Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 9/8 maq. 20-22
  • AIDS—Na Ke Kotsing?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • AIDS—Na Ke Kotsing?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšoaetso e Tlang ka Tsela e Ipatileng
  • Bacha ba Kotsing
  • Ho ka Etsahala!
  • AIDS—Tlokotsi Bakeng sa Bacha
    Tsoha!—1991
  • Nka Qoba ho Tšoaroa ke AIDS Joang?
    Tsoha!—1993
  • Ho Thusa ba Nang le AIDS
    Tsoha!—1994
  • AIDS—Seo Batsoali le Bana ba Lokelang ho se Tseba
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 9/8 maq. 20-22

Bacha Baa Botsa . . .

AIDS—Na Ke Kotsing?

MAKASINE oa Newsweek o ile oa re phatlalatso eo e ile ea ‘tšosa lefatše.’ Ka November 7, 1991, sebapali se tummeng sa U.S. Earvin “Magic” Johnson o ile a tsebisa ba likoranta hore o tšoaelitsoe kokoana-hloko ea AIDS. Hang-hang ka mor’a kamohelo eo e tšosang, mehala ea thuso e fanang ka boitsebiso ea AIDS e ne e phathahane ke batho ba letsang. Lipetlele tse ling li ne li tletse likōpo tsa liteko tsa AIDS. Batho ba bang ba ile ba ba ba fokotsa boitšoaro ba bona bo bobe—bonyane ka nakoana.

Mohlomong phatlalatso ena e ile ea ama batho ba bacha haholo. Motsamaisi oa litšebeletso tsa bophelo univesithing e ’ngoe o re: “Barutoana ba ile ba nka ka ho teba molaetsa oa hore ‘haeba ho mo etsahalletse, ho ka nketsahalla’—ka nakoana [ba ile ba angoa ke se etsahalletseng Magic Johnson]. . . . Bakeng sa barutoana ba bangata, se ileng sa etsahalla Magic Johnson, ha se bolele hore ba lokela ho etsa liphetoho boitšoarong ba bona. Ba ntse ba nahana hore ba ka ‘atleha ho qoba liphello tse bohloko.’”

Bibele e ile ea profeta hore mehla ea rōna e ne e tla khetholloa ka “mafu a seoa,” ke hore, mafu a tšoaetsanoang a atang ka potlako. (Luka 21:11) Ka sebele AIDS e ka bitsoa lefu la seoa. Ho ile ha nka lilemo tse robeli—ho tloha ka 1981 ho isa ho 1989—hore ho sibolloe batho ba pele ba 100 000 ba tšoeroeng ke AIDS United States. Empa ho ile ha nka lilemo tse peli feela hore ho tlalehoe ka batho ba bang ba 100 000!

Ho latela Litsi tsa Taolo ea Mafu tsa U.S., lipalo tsena tse nyahamisang li “hatisa boholo bo ntseng bo tsoela pele ka potlako ba seoa sa [AIDS] United States.” Leha ho le joalo, AIDS ke seoa sa lefatše lohle, se bakang mafu a mangata le masoabi ho pholletsa le Afrika, Asia, Europe, le Latin America. Ka ho loketseng, Dr. Marvin Belzer oa Sepetlele sa Bana sa Los Angeles o bitsa AIDS “bothata bo tšosang ka ho fetisisa boo bacha ba talimaneng le bona lilemong tsa bo-1990.”

Tšoaetso e Tlang ka Tsela e Ipatileng

Ha e le hantle lefu lee le sa tloaelehang ke eng, hona ke hobane’ng ha le bolaea hakaale? Lingaka li lumela hore AIDS e hlaha ha phatsa e ka bonoang feela ka microscope—kokoana-hloko e bitsoang HIV (Human Immunodeficiency Virus [kokoana-hloko e etsang hore ’mele oa batho o sitoe ho itšireletsa mafung])—e futuhela phallo ea mali. Hang ha e fihla teng, kokoana-hloko eo e kena letšolong la ho tsoma le ho timetsa lisele tse itseng tse tšoeu tsa mali tsa ’mele, lisele tse thusang tse bitsoang T. Lisele tsena li phetha karolo e khōlō ho thusa ’mele ho thibela mafu. Leha ho le joalo, kokoana-hloko ea AIDS, ea li holofatsa, e senya tsamaiso ea ho itšireletsa mafung.

Ho ka feta nako e telele pele motho ea tšoaelitsoeng a ikutloa a kula. Ba bang ba ke ke ba bontša matšoao ka nako e ka etsang lilemo tse leshome. Empa ka mor’a nako e itseng ba qala ba e-ba le matšoao a kang a flu—ho theoha ha boima le ho lahleheloa ke takatso ea lijo, feberu, le letšollo. Ha tsamaiso ea ho itšireletsa ha ’mele mafung e tsoela pele ho theoha e senyeha, mohlaseluoa o hlaseloa habobebe ke mafu a mangata—pneumonia, meningitis, lefuba, kapa likankere tse itseng—tse bitsoang hore li rata ho nka menyetla hobane li sebelisa monyetla o hlahisitsoeng ke ho theoha ha ho itšireletsa mafung ha ’mele oa mohlaseluoa.

Mohlaseluoa e mong ea lilemo li 20 oa AIDS o re: “Ke utloa bohloko ka linako tsohle.” Lefu leo le ahlamisitse liso moqopong oa hae le mohlamung. Leha ho le joalo, AIDS e felletseng e bolela ho hongata ho feta ho se ikutloe hamonate le bohloko; ho hoo e batlang e le bahlaseluoa bohle ba eona, e bolela lefu. Ho tloha ka 1981 kokoana-hloko ena e jalehile bathong ba ka holimo ho millione United States feela. Ho se ho shoele ba ka holimo ho 160 000. Litsebi li bolela esale pele hore ka selemo sa 1995, palo ea mafu e tla imena habeli. Hona joale ha ho na pheko e tsejoang ea AIDS.

Bacha ba Kotsing

Ho tla fihlela joale, ke karolo e fokolang feela lekholong ea ba tšoeroeng ke AIDS—karolo e ka tlaase ho 1 lekholong United States—e ama bacha. Ka hona, e ka ’na eaba ha u tsebe bacha ba bolailoeng ke seoa sena. Sena ha se bolele hore bacha ha ba kotsing! Hoo e ka bang karolo e le ’ngoe ho tse hlano ea bahlaseluoa bohle ba AIDS United States ba lilemong tsa bona tsa bo-20. Kaha ho nka lilemo tse seng kae hore matšoao a bonahale, boholo ba batho bana e ka ’na eaba ba tšoaelitsoe ha ba sa le lilemong tse ka tlaase ho 20. Haeba mekhoa ea joale e ntse e tsoela pele, bacha ba eketsehileng ba likete ba tla tšoaroa ke AIDS.

Ho latela Litsi tsa Taolo ea Mafu tsa U.S., kokoana-hloko ena e bolaeang e lula “maling, peōng e tona, le marong a setho sa botšehali bathong ba tšoaelitsoeng.” Ka hona HIV e tšoaetsanoa ka “ho ba le likamano tsa botona le botšehali—ka setho sa botšehali, ka ho kenya setho sa botona ka morao, kapa ka molomong—le motho ea tšoaelitsoeng.” Boholo bo tšoaelitsoe boloetse bona ka tsela ena. AIDS e ka boela ea fetisoa ka “ho sebelisa kapa ho hlajoa ka nalete kapa syringe e sebelisitsoeng ke kapa e sebeliselitsoeng motho ea tšoaelitsoeng.” Ho feta moo, “batho ba bang ba ’nile ba tšoaetsoa ka ho amohela litšelo tsa mali” a silafalitsoeng ke HIV.—Voluntary HIV Counseling and Testing: Facts, Issues, and Answers.

Ka lebaka leo bacha ba bangata ba kotsing. Palo e tšosang ea bacha (ba bang ba re hoo e ka bang karolo ea 60 lekholong United States) ba kile ba e-ba le phihlelo ea lithethefatsi tseo eseng tsa molao. Kaha tse ling tsa lithethefatsi tsena batho ba ikenta ka tsona, kotsi ea ho tšoaetsoa ka nalete e silafalitsoeng e phahame. Ho latela phuputso e ’ngoe ea U.S., karolo ea 82 lekholong ea liithuti tsa sekolo se phahameng li ’nile tsa sebelisa lino tse tahang, ’me hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong e etsa joalo hona joale. Ha u tšoaroe ke AIDS ka ho noa koti-koti ea biri, empa ka morao e ka sitisa kahlolo ea hao ’me ea etsa hore ho be bobebe hore u kenelle boitšoarong bo kotsi ka ho fetisisa—boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, tsa bosodoma kapa tsa ho kopanela le batho ba fapaneng.

Ka 1970 ke karolo e ka tlaase ho 5 lekholong ea banana ba lilemo li 15 ba neng ba bile le phihlelo ea likamano tsa botona le botšehali. Ka 1988 palo eo e ne e se e nyolohetse ka holimo ho karolo ea 25 lekholong. Joalokaha liphuputso le tsona li bontša, ha ba e-ba lilemo li 20, karolo ea 75 lekholong ea ba batšehali le ea 86 lekholong ea ba batona United States ba kenella likamanong tsa botona le botšehali. Palo e ’ngoe e tšosang: Hoo e ka bang mocha a le mong ho ba bahlano o bile le phihlelo ea likamano tsa botona le botšehali le batho ba fetang ba bane. E, bacha ba eketsehileng ba ntse ba kenella likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, ’me ba ntse ba e-ea ba qala ba sa le banyenyane ho feta leha e le neng pele.

Boemo ha bo molemonyana linaheng tse ling. Linaheng tsa Latin America, hoo e ka bang likotara tse tharo tsa bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba kile ba kenella likamanong tsa pele ho lenyalo. Linaheng tsa Afrika banna ba bangata ho boleloa hore ba khethile banana ba lilemo tse ka tlaase ho 20 e le balekane ba likamano tsa botona le botšehali ka teko ea ho itšireletsa khahlanong le kokoana-hloko ea AIDS. Phello e bile efe? Ho phahama ha ho tšoaroa ke AIDS har’a banana ba Maafrika ba lilemo tse ka tlaase ho 20.

Ho jaleha ha AIDS ho entse ho fokolang ho thibela tšekamelo ena ea boitšoaro bo senyang. Nahana ka naha e ’ngoe ea Latin America. Karolo e fetang ea 60 lekholong ea “bacha ba kenellang likamanong tsa botona le botšehali ba se lenyalong e kotsing e khōlō ea ho tšoaroa ke kokoana-hloko ea AIDS.” Leha ho le joalo, ke karolo e ka tlaase ho 10 lekholong e ikutloang hore e kotsing. Baa ipolella: ‘Ho ke ke ha etsahala ho ’na.’ Empa naha ena e na le “palo e phahameng ka ho fetisisa ea ba tšoaelitsoeng ke HIV Amerika e ka leboea le e ka boroa.”—Litsi tsa Taolo ea Mafu tsa U.S.

Ho ka Etsahala!

Seoa sa AIDS se hatisa bonnete ba litemoso tsa Bibele tsa hore “bofello” ba boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali “bo baba joale ka lengana.” (Liproverbia 5:3-5; 7:21-23) Ka ho hlakileng, Bibele e bua haholo-holo ka kotsi ea moea le ea maikutlo. Empa ha hoa lokela ho re makatsa hore boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali le bona bo na le phello e bohloko ’meleng.

Ka hona ke habohlokoa hore bacha ka tieo ba talimane le kotsi ea ho tšoaroa ke AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Boikutlo ba ho khotsofala ba hore AIDS ‘e ke ke ea nketsahalla’ bo ka ipaka bo bolaea. Mocha e mong ea bitsoang David o ile a re: “Ha u le lilemo li 15 kapa 16 kapa esita le 17, 18, 19, kapa 20, u batla ho nahana hore u ke ke ua hlaseloa habonolo.” Leha ho le joalo, linnete li paka se fapaneng. David o ile a tšoaetsoa kokoana-hloko ea AIDS a le lilemo li 15.

Joale, ha taba e behoa puo-phara: Haeba u sebelisa lithethefatsi tseo eseng tsa molao kapa u kopanela likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, u kotsing! Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka litlhahiso tsa hore motho a ka ba le “likamano tsa botona le botšehali tse sireletsehileng”? Na ho na le litsela tsa sebele tsa ho itšireletsa khahlanong le seoa see? Sehlooho sa rōna se latelang tlhahlamanong ena ea lihlooho se tla tšohla lipotso tseo.

[Lebokose le leqepheng la 22]

Mafu a Mang a Tšoaetsanoang ka Likamano tsa Botona le Botšehali

AIDS e entse lihlooho tsa litaba. Leha ho le joalo, The Medical Post ea lemosa: ‘Canada e bohareng ba seoa sa ho tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ha bacha.’ Hase Canada feela. Setsi sa Khetho ea Baahi se U.S. se re: “Selemo se seng le se seng bacha ba U.S. ba limillione tse 2,5 ba tšoaetsoa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Palo ena e emela hoo e ka bang mocha a le mong ho ba tšeletseng ba kenellang likamanong tsa botona le botšehali le karolo e le ’ngoe bohlanong ea ba tšoeroeng ke mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali naheng.”

Ka mohlala, mokaola, oo ho kileng hoa nahanoa hore oa fela, o boetse o khutlile lilemong tsa morao tjena, o bolaea bahlaseluoa ba bacha ka lipalo tse tšosang. Gonorrhea le chlamydia (mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a atileng ka ho fetisisa United States) le ’ona a boetse a ipakile a le manganga litekong tsa ho a felisa. ’Me bacha ba tšoaetsoa ka palo e phahameng ka ho fetisisa. The New York Times ka ho tšoanang e tlaleha ka “ho phahama ho tšosang” ha palo ea bacha ba tšoeroeng ke lekhoekhoe la litho tsa botona kapa botšehali. Bacha ba likete ba boetse ba tšoeroe ke kokoana-hloko ea herpes. Ho ea ka Science News, “batho ba nang le herpes ea litho tsa botona kapa tsa botšehali ba na le monyetla o phahameng oa ho tšoaroa ke [HIV], e bakang AIDS.”

Setsi sa Khetho ea Baahi se re: “Le hoja bacha ba e-ba le lipalo tse phahameng tsa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ho feta sehlopha leha e le sefe sa batho ba lilemo tse ling, ho ka etsahala hore ba se fumane phekolo ea meriana. Ha mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a ka tlohelloa a sa hlokomeloa kapa a sa phekoloe, a ka baka lefu la ho ruruha ha lesapo la noka, ho hloka bana, ho ima ka ntle ho pōpelo, le kankere ea molomo oa pōpelo.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Mang le mang ea ikentang ka lithethefatsi tseo eseng tsa molao kapa a kopanela likamanong tse litšila tsa botona le botšehali o kotsing e tebileng ea ho tšoaroa ke AIDS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela