalo ha litsebi tsa tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang li ntse li sibolla ho eketsehileng ka ho rarahana ho hlollang ha bophelo, ho totobetse hore menyetla ea hore bo hlahe ka tsietsi e menyenyane hoo e ka qheleloang ka thōko ka ho feletseng. E ke ke ea ba bophelo bo hlahile ka tšohanyetso.”

5-7. Tšebetso ea limolek’hule linthong tse phelang e tiisa joang hore lintho tse phelang li ke ke tsa hlaha ka tšohanyetso?

5 Tšebetso ea limolek’hule linthong tse phelang, e ’ngoe ea likarolo tsa morao-rao tsa saense, ke thuto ea lintho tse phelang boemong ba liphatsa tsa lefutso, limolek’hule, le liathomo. Setsebi sa tšebetso ea limolek’hule linthong tse phelang Michael Denton se hlalosa ka se fumanoeng: “Ho rarahana ha mofuta oa sele e pala o tsejoang ho hoholo hoo ho leng thata ho amohela hore ntho e joalo e bile teng ka tšohanyetso ka ketsahalo e sa tloaelehang, eo menyetla ea hore e etsahale e fokolang.” “Empa hase feela ho rarahana ha tšebelisano ea lihlopha tsa lintho tse phelang ho hlollang ka ho tebileng, ho boetse ho na le bohlale bo sa tloaelehang boo hangata bo bonahalang moetsong oa tsona.” “Ke boemong ba limolek’hule moo . . . bohlale ba moetso oa tšebetso ea bophelo le phetheho ea lipakane tse finyeletsoeng li totobalang ka ho fetisisa.”

6 Denton o phaella ka ho re: “Hohle moo re talimang, botebong bofe kapa bofe boo re talimang ho bona, re fumana botle le bohlale ba boleng bo phahameng ka ho fetisisa, bo fokolisang khopolo ea ho hlaha ha lintho ka tšohanyetso. Na ka sebele hoa utloahala hore tšebetso e hlokang morero e ka be e hlahisitse ntho ea sebele, eo karolo ea eona e nyenyane ka ho fetisisa—tšebetso ea protein kapa phatsa ea lefutso—e rarahaneng hoo e phahametseng matla a rōna a ho qapa lintho, ketsahalo ea sebele e latolang ho hlaha ha lintho ka tšohanyetso, e leng ’nete e phahametseng ka kutloisiso eohle ntho leha e le efe e hlahisitsoeng ka bohlale ba motho?” O boetse o re: “Pakeng tsa sele e phelang le tsamaiso e hlophisehileng ka tsela e phahameng eo e seng ea tšebetso ea lintho tse phelang, joaloka krystale kapa likaroloana tsa lehloa, ho na le lekhalo le leholo le le ke keng la lekanngoa leo motho a ka le nahanang.” ’Me moprofesa oa physics, Chet Raymo, o re: “Ke hloletsoe ka ho tebileng . . . Molek’hule o mong le o mong o bonahala o entsoe ka mohlolo bakeng sa mosebetsi oa oona.”

7 Setsebi sa tšebetso ea limolek’hule linthong tse phelang Denton se phetha ka hore “ba sa ntsaneng ba lomahantse meno ba tšehetsa taba ea hore ’nete ena e ncha ke phello ea ho ba teng ka tšohanyetso feela tjee” ba lumela tšōmo. Ha e le hantle, o bitsa tumelo ea Darwin mabapi le hore lintho tse phelang li hlahile ka tšohanyetso “tšōmo e khōlō ea tšimoloho ea bokahohle ea lekholong la mashome a mabeli la lilemo.”

Ntho e Entsoeng e Hloka Moetsi

8, 9. Fana ka papiso e bontšang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng e tlameha ho ba le moetsi.

8 Monyetla oa hore ntho e sa pheleng e ka phela ka tšohanyetso, ka tsietsi e itseng e se nang morero, ha oa tloaeleha hoo o bonahalang o ke ke oa etsahala. Che, lintho tsohle tse phelang tse lefatšeng tse entsoeng hantle ka ho fetisisa e ke ke ea ba li hlahile ka tsietsi, kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng e tlameha ho ba le moetsi. Na ho na le mekhelo eo u e tsebang? Ha e eo. ’Me ha ntho e entsoeng e rarahane haholoanyane, moetsi oa eona o lokela ho ba bohlale haholoanyane.

9 Hape re ka etsa papiso ea taba ena ka tsela ena: Ha re bona ntho e ferefiloeng, re e amohela e le bopaki ba hore ho na le motho ea ferefang. Ha re bala buka, re amohela hore ho na le mongoli. Ha re bona ntlo, re amohela hore ho na le sehahi. Ha re bona mabone a sephethe-phethe, rea tseba hore ho na le sehlopha se etsang molao. Lintho tseo kaofela li entsoe ka morero ke batho ba li entseng. ’Me le hoja re ke ke ra utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka batho ba li entseng, ha re belaele hore batho bao ba teng.

10. Ho ka bonoa bopaki bofe ba boteng ba Moetsi ea Phahameng?

10 Ka ho tšoanang, bopaki ba boteng ba Moetsi ea Phahameng bo ka bonoa ho etsoeng, ho hlophisoeng, le ho rarahaneng ha lintho tse phelang tse leng lefatšeng. Kaofela li bontša hore ho na le Motho ea Bohlale ea Phahameng. Sena e boetse ke ’nete ka ho etsoa, ho hlophisoa, le ho rarahana ha bokahohle hammoho le lihlopha tsa linaleli tse limillione tse likete, tseo sehlopha ka seng se nang le linaleli tse limillione tse likete. ’Me lihloliloeng tsa leholimo li laoloa ke melao e nepahetseng, joaloka ea motsamao, mocheso, leseli, molumo, electromagnetism, le matla a khoheli. Na ho ka ba le melao ka ntle ho moetsi oa molao? Rasaense oa lifofa-sebakeng Dr. Wernher von Braun o itse: “Melao ea tlhaho ea bokahohle e nepahetse hoo re se nang bothata ba ho haha sefofa-sebakeng se tla fofela khoeling ’me re ka lekanyetsa nako ea ho fofa hoo ka ho nepahala ho isa karolong ea motsotsoana. E tlameha ebe ho na le motho ea entseng melao ena.”

11. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho latola boteng ba Moetsi ea Phahameng feela hobane re ke ke ra ’mona?

11 Ke ’nete, re ke ke ra bona Moetsi le Monehi-molao ea Phahameng ka mahlo a rōna a nama. Empa na re latola boteng ba lintho tse kang matla a khoheli, magnetism, motlakase, kapa maqhubu a seea-le-moea hobane feela re ke ke ra li bona? Che, ha ho joalo, hobane re bona liphello tsa tsona. Ka hona, ke hobane’ng ha re ka latola boteng ba Moetsi le Monehi-molao ea Phahameng hobane feela re ke ke ra ’mona, empa re bona liphello tsa mosebetsi oa liatla tsa hae o hlollang?

12, 13. Bopaki bo re’ng ka boteng ba ’Mōpi?

12 Paul Davies, moprofesa oa physics, o fihlela qeto ea hore boteng ba motho hase ketsahalo feela tjee e reriloeng esale pele. O re: “Ka sebele re reretsoe ho ba mona.” ’Me o re mabapi le bokahohle: “Ka mosebetsi oa ka oa saense, ke lumela ka matla a eketsehileng hore bokahohle bo bonahalang bo entsoe ka bohlale bo hlollang hoo nke keng ka amohela hore ke ntho e hlahileng ntle ho mabaka. Kamoo ho bonahalang ka teng ho ’na, e tlameha ebe ho na le tlhaloso e tebileng haholoanyane.”

13 Ka hona, bopaki bo re bolella hore bokahohle, lefatše, le lintho tse phelang tse lefatšeng e ke ke ea ba li hlahile ka tšohanyetso feela. Kaofela li fana ka bopaki bo khutsitseng ba hore ho na le ’Mōpi ea bohlale ka ho fetisisa, ea matla.

Seo Bibele e se Buang

14. Bibele e fihlela qeto efe ka ’Mōpi?

14 Bibele, buka ea batho ea khale ka ho fetisisa, e fihlela qeto e tšoanang. Ka mohlala, bukeng ea Bibele ea Baheberu, e ngotsoeng ke moapostola Pauluse, rea bolelloa: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e ee e hahuoe ke motho; empa ea hahileng ntho tsohle ke Molimo.” (Ba-Heberu 3:4) Buka ea ho qetela ea Bibele, e ngotsoeng ke moapostola Johanne, le eona e re: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.”—Tšenolo 4:11.

15. Re ka bona litšoaneleho tse ling tsa Molimo joang?

15 Bibele e bontša hore le hoja Molimo a ke ke a bonoa, hore na ke Molimo oa mofuta ofe ho ka bonoa ka seo a se entseng. E re: “Litšoaneleho [tsa ’Mōpi] tse sa bonahaleng, ke ho re matla a sa feleng le bomolimo ba hae, li bonahetse, haesale lefatše le qala, ho ba nang le kahlolo e molemo, linthong tseo a li entseng.”—Ba-Roma 1:20, The New English Bible.

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho thabela hore ebe batho ba ke ke ba bona Molimo?

16 Kahoo Bibele e re tlosa phellong e re isa sesoseng. Phello—lintho tse hlollang tse entsoeng—ke bopaki ba Sesosa se bohlale, se matla: Molimo. Hape, re ka leboha hore ebe ha a bonahale, kaha joaloka ’Mōpi oa bokahohle bohle, ntle ho pelaelo o na le matla a maholo hoo batho ba nama le mali ba ke keng ba lebella ho ’mona eaba baa phela. ’Me ke sona seo Bibele e se bolelang: ‘Ha ho motho ea ka bonang Molimo ’me a phela.’—Exoda 33:20.

17, 18. Ke hobane’ng ha khopolo ea ’Mōpi e lokela ho ba ea bohlokoa ho rōna?

17 Khopolo ea Moetsi e Moholo, Motho ea Phahameng—Molimo—e lokela ho ba ea bohlokoa ho rōna. Haeba re entsoe ke ’Mōpi, joale ka sebele e tlameha e be o ne a e-na le lebaka, morero, oa ho re bōpa. Haeba re bōpetsoe ho ba le morero bophelong, joale ho na le lebaka la ho ba le tšepo ea hore lintho li tla ba molemonyana bakeng sa rōna nakong e tlang. Ho seng joalo, re phela le ho shoa feela ntle ho tšepo. Kahoo ke habohlokoa haholo hore re fumane morero oa Molimo bakeng sa rōna. Joale re ka khetha hore na re batla ho phela tumellanong le oona kapa che.

18 Hape, Bibele e bolela hore ’Mōpi ke Molimo ea lerato ea re tsotellang haholo. Moapostola Petrose o itse: “Oa le tsotella.” (1 Petrose 5:7, NW; bona le Johanne 3:16 le 1 Johanne 4:8, 16.) Tsela e ’ngoe eo re ka bonang ka eona hore Molimo o tsotella hakae ke ka ho hlahloba tsela e hlollang eo a re entseng ka eona, kelellong le ’meleng.

“[Re] Entsoe ka Mokhoa o Hlollang”

19. Mopesaleme Davida o re hlokomelisa ’nete efe?

19 Ka Bibeleng mopesaleme Davida o ile a lumela: “Ka tsela e susumetsang tšabo ke entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14, NW) Ka sebele hoo ke ’nete, hobane boko ba motho le ’mele oa hae li entsoe ka tsela e makatsang ke Moetsi ea Phahameng.

20. Buka e ’ngoe ea boitsebiso e hlalosa boko ba motho joang?

20 Ka mohlala, boko ba hao bo rarahane haholo ho feta computer leha e le efe. The New Encyclopædia Britannica e re: “Ho fetisetsoa ha boitsebiso ka har’a tšebetso ea methapo ho rarahane haholo ho feta tsamaiso e khōlō ka ho fetisisa ea thelefono; matla a boko ba motho a ho rarolla mathata a feta hōle a li-computer tse matla ka ho fetisisa.”

21. Ha re bona seo boko bo se etsang, re lokela ho fihlela qeto efe?

21 Liketsahalo le litšoantšo tsa kelello tse makholo a limillione li bolokoa ka bokong ba hao, empa hase feela pokello ea liketsahalo. Ka bona u ka ithuta ho letsa mololi, ho baka bohobe, ho bua lipuo lisele, ho sebelisa computer, kapa ho fofisa sefofane. U ka nahana hore phomolo e tla ba joang kapa hore na tholoana e tla latsoeha hamonate hakae. U ka hlahlobisisa lintho le ho li etsa. U ka ba ua rera, ua ananela, ua rata, le ho amahanya menahano ea hao le nakong e fetileng, ea hona joale, le e tlang. Kaha rōna batho re ke ke ra etsa ntho e hlollang joaloka boko ba motho, joale ho totobetse hore motho Ea bo entseng o na le bohlale le matla a ho etsa lintho a phahametseng a motho leha e le ofe.

22. Bo-rasaense ba lumela eng ka boko ba motho?

22 Mabapi le boko, bo-rasaense baa lumela: “Mokhoa oo mesebetsi ena e etsoang ka eona ke mochine ona o entsoeng ka bokhabane, o hlophisehileng le o rarahaneng haholo ke sephiri. . . . Le ka mohla batho ba ke ke ba rarolla qaka leha e le efe eo boko bo e hlahisang.” (Scientific American) ’Me moprofesa oa physics Raymo o re: “Bonneteng, re ntse re sa tsebe ho hongata mabapi le kamoo boko ba motho bo bolokang boitsebiso ka teng, kapa kamoo bo khonang ho hopola lintho ha bo li hloka. . . . Ho na le lisele tsa methapo tse ka bang limillione tse likete tse lekholo ka bokong ba motho. Sele ka ’ngoe e momahane le lisele tse ling tse likete ka tlhophiso e kang sefate ea karolo e fetisang melaetsa ka methapo. Menyetla ea momahano ena e rarahane ka ho makatsang.”

23, 24. Bolela likarolo tse ling tsa ’mele tse entsoeng ka tsela e hlollang, ’me enjiniere e ’ngoe e ile ea fana ka tlhaloso efe?

23 Mahlo a hao a khethollehile ’me a feto-fetoha boemong leha e le bofe ho feta k’hamera leha e le efe; ha e le hantle, ke lik’hamera tse feto-fetolang lintho ka botsona, tse leka-lekanyang lintho ka botsona, tsa libaesekopo. Litsebe tsa hao li ka utloa melumo e sa tšoaneng ’me tsa u tataisa le ho u fa botsitso. Pelo ea hao ke pompo e nang le matla ao lienjiniere tse molemohali li e-s’o ka li khona ho a etsisa. Likarolo tse ling tsa ’mele le tsona ke tse hlollang: nko, leleme, le matsoho a hao, hammoho le tsamaiso ea hao ea mali le tšilo ea lijo, ha re bolela tse seng kae.

24 Ka hona, enjiniere e ’ngoe e neng e hiretsoe ho etsa le ho haha computer e khōlō e ile ea re: “Haeba computer ea ka e ne e hloka moetsi, ho thoe’ng ka mochine oo o rarahaneng oa matla le lik’hemik’hale le tšebetso ea bophelo e leng ’mele oa ka oa botho—oo e leng karolo e nyenyane haholo ea bokahohle bo ke keng ba lekanngoa?”

25, 26. Moetsi e Moholo e ka khona a re bolelle eng?

25 Feela joalokaha batho ba na le morero ha ba etsa lifofane, li-computer, libaesekele, le lisebelisoa tse ling, ka ho tšoanang e tlameha ebe Moetsi oa boko le ’mele ea batho o ne a e-na le morero ha a re etsa. ’Me Moetsi enoa o lokela ho ba bohlale bo phahametseng ba batho, kaha ha ho le ea mong ho rōna ea ka etsisang lintho tseo a li entseng. Ka hona, ke ho utloahalang hore ebe ke Eena ea ka re bolellang lebaka leo a re entseng ka lona, lebaka leo a re behileng lefatšeng ka lona, le hore na re ea hokae.

26 Ha re ithuta lintho tseo, joale boko le ’mele tse tsotehang tseo Molimo a re fileng tsona li ka sebelisoa bakeng sa ho phethahatsa morero oa rōna bophelong. Empa ke hokae moo re ka ithutang ka merero ea hae? Ke hokae moo a re fang boitsebiso boo?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tsela e molemo ea ho fumana lebaka leo ntho e itseng e entsoeng ka lona ke ho botsa moetsi

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ho rarahana le ho etsoa ha lintho tse phelang ho ka bonoa molek’huleng oa DNA

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

“Matla a boko ba motho a ho rarolla mathata a feta hōle a li-“computer” tse matla ka ho fetisisa”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela