Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gm khao. 8 maq. 98-116
  • Thuto ea Mahlale: Na e Pakile Hore Bibele e Fositse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ea Mahlale: Na e Pakile Hore Bibele e Fositse?
  • Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Naletsana ea Rōna Lefatše
  • “Tšimolohong”
  • Bophelo bo Botle ba ’Mele le Bohloeki
  • Bibele e Re’ng?
  • Ho Iphetola ha Lintho le Pōpo
  • Na e Pakiloe?
  • Tšimoloho ea Bophelo
  • Lebaka la ho se Lumele Pōpo
  • Ho Thoe’ng ka Moroallo?
  • Metsi a Moroallo
  • Mesaletsa ea Moroallo?
  • Moloko oa Batho ha oa ka oa Lebala
  • Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lekhotleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Iphetola Hoa Lintho
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na ba Pakile Hore Bibele e Fositse?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Buella ’Nete Lefatšeng le Khopo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
gm khao. 8 maq. 98-116

Khaolo 8

Thuto ea Mahlale: Na e Pakile Hore Bibele e Fositse?

Ka 1613 ramahlale oa Letaliana Galileo o ile a hatisa buka e tsejoang e le “Letters on Sunspots.” Ho eona, o ile a fana ka bopaki ba hore lefatše le potoloha letsatsi, ho fapana le hore letsatsi le potoloha lefatše. Ka ho etsa joalo, o ile a qalisa letoto la liketsahalo tseo qetellong li ileng tsa etsa hore a tlisoe ka pel’a Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Roma e K’hatholike ka “pelaelo e matla ea bokhelohi.” Qetellong, o ile a qobelloa ho “ipolela hore o soabile.” Ke hobane’ng ha khopolo ea hore lefatše le potoloha letsatsi e ne e talingoa e le bokhelohi? Hobane banģosi ba Galileo ba ne ba bolela hore e khahlanong le seo Bibele e se bolelang.

1. (Akarelletsa kenyelletso.) (a) Ho ile ha etsahala joang ha Galileo a hlahisa hore lefatše le potoloha letsatsi? (b) Le hoja Bibele e se buka ea thuto ea mahlale, re fumana eng ha re e bapisa le thuto ea kajeno ea mahlale?

KAJENO ho na le tumelo e pharalletseng ea hore Bibele ha e lumellane le mahlale, ’me ba bang ba supa liphihlelo tsa Galileo ho paka seo. Empa na ho joalo? Ha re arabela potso eo, re lokela ho hopola hore Bibele ke buka ea boprofeta, histori, thapelo, molao, keletso, le tsebo ea Molimo. Ha e ipolele e le buka ea thuto ea mahlale. Leha ho le joalo, ha Bibele e bua ka litaba tsa mahlale seo e se buang se nepahetse ka ho felletseng.

Naletsana ea Rōna Lefatše

2. Bibele e hlalosa boemo ba lefatše sepaka-pakeng joang?

2 Ka mohlala, nahana ka seo Bibele e se bolelang ka naletsana ea rōna, lefatše. Bukeng ea Jobo, rea bala: “[Molimo] o ala leboea holim’a sebaka se se nang letho, o fanyeha lefatše holim’a lefeela.” (Jobo 26:7, NW) Bapisa sena le polelo ea Esaia, ha a re: “Ke eena ea nang le terone ea hae holim’a phikoloho ea lefatše.” (Esaia 40:22) Setšoantšo se senoloang sa lefatše le chitja ‘le fanyehiloeng holim’a lefeela’ holim’a “sebaka se se nang letho” se re hopotsa ka matla lifoto tsa phikoloho ea lefatše e sollang sebakeng se se nang letho tse nkiloeng ke litsebi tsa sepaka-paka.

3, 4. Potoloho ea metsi a lefatše ke eng, ’me Bibele e re’ng ka see?

3 Hape, nahana ka potoloho ea metsi a lefatše e hlollang. Mona Compton’s Encyclopedia e hlalosa se etsahalang tjena: “Metsi . . . a etsa moholi o tlohang maoatleng o ea sepaka-pakeng . . . Meea e ntseng e foka ka linako tsohle sepaka-pakeng sa lefatše e isa moea o mongobo hōle le leoatle. Ha moea oo o hatsela, moholi o fetoha marotholi a manyenyane a metsi. Marotholi ana a bonoa ka ho tloaelehileng e le maru. Hangata marotholi ana a manyenyane a teteana ho etsa marotholi a pula. Haeba sepaka-paka se bata ka ho lekaneng, ho hlaha lehloa ho e-na le marotholi a pula. Maemong ao ka bobeli, metsi a tlohileng leoatleng makholo-kholo kapa esita le likete-kete tsa lik’hilomithara a oela holim’a lefatše. Ha a fihla moo a bokellana melatsoaneng kapa a ngobela mobung ’me a qala leeto la ’ona ho khutlela leoatleng.”⁠1

4 Tšebetso ena e hlollang, e etsang hore bophelo bo khone ho ba teng lefatšeng le omileng, e ile ea hlalosoa hantle hoo e ka bang lilemo tse 3 000 tse fetileng ka mantsoe a bonolo, a tobileng ka Bibeleng: “Melatsoana eohle e phallela leoatleng, empa le ka mohla leoatle ha le tšolohe; e khutlela morao sebakeng seo melatsoana e neng e phalla e tsoa ho sona e khutla ho ea phalla hape.”—Moeklesia 1:7, The New English Bible.

5. Ke joang tlhaloso ea mopesaleme ea histori ea lithaba tsa lefatše e leng e nakong ka ho hlollang?

5 Mohlomong ho bileng ho hlollang le ho feta ke temoho eo Bibele e fanang ka eona historing ea lithaba. Buka ea thuto ea mahlale a pōpeho ea mafika e bolela tjena: “Ho tloha mehleng ea pele ho Thuto ea Mahlale a Pōpeho ea Mafika ho fihlela kajeno, tšebetso e sa khaotseng ea ho haha le ho heletsa lithaba e ’nile ea tsoela pele. . . . Hase feela hore lithaba li simolohile botebong ba maoatle a nyametseng, empa hangata li ’nile tsa koaheloa ke metsi ka nako e telele ka mor’a ho boptjoa ha tsona, eaba li phahamisoa hape.”⁠2 Bapisa sena le puo ea thothokiso ea mopesaleme: “U no u . . . khurumelitse [lefatše] ka boliba joale ka hoja ke kobo, metsi a na a eme lithabeng; lithaba tsa phahama, liphula tsa kokobella libakeng tsee u nong u li lokiselitse tsona.”—Pesaleme ea 104:6, 8.

“Tšimolohong”

6. Ke polelo efe ea Bibele e lumellanang le lithuto tsa kajeno tsa mahlale mabapi le tšimoloho ea bokahohle?

6 Temana ea pele feela ea Bibele e re: “Tšimolohong Molimo o ne o bōpe maholimo le lefatše.” (Genese 1:1, NW) Liphuputso li entse hore bo-ramahlale ba rute hore ka sebele bokahohle bo bonahalang bo bile le tšimoloho. Hase hore esale bo ntse bo le teng. Molepi oa linaleli Robert Jastrow, ea lumelang hore ha ho mokhoa oa ho tseba Molimo litabeng tsa bolumeli, o ngotse: “Lintlha li fapane, empa likarolo tsa motheo tsa litlaleho tsa bolepi ba linaleli le tsa Bibele tsa Genese lia tšoana: tatellano ea liketsahalo tse lebisitseng ho motho e qalile hang ’me e le ka tšohanyetso ka motsotso o tobileng nakong, ka ho hlaha ha khanya le matla ka tšohanyetso.”⁠3

7, 8. Le hoja ba sa lumele karolo eo Molimo o e phethang tabeng, bo-ramahlale ba bangata ba tlameha ho lumela eng mabapi le tšimoloho ea bokahohle?

7 Ke ’nete, bo-ramahlale ba bangata, le hoja ba lumela hore bokahohle bo bile le tšimoloho, ha ba amohele polelo ea hore “Molimo o ne o bōpe.” Leha ho le joalo, hona joale ba bang ba lumela hore ho thata ho iphapanyetsa bopaki ba mofuta o itseng oa bohlale bo entseng lintho tsohle. Moprofesa oa thuto ea mahlale e amanang le tšebeliso ea matla Freeman Dyson oa hlalosa: “Ha ke ntse ke hlahloba bokahohle ka ho eketsehileng ’me ke ithuta lintlha tsa kaheho ea bona, ke hona ke fumanang bopaki bo eketsehileng ba hore ka kutloisiso e itseng e tlameha e be bokahohle bo ile ba tseba hore rea tla.”

8 Dyson o tsoela pele ho lumela: “Kaha ke ramahlale, ea koetlisitsoeng ka mekhoa ea khopolo le puo ea lekholong la bo20 la lilemo ho fapana le ea lekholong la bo18, ha ke bolele hore kaheho ea bokahohle e paka hore Molimo o teng. Ke bolela feela hore kaheho ea bokahohle e lumellana le tlhaloso e se nang bopaki bo felletseng ea hore monahano o phetha karolo ea bohlokoahali ho sebetseng ha bona.”⁠4 Ka sebele tlhaloso ea hae e senola boikutlo ba ho belaella lintho bo teng mehleng ea rōna. Empa ha re behella ho belaella lintho hoo ka thōko, motho o hlokomela hore ho na le tumellano e hlollang pakeng tsa thuto ea kajeno ea mahlale le polelo ea Bibele ea hore “tšimolohong Molimo o ne o bōpe maholimo le lefatše.”—Genese 1:1, NW.

Bophelo bo Botle ba ’Mele le Bohloeki

9. Molao oa Bibele ka mafu a tšoaetsanoang a letlalo o senola bohlale bo sebetsang joang? (Jobo 12:9, 16a, NW)

9 Hlokomela kamoo Bibele e sebetsang karolong e ’ngoe: bophelo bo botle ba ’mele le bohloeki. Haeba Moiseraele a ne a e-na le sepha letlalong seo ho belaeloang hore ke lepera, o ne a behoa sebakeng se ka thōko. “O tla ba le sesila mehleng eohle eo a nang le bohloko boo; o sesila, ’me o tla aha a inotši: boaho ba hae bo tla ba ka ntle ho liahelo.” (Levitike 13:46) Esita le liaparo tse nang le lefu li ne li chesoa. (Levitike 13:52) Mehleng eo, ena e ne e le tsela e sebetsang ea ho thibela lefu ho hasana.

10. Ke ka tsela efe batho ba bangata linaheng tse ling ba neng ba ka fumana molemo ka ho latela keletso ea Bibele ea ho ipaballa ’meleng?

10 Molao o mong oa bohlokoa o ne o amana le mantle a motho, a neng a lokela ho chekeloa ka ntle ho kampo. (Deuteronoma 23:12, 13) Ha ho pelaelo hore molao ona o ile oa pholosa Iseraele mafung a mangata. Esita le kajeno, linaheng tse ling mathata a boima a bophelo bo botle ba ’mele a hlahisoa ke ho se lahle mantle a motho ka tsela e nepahetseng. Hoja feela batho ba linaha tseo ba ne ba ka latela molao o ngotsoeng ka Bibeleng lilemong tse likete-kete tse fetileng, ba ka be ba phela hamolemonyana ’meleng.

11. Ke keletso efe ea Bibele mabapi le bophelo bo botle ba kelello e fumanoeng e le e sebetsang?

11 Tekanyetso e phahameng ea Bibele ea ho ipaballa ’meleng e ne e bile e akarelletsa bophelo bo botle ba kelello. Maele a Bibele a itse: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho, empa mōna o bolisa masapo a hae.” (Liproverbia 14:30) Lilemong tsa morao tjena, phuputso ea lingaka e bontšitse hore ka sebele bophelo ba rōna bo botle ’meleng bo angoa ke boikutlo ba rōna kelellong. Ka mohlala, Ngaka C. B. Thomas oa Univesithi ea Johns Hopkins o ile a ithuta batho ba nang le mangolo a univesithi ba fetang sekete ka nako ea lilemo tse 16, a bapisa litšobotsi tsa bona kelellong le ho ratoa ha bona ke mafu. Ntho e ’ngoe eo a ileng a e hlokomela: Batho ba nang le mangolo a univesithi ba ratoang ke mafu ka ho fetisisa e ne e le ba halefang haholo le ba ferekanang haholo tlas’a khatello.⁠5

Bibele e Re’ng?

12. Ke hobane’ng ha Kereke e K’hatholike e ile ea tsitlallela hore thuto ea Galileo mabapi le lefatše e ne e le bokhelohi?

12 Haeba Bibele e nepahetse hakaalo likarolong tsa mahlale, ke hobane’ng ha Kereke e K’hatholike e ile ea bolela hore thuto ea Galileo ea hore lefatše le potoloha letsatsi e khahlanong le Mangolo? Ke ka baka la tsela eo ba boholong ba neng ba hlalosa litemana tse itseng tsa Bibele ka eona.⁠6 Na ba ne ba nepile? A re ke re baleng likarolo tse peli har’a tseo ba ileng ba li qotsa ’me re bone.

13, 14. Ke litemana life tsa Bibele tseo Kereke e K’hatholike e neng e li sebelisa hampe? Hlalosa.

13 Karolo e ’ngoe e re: “Letsatsi lea chaba, letsatsi lea likela; joale le potlakela sebakeng sa lona ’me le chaba hona moo.” (Moeklesia 1:5, The Jerusalem Bible) Ho latela khang ea Kereke, lipolelo tse kang “letsatsi lea chaba” le “letsatsi lea likela” li bolela hore ke letsatsi le tsamaeang, eseng lefatše. Empa esita le kajeno re re letsatsi lea chaba ’me lea likela, ’me boholo ba rōna rea tseba hore ke lefatše le tsamaeang, eseng letsatsi. Ha re sebelisa lipolelo tse kang tsena, re mpa re hlalosa se bonahalang e le ho tsamaea ha letsatsi kamoo le hlahang kateng ho motho ea shebelletseng. Sengoli sa Bibele se ne se etsa se tšoanang le seo hantle.

14 Karolo e ’ngoe e re: “U tiisitse lefatše metheong ea lona, le ke ke la sisinyeha ka mehla le mehla.” (Pesaleme ea 104:5, The Jerusalem Bible) Tlhaloso ea sena e ne e bolela hore ka mor’a ho boptjoa ha lona, lefatše le ne le ke ke la sisinyeha le ka mohla. Empa, ha e le hantle temana eo e hatisa hore lefatše le hlola ka ho sa feleng, eseng ho se sisinyehe ha lona. Le ka mohla lefatše le ke ke la ‘sisingoa’ hore le se hlole le e-ba teng, kapa la felisoa, joalokaha litemana tse ling tsa Bibele li tiisa hoo. (Pesaleme ea 37:29; Moeklesia 1:4) Hape, ha ho moo lengolo lena le amanang teng le ho tsamaea ha lefatše kamanong ea lona le letsatsi. Mehleng ea Galileo, ke Kereke e neng e thibela tlhaloso e lokolohileng ea thuto ea mahlale, eseng Bibele.

Ho Iphetola ha Lintho le Pōpo

15. Thuto ea ho iphetola ha lintho ke eng, ’me e khahlanong le Bibele joang?

15 Leha ho le joalo, ho na le karolo eo ho eona ba bangata ba neng ba tla bolela hore thuto ea kajeno ea mahlale e hanyetsana le Bibele ka mokhoa o hlokisang tšepo. Bo-ramahlale ba bangata ba lumela thuto ea ho iphetola ha lintho, e rutang hore lintho tsohle tse phelang li ile tsa iphetola ho tloha mofuteng oa bophelo o monyenyane o bileng teng lilemong tse limillione tse fetileng. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e ruta hore lihlopha tsohle tse khōlō tsa lintho tse phelang li bōpiloe ka ho khethehileng ’me li ikatisa feela “ka mefuta ea tsona.” E re motho o bōpiloe “ka lerōle la lefatše.” (Genese 1:21; 2:7) Na ee ke phoso e pepenene ea mahlale ka Bibeleng? Pele re etsa qeto, a re ke re hlahlobeng ka hloko seo thuto ea mahlale e se tsebang, ho fapana le seo e se rutang.

16-18. (a) Ntho e ’ngoe eo Charles Darwin a ileng a e hlokomela e ileng ea etsa hore a lumele thuto ea ho iphetola ha lintho ke efe? (b) Re ka arabela joang khang ea hore seo Darwin a ileng a se hlokomela Lihleke-hlekeng tsa Galápagos ha se hanyetse seo Bibele e se bolelang?

16 Thuto ea ho iphetola ha lintho e ile ea hasoa lekholong le fetileng la lilemo ke Charles Darwin. Ha a le Lihleke-hlekeng tsa Galápagos tse Pacific, Darwin o ile a khahloa haholo ke mefuta e fapaneng ea linonyana tse binang tse lihleke-hlekeng tse fapaneng, tseo a ileng a etsa qeto ea hore e tlameha e be kaofela ha tsona li tsoile mofuteng o le mong feela oa boholo-holo. Mohlomong ka baka la seo a ileng a se hlokomela, o ile a khothalletsa thuto ea hore lintho tsohle tse phelang li tsoile mofuteng o le mong qalong, o monyenyane. O ile a pheha khang ea hore matla a neng a susumetsa ho iphetola ha libopuoa tse khōloanyane ho tloha ho tse tlaasana, e ne e le tšebetso ea tlhaho ea ho hloaea, ho pholoha ha tse likhoka. Ka thuso ea thuto ea ho iphetola ha lintho, o ile a bolela hore liphoofolo tsa lefatše li tsoile ho litlhapi, linonyana li tsoile ho lihahabi, joalo-joalo.

17 Ha e le hantle, seo Darwin a ileng a se hlokomela lihleke-hlekeng tseo tse ka thōko se ne se sa hanyetse Bibele, e lumelang hore mefuta e fapa-fapaneng e ka ba teng ka har’a mofuta o moholo o phelang. Ka mohlala, merabe e fapaneng ea batho kaofela e tsoile ho batho ba babeli feela qalehong. (Genese 2:7, 22-24) Kahoo ha ho letho le makatsang ka hore e be mefuta eo e fapaneng ea linonyana tse binang e tsoile mofuteng o le mong oa boholo-holo. Empa li ile tsa sala e ntse e le linonyana tse binang. Ha lia ka tsa iphetola liphakoe kapa lintsu.

18 Mefuta e fapaneng ea linonyana tse binang kapa ntho leha e le efe e ’ngoe eo Darwin a ileng a e bona ha lia ka tsa paka hore lintho tsohle tse phelang, e-bang ke li-shark kapa linonyana tse khōlō tsa leoatle, litlou kapa libōkō, li tsoile ho moholo-holo a le mong. Leha ho le joalo, bo-ramahlale ba bangata ba pheha khang ea hore ho iphetola ha lintho ha e sa le thuto feela empa ke ’nete. Ba bang, le hoja ba hlokomela mathata a thuto eo, ba re ba ntse ba e lumela. Ho tloaelehile ho etsa joalo. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore rōna re tsebe hore na thuto ea ho iphetola ha lintho e kile ea pakoa ho isa bohōleng boo e tlamehang e be Bibele e fositse.

Na e Pakiloe?

19. Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e tšehetsa thuto ea ho iphetola ha lintho kapa ea pōpo?

19 Thuto ea ho iphetola ha lintho e ka hlahlojoa joang? Tsela e totobetseng ka ho fetisisa ke ho hlahloba tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale ho bona haeba kannete phetoho e tlang butle-butle ho tloha mofuteng o mong ho ea ho o mong e kile ea etsahala. Na e kile ea etsahala? Che, joalokaha bo-ramahlale ba ’maloa ba lumela hoo ka botšepehi. E mong, Francis Hitching, oa ngola: “Ha u batla mehato e hokahanyang lihlopha tse khōlō tsa liphoofolo, ho hang ha e eo.”⁠7 Ho ba sieo hona ha bopaki tlalehong ea mesaletsa ea lintho tsa khale ho totobetse hoo litsebi tsa thuto ea ho iphetola ha lintho li hlahisitseng litlhaloso tse fapaneng le thuto ea Darwin ea phetoho e tlang butle. Empa, ’nete ke hore, ho hlaha ha mefuta ea liphoofolo hang-hang tlalehong ea mesaletsa ea lintho tsa khale ho tšehetsa thuto ea pōpo e khethehileng haholo ho feta kamoo ho tšehetsang thuto ea ho iphetola ha lintho.

20. Ke hobane’ng ha tsela eo lisele tse phelang li ikatisang ka eona e sa siee monyetla oa hore ho iphetola ha lintho ho ne ho ka etsahala?

20 Ho feta moo, Hitching o bontša hore libopuoa tse phelang li etselitsoe hore li ikatise hantle feela kamoo li leng kateng ho fapana le ho fetoha ntho e ’ngoe. O re: “Lisele tse phelang li ikatisa hoo e batlang e le ka botšepehi bo felletseng. Tekanyo ea phoso e nyenyane haholo hoo ho seng mochini o entsoeng ke motho o ka e atamelang. Hape ho na le lithibelo tseo li bopelletsoeng le tsona. Limela li hōla ho fihlela boholong bo itseng ’me li hana ho hōla ho ea pele. Lintsintsi tse jang litholoana li hana ho fetoha ntho leha e le efe haese ho ba lintsintsi tse jang litholoana tlas’a maemo leha e le afe a ka nahanoang.”⁠8 Liphetoho tsa libopeho tse hlahisitsoeng ka boomo ke bo-ramahlale lintsintsing tse jang litholoana ho theosa le mashome a mangata a lilemo, li ile tsa hlōleha ho qobella lintsintsi tsena ho fetoha ntho e ’ngoe.

Tšimoloho ea Bophelo

21. Ke qeto efe e pakiloeng ke Louis Pasteur e hlahisang bothata bo tebileng bakeng sa litsebi tsa thuto ea ho iphetola ha lintho?

21 Potso e ’ngoe e kukunelang eo litsebi tsa thuto ea ho iphetola ha lintho li hlōtsoeng ho e arabela ke hore: Bophelo bo simolohile hokae? Mofuta oa bophelo o monyenyane oa pele—oo ho nkoang hore kaofela re tsoile ho oona—o bile teng joang? Makholo-kholong a lilemo a fetileng, sena se ne se ke ke sa bonahala e le bothata. Ka nako eo batho ba bangata ba ne ba nahana hore lintsintsi li ka hlaha nameng e bolileng le hore qubu ea likatana e ne e ka hlahisa litoeba ka tšohanyetso. Empa, nako e ka holimo ho lilemo tse lekholo tse fetileng, setsebi sa lik’hemik’hale sa Lefora Louis Pasteur se ile sa bontša ka ho hlaka hore bophelo bo ka hlaha feela bophelong bo seng bo ntse bo le teng.

22, 23. Ho latela litsebi tsa thuto ea ho iphetola ha lintho, bophelo bo qalehile joang, empa linnete li bontša eng?

22 Kahoo litsebi tsa thuto ea ho iphetola ha lintho li hlalosa mohloli oa bophelo joang? Ho latela thuto e tloaelehileng haholo, ho kopana ha lik’hemik’hale ka kotsi le matla ka tšohanyetso ho ile ha qalisa moloko oa bophelo lilemong tse limillione tse fetileng. Ho thoe’ng ka molao-motheo o pakiloeng ke Pasteur? The World Book Encyclopedia ea hlalosa: “Pasteur o bontšitse hore bophelo bo ke ke ba hlaha ka tšohanyetso tlas’a maemo a lik’hemik’hale le tšebeliso ea matla a teng lefatšeng kajeno. Leha ho le joalo, lilemong tse libillione tse fetileng, maemo a lik’hemik’hale le a tšebeliso ea matla a lefatšeng a ne a fapane haholo”!⁠9

23 Empa, esita le tlas’a maemo a fapaneng haholo, ho na le lekhalo le leholo pakeng tsa lintho tse sa pheleng le ntho e nyenyane ka ho fetisisa e phelang. Michael Denton, bukeng ea hae Evolution: A Theory in Crisis, o re: “Pakeng tsa sele e phelang le tsamaiso e sa pheleng e hlophisitsoeng ka mokhoa o phahameng ka ho fetisisa, e kang kristale kapa lehloa, ho na le lekhalo le leholo le ke keng la lekanngoa hoo ho leng thata ho le nahana.”⁠10 Khopolo ea hore ntho e sa pheleng e ne e ka fetoha e phelang ka kotsi e itseng ea tšohanyetso ke ntho e thata hoo e ke keng ea etsahala. Tlhaloso ea Bibele, ea hore ‘bophelo bo hlahile bophelong’ ka hore bophelo bo bōpiloe ke Molimo, ke e lumellanang le linnete ka tsela e kholisang.

Lebaka la ho se Lumele Pōpo

24. Ho sa tsotellehe mathata a thuto eo, ke hobane’ng ha bo-ramahlale ba bangata ba ntse ba khomaretse thuto ea ho iphetola ha lintho?

24 Ho sa tsotellehe mathata a tsamaeang le thuto ea ho iphetola ha lintho, kajeno ho lumela pōpo ho talingoa e le ho sa lumellaneng le mahlale, e bile e le ntho e sa tloaelehang. Lebaka la see ke lefe? Ke hobane’ng ha esita le motho ea boholong joaloka Francis Hitching, eo ka botšepehi a supang mefokolo ea thuto ea ho iphetola ha lintho, a hana khopolo ea pōpo?⁠11 Michael Denton o hlalosa hore thuto ea ho iphetola ha lintho, ka liphoso tsohle tsa eona, e tla tsoela pele ho rutoa hobane lithuto tse amanang le pōpo “li kenyelletsa lisosa tse phahametseng matla a tlhaho ka ho toba.”⁠12 Ka mantsoe a mang, ’nete ea hore pōpo e akarelletsa ’Mōpi e etsa hore e be e sa amoheleheng. Ka sebele, ona ke oona mokhoa oa ho nahana o sa utloahaleng oo re ileng ra thulana le oona tabeng ea mehlolo: Mehlolo e ke ke ea etsahala hobane e le mehlolo!

25. Ke bofokoli bofe ba thuto ea ho iphetola ha lintho, ho latela thuto ea mahlale, bo bontšang hore hase thuto ea sebele e ka emang bakeng sa pōpo ha ho hlalosoa tšimoloho ea bophelo?

25 Ntle le moo, thuto ea ho iphetola ha lintho ka boeona e belaetsa ka ho tebileng ho latela pono ea litaba ea mahlale. Michael Denton o tsoela pele ho re: “Kaha ha e le hantle ke thuto ea ho hlophisa histori bocha, [thuto ea Darwin ea ho iphetola ha lintho] e ke ke ea tiisoa ka teko kapa ka ho hlahlojoa ka ho toba joaloka thuto ea mahlale e tloaelehileng. . . . Ho feta moo, thuto ea ho iphetola ha lintho e amana le letoto la liketsahalo tse ikhethang, tšimoloho ea bophelo, tšimoloho ea bohlale joalo-joalo. Liketsahalo tse ikhethang li ke ke tsa phetoa ’me li ke ke tsa batlisisoa ka teko ea mofuta leha e le ofe.”⁠13 ’Nete ke hore thuto ea ho iphetola ha lintho, ho sa tsotellehe hore na e tloaelehile hakae, e tletse makhalo le mathata. Ha e fane ka lebaka leha e le lefe le letle la ho hana tlaleho ea Bibele ea tšimoloho ea bophelo. Khaolo ea pele ea Genese e fana ka tlaleho e utloahalang ka ho felletseng ea hore na ‘liketsahalo tsena tse ikhethang’ “tse ke keng tsa phetoa” li hlahile joang ‘matsatsing’ a pōpo a nkileng likete-kete tsa lilemo tsa nako.a

Ho Thoe’ng ka Moroallo?

26, 27. (a) Bibele e re’ng mabapi le Moroallo? (b) E tlameha e be karolo e ’ngoe ea metsi a moroallo e ile hokae?

26 Ba bangata ba supa ho hong ho nkoang e le khanyetsano pakeng tsa Bibele le thuto ea kajeno ea mahlale. Bukeng ea Genese, re bala hore lilemong tse likete tse fetileng bokhopo ba batho bo ile ba e-ba boholo hoo Molimo o ileng oa rera ho ba timetsa. Leha ho le joalo, o ile oa laela monna ea lokileng Noe ho haha lebokose le leholo la mapolanka le kang sekepe, areka. Joale Molimo o ile oa tlisetsa batho moroallo. Ke Noe le lelapa la hae feela ba ileng ba pholoha, hammoho le liphoofolo tse neng li emela mefuta eohle ea liphoofolo. Moroallo o ile oa e-ba moholo hoo “lithaba tsohle tse telele tse ka tlas’a maholimo ’ohle [li ileng] tsa apesoa.”—Genese 7:19.

27 Metsi ao kaofela a ileng a koahela lefatše lohle a ne a e-tsoa hokae? Bibele ka boeona e-ea arabela. Qalehong ea tšebetso ea pōpo, ha sebaka se qala ho hlaha sepaka-pakeng, ho ne ho e-na le “metsi a ka tlase ho sebaka” le “metsi a ka holimo ho sebaka.” (Genese 1:7; 2 Petrose 3:5) Ha Moroallo o e-tla, Bibele e re: “Lithoba tsa leholimo tsa thiboloha.” (Genese 7:11) Ka ho hlakileng, “metsi a ka holimo ho sebaka” a ile a tšoloha ’me a hlahisa metsi a mangata bakeng sa moroallo.

28. Bahlanka ba boholo-holo ba Molimo, ho akarelletsa Jesu, ba ne ba talima Moroallo joang?

28 Libuka tsa thuto tsa kajeno li sekamela ho qhela moroallo o akaretsang. Kahoo re lokela ho botsa: Na Moroallo ke tšōmo feela, kapa kannete o bile teng? Pele re arabela hoo, re lokela ho hlokomela hore bao e bileng barapeli ba Jehova hamorao ba ne ba amohela Moroallo e le histori ea ’nete; ba ne ba sa o talime e le tšōmo. Esaia, Jesu, Pauluse, le Petrose ke ba bang ba ileng ba bua ka oona e le ntho eo kannete e ileng ea e-ba teng. (Esaia 54:9; Mattheu 24:37-39; Ba-Heberu 11:7; 1 Petrose 3:20, 21; 2 Petrose 2:5; 3:5-7) Empa ho na le lipotso tse lokelang ho arabeloa mabapi le Moroallo ona o akaretsang.

Metsi a Moroallo

29, 30. Ke linnete life tse mabapi le ho hlahisoa ha metsi a lefatše tse bontšang hore Moroallo ke ntho e ka etsahalang?

29 Pele, na khopolo ea hore lefatše lohle le ne le koahetsoe ke moroallo hase eo ho leng thata ho e kholoa? Ha ho hlile ha ho joalo. Ka sebele, ho isa tekanyong e itseng lefatše le ntse le koahetsoe ke metsi. Karolo ea lona ea 70 lekholong e koahetsoe ke metsi ’me ke karolo ea 30 lekholong feela eo e leng mobu o omileng. Ho feta moo, karolo ea 75 lekholong ea metsi a lefatše a matle e bolokiloe lipokellong tsa lehloa le libakeng tse nang le liqubu tsa leqhoa. Haeba leqhoa lena kaofela le ne le ka qhibiliha, metsi a leoatle a ne a tla phahama haholo. Metse e kang New York le Tokyo e ne e tla nyamela.

30 Ho feta moo, The New Encyclopædia Britannica e re: “Ka karolelano botebo ba maoatle ’ohle bo hakanngoa ho ba limithara tse 3 790, palo e khōlō haholo ho feta bophahamo bo tloaelehileng boo lefatše le phahametseng leoatle ka bona, e leng limithara tse 840. Haeba botebo bo tloaelehileng bo atisoa ka bophara ba lona, boholo ba Leoatle la Lefatše bo mena ka makhetlo a 11 boholo ba lefatše moo le phahametseng leoatle teng.”⁠14 Kahoo, haeba ho ne ho ka etsoa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lekane—haeba lithaba li ne li ka batalatsoa ’me likoti tse tebileng tsa maoatle tsa katoa—leoatle le ne le tla koahela lefatše lohle ka botebo ba limithara tse likete.

31. (a) Hore e be Moroallo o ile oa e-ba teng, e tlameha e be boemo e ne e le bofe lefatšeng la pele ho Moroallo? (b) Ke eng e bontšang hore ho ka etsahala hore e be lithaba li ne li le tlaasana le hore likoti tsa maoatle li ne li patisane haholoanyane pele ho Moroallo?

31 Hore e tle e be Moroallo o kile oa e-ba teng, e tlameha e be likoti tsa maoatle tsa pele ho Moroallo li ne li patisane haholoanyane, ’me lithaba li le tlaasana ho moo li leng teng hona joale. Na hoo ho ka etsahala? Koana, buka e ’ngoe ea thuto e re: “Moo hona joale lithaba tsa lefatše li phahameng ka bophahamo bo makatsang, ka nako e ’ngoe maoatle le liphula, lilemong tse limillione tse fetileng, a ne a koahetse ho fihla bophahamong bo tšoanang. . . . Ho tsamaea ha lipoleiti tsa lik’hontinente ho etsa hore lefatše le phahamele bophahamong boo ho bona e leng liphoofolo le limela tse thata ka ho fetisisa feela tse ka pholohang ’me, ka lehlakoreng le leng, le tebe ’me le lule khanyeng e patehileng tlaase haholo ka tlas’a leoatle.”⁠15 Kaha lithaba le likoti tsa maoatle lia phahama li bile lia teba, hoa bonahala hore ka nako e ’ngoe lithaba li ne li sa phahama kamoo li phahameng kateng hona joale le likoti tse khōlō tsa maoatle li ne li sa teba kamoo li tebileng kateng.

32. E tlameha e be ho etsahetse joang ka metsi a Moroallo? Hlalosa.

32 Ho ile ha etsahala joang ka metsi a moroallo ka mor’a Moroallo? E tlameha e be a ile a bokelloa likoting tsa maoatle. Joang? Bo-ramahlale ba lumela hore lik’hontinente li lutse holim’a lipoleiti tse khōlō. Ho tsamaea ha lipoleiti tsena ho ka hlahisa liphetoho bophahamong ba lefatše. Libakeng tse ling kajeno, ho na le likoti tse khōlō ka tlas’a metsi tse nang le botebo bo fetang lik’hilomithara tse 10 meeling ea lipoleiti tseo.⁠16 Ho ka etsahala hore—mohlomong ka baka la Moroallo oo ka booona—lipoleiti tseo li ile tsa tsamaea, leoatle la teba haholoanyane, ’me mekoti e meholo ea buleha, ea lumella metsi hore a ome holim’a lefatše.b

Mesaletsa ea Moroallo?

33, 34. (a) Ke bopaki bofe boo bo-ramahlale ba seng ba ntse ba e-na le bona boo e ka ’nang eaba ke bopaki ba Moroallo? (b) Na hoa utloahala ho bolela hore e ka ’na eaba bo-ramahlale ba bala bopaki hampe?

33 Haeba re lumela hore moroallo o moholo o ne o ka ba teng, ke hobane’ng ha bo-ramahlale ba sa fumana mosaletsa oa oona? Mohlomong ba o fumane, empa ba hlalosa bopaki ka tsela e ’ngoe. Ka mohlala, thuto ea mahlale e amoheloang e ruta hore libakeng tse ngata lefatše le fetotsoe sebopeho ke pokello e matla ea lehloa le leqhoa le phaellaneng letotong la linako tsa leqhoa. Empa ka linako tse ling bopaki bo bonahalang e le ba ho bokellana ha lehloa le leqhoa bo ka hlaha e le phello ea se etsoang ke metsi. Joale, mohlomong bopaki bo bong ba Moroallo bo baloa ka phoso e le bopaki ba nako ea leqhoa.

34 Ho ’nile ha etsoa liphoso tse tšoanang. Mabapi le nako ea ha bo-ramahlale ba hlahisa thuto ea bona ea linako tsa leqhoa, rea bala: “Ba ile ba fumana linako tsa leqhoa mohatong o mong le o mong oa histori ea thuto ea mahlale a pōpeho ea mafika, tumellanong le filosofi ea ho tšoana ha lintho. Leha ho le joalo, tlhahlobo e ncha ea bopaki lilemong tsa morao tjena e ile ea qhela karolo e khōlō ea linako tsena tsa leqhoa; mobu o ipōpileng oo ka nako e ’ngoe o neng o tsejoa e le ho bokellana ha mobu le majoe ho bakoang ke pokello ea lehloa le leqhoa o hlalositsoe bocha e le ho bokellana ha seretse, ho teba ha lefatše ka tšohanyetso ka tlas’a leoatle le ho phalla ha seretse: meroallo ea metsi a seretse a nang le mahoholi, lehlabathe le lehlohlojane le tsoang botebong ba leoatle.”⁠18

35, 36. Ke bopaki bofe bo tlalehong ea mesaletsa ea lintho tsa khale le thutong ea mahlale a pōpeho ea mafika boo e ka ’nang eaba bo amana le Moroallo? Hlalosa.

35 Ho bonahala eka bopaki bo bong ba Moroallo bo teng tlalehong ea mesaletsa ea lintho tsa khale. Ho latela tlaleho ena, ka nako e ’ngoe mangau a maholo a meno a malelele a ne a tsoma liphofu tsa ’ona Europe, lipere tse khōlō ho feta lipere leha e le life tse phelang hona joale li ne li tletse-tletse Amerika Leboea, ’me litlou tse khōlō li ne li tsoma lijo Siberia. Joale, lefatšeng ka bophara, mefuta ea liphoofolo e ile ea nyamela. Ka nako e tšoanang, ho ile ha e-ba le ho fetoha ha tšohanyetso ha maemo a leholimo. Litlou tse khōlō tse mashome a likete li ile tsa bolaoa ’me ka potlako tsa kenngoa leqhoeng Siberia.c Alfred Wallace, motho e mong ea tsebahalang oa mehleng ea Charles Darwin, o ne a nahana hore e tlameha e be timetso e pharalletseng hakaalo e tlisitsoe ke ketsahalo e ’ngoe e sa tloaelehang lefatšeng lohle.⁠19 Ba bangata ba ’nile ba pheha khang ea hore ketsahalo ena e ne e le Moroallo.

36 Mohlophisi oa makasine Biblical Archaeologist o hlokometse: “Ke habohlokoa ho hopola hore pale ea moroallo o moholo ke e ’ngoe ea lineano tse pharalletseng ka ho fetisisa lichabeng tsa batho . . . Leha ho le joalo ka mor’a lineano tsa khale ka ho fetisisa tse fumanoang mehloling ea Bochabela bo Haufi, ho ka ’na ha e-ba le moroallo oa sebele o moholo haholo oa nakong e ’ngoe ea mehleng ea mongobo o mongata . . . likete tse ngata tsa lilemo tse fetileng.”⁠20 Mehla ea mongobo o mongata ke linako tseo ka tsona lefatše le neng le le mongobo haholo ho feta hona joale. Matša a metsi a matle a ne a le maholoanyane lefatšeng lohle. Ho rutoa hore mongobo oo o ile oa hlahisoa ke lipula tsa litloebelele tse amahanngoang le bofelo ba linako tsa leqhoa. Empa ba bang ba hlahisitse hore ka lekhetlo le le leng mongobo o moholo oa lefatše o ile oa bakoa ke Moroallo.

Moloko oa Batho ha oa ka oa Lebala

37, 38. Ramahlale e mong o bontša joang hore, ho latela bopaki, e ka ’na eaba Moroallo o ile oa e-ba teng, ’me re tseba joang hore o bile teng?

37 Moprofesa oa thuto ea mahlale a pōpeho ea mafika John McCampbell o kile a ngola: “Liphapang tsa motheo pakeng tsa tlokotsi ea Bibele [Moroallo] le filosofi ea hore phetoho ea lefatše e hlahisitsoe ke liketsahalo tse tšoanang tsa ho iphetola ha lintho, ha li hlahisoe ke boitsebiso ba ’nete ba thuto ea mahlale a pōpeho ea mafika empa li hlahisoa ke ho hlalosoa ha boitsebiso boo. Tlhaloso e khethoang e tla itšetleha haholo ka semelo sa seithuti ka seng le maikutlo ao se seng se ntse se e-na le ’ona.”⁠21

38 Hore Moroallo o kile oa e-ba teng ho bonoa ’neteng ea hore ha ho mohla moloko oa batho o kileng oa o lebala. Lefatšeng ka bophara, libakeng tse qalikaneng joaloka Alaska le Lihleke-hleke tsa Leoatle la Boroa, ho na le lipale tsa boholo-holo tse buang ka oona. Matsoalloa a Amerika, a pele ho mehla ea Columbus, hammoho le Batala ba Australia, kaofela ba na le lipale tse buang ka Moroallo. Le hoja tse ling tsa litlaleho tseo li fapana ka lintlha, ’nete ea motheo ea hore lefatše le ile la koaheloa ke moroallo le hore ke batho ba seng bakae feela ba ileng ba pholoha ka lebokose le leholo le kang sekepe le entsoeng ke motho e hlahella hoo e batlang e le litlalehong tseo kaofela. Tlhaloso feela ea tumelo e pharalletseng joalo ke hore Moroallo ke ketsahalo e bileng teng historing.d

39. Ke bopaki bofe bo eketsehileng boo re bo boneng ba ’nete ea hore Bibele ke lentsoe la Molimo, eseng la motho?

39 Ka hona, litšobotsing tsa bohlokoa Bibele e lumellana le thuto ea kajeno ea mahlale. Moo ho nang le khohlano pakeng tsa tsona, bopaki ba bo-ramahlale ke bona bo belaetsang. Moo li lumellanang, hangata Bibele e nepahetse hoo re lokelang ho lumela hore e fumane boitsebiso ba eona ho boleng bo bong bo nang le bohlale bo phahametseng ba motho. Ka sebele, tumellano ea Bibele le thuto ea mahlale e pakiloeng e fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore ke lentsoe la Molimo, eseng la motho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tlhaloso e qaqileng haholoanyane ea taba ea ho iphetola ha lintho le pōpo e fumanoa bukeng Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e hatisitsoeng ka 1985 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b Buka Planet Earth—Glacier e hlokomelisa ka tsela eo metsi a ipōpileng ho iketsa leqhoa le lehloa a hatelletseng lefatše kateng. Ka mohlala, e re: “Haeba leqhoa la Greenland le ne le ka nyamela, qetellong lihleke-hleke li ne li tla phahama hape ka limithara tse ka bang 610.” Ha re talima sena, phello eo moroallo oa lefatše oa tšohanyetso o bileng le eona likarolong tsa mobu oa lefatše e ka ’na eaba e ile ea e-ba koluoa.⁠17

c Khakanyo e ’ngoe e re limillione tse hlano.

d Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Moroallo, bona Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., Moqolo 1, maqephe 327, 328, 609-612.

[Lebokose le leqepheng la 105]

“Ka Lerōle”

“The World Book Encyclopedia” e-ea tlaleha: “Likarolo tsohle tsa lik’hemik’hale tseo lintho tse phelang li entsoeng ka tsona li teng hape linthong tse sa pheleng.” Ka mantsoe a mang, lik’hemik’hale tsa motheo tse etsang lintho tse phelang, ho akarelletsa motho, li fumaneha hape lefatšeng ka bolona. Sena se lumellana le polelo ea Bibele: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše.”—Genese 2:7.

[Lebokose le leqepheng la 107]

‘Ka Setšoantšo sa Molimo’

Ba bang ba supa litšobotsi tse tšoanang ’meleng oa motho le ’meleng ea liphoofolo tse ling ho paka kamano ea hae le tsona. Empa, ba tlameha ho lumela hore matla a motho a kelello a phahametse hōle a phoofolo leha e le efe. Ke hobane’ng ha motho a e-na le matla a ho etsa merero le ho hlophisa lefatše le mo potolohileng, matla a lerato, bohlale bo phahameng, letsoalo, le khopolo ea nako e fetileng, ea hona joale, le ea ka moso? Thuto ea ho iphetola ha lintho e ke ke ea arabela sena. Empa Bibele e-ea arabela, ha e re: “Eaba Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo.” (Genese 1:27) Mabapi le matla a motho a kelello le a boitšoaro le seo a ka khonang ho se etsa, ho bonahala setšoantšo sa Ntate oa hae oa leholimo.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 109]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Bibele e fana ka tlhaloso e nepahetseng ea potoloho ea metsi a lefatše

[Setšoantšo se leqepheng la 99]

Tlhaloso ea Bibele ea lefatše le fanyehiloeng sepaka-pakeng e lumellana hantle haholo le seo liithuti tsa sepaka-paka li tlalehileng hore li se bone

[Setšoantšo se leqepheng la 102]

Bibele ha e kenelle tabeng ea ho bolela hore na lefatše le potoloha letsatsi kapa letsatsi le potoloha lefatše

[Setšoantšo se leqepheng la 113]

Haeba lefatše le ne le ka batalatsoa, la hloka lithaba kapa likoti, le ne le tla koaheloa ka ho felletseng ke metsi a tebileng

[Setšoantšo se leqepheng la 114]

Ho ile ha fumanoa litlou tse khōlō tse neng li kenngoe leqhoeng ka mor’a ho shoa ha tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 115]

Louis Pasteur o pakile hore bophelo bo ka hlaha feela bophelong bo seng bo ntse bo le teng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela