Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 7/1 maq. 5-6
  • Ho Laola Bohale—Ba Hao le Ba Ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Laola Bohale—Ba Hao le Ba Ba Bang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khalefo E Lokileng
  • Na ho Halefa ho Fosahetse ka Mehla?
    Tsoha!—1994
  • Bohale—Ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bothata ba ho Halefa
    Tsoha!—2012
  • U Se Ke Ua Lumella Hore Bohale Bo U Khope
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 7/1 maq. 5-6

Ho Laola Bohale—Ba Hao le Ba Ba Bang

RE PHELA har’a batho ba sekametseng ho halefa. Sephethe-phethe sa likoloi, litekanyetso tsa boitšoaro tse loantšanang le tse feto-fetohang, ho se utloisisane, ho hloka toka, kapa lintho tse ling tse tsietsang tsa bophelo ba letsatsi ka leng tse tlisang khatello e khōlō. Khatello ea bokellana, ’me e batla e le motho e mong le e mong ea nang le moo mamello ea hae e fellang teng. Ka hona, re lokela ho ithuta ho phomola. Re ka qala letsatsi ka leng ka boikutlo bo botle—re bontša sebete, mamello le maikutlo a matle. Boholo ba rōna re na le malapa a re ratang. Bakreste ba boetse ba na le Bakreste ’moho le bona ba tšepahalang ka phuthehong, ’me ka holimo ho tsohle, ba na le Molisa ea lerato, Jehova Molimo. Kahoo, ha ho na lebaka la ho tšaba sesosa se tloaelehileng sa khalefo: boikutlo ba ho ba mong, ba ho lahloa.—Pesaleme ea 23:1-6; Ba-Heberu 13:5, 6.

Leha ho le joalo, haeba re ikutloa re halefile kapa re lokela ho talimana le khalefo ea motho e mong, re lokela ho e laola ka mokhoa o nepahetseng e le hore re ka boloka thabo ea rōna le bophelo ba rōna bo botle. Joang? Bibele ea re bolella: “Ea liehang ho halefa o fetisa mohale; ea hlōlang pelo ea hae o fetisa ea hapang metse.” (Liproverbia 16:32) Ho e-na le ho potlakela ho etsa qeto ea ho halefa, re lokela ho hlokomela liphello tse ka ’nang tsa hlaha liketsong tsa rōna. Ho bala ho fihlela ho leshome ho ka ’na ha re thibela ho etsa ntho e ’ngoe eo hamorao re tla ikoahlaela eona.—Liproverbia 14:17, NW.

Haeba re halefile empa re sa tsebe lebaka, re lokela hore ka boikokobetso le ka botšepehi re kōpe thuso. Ho lumela ho ba bang, haholo-holo ba re ratang, seo re se tšohileng kapa hore re hloka thuso, hase bofokoli; ke tsela ea bohlale le sebete. Joale re ka fihla motsong oa bothata. Bibele e re: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero e-ea qhalana, empa e tiea ke ho rerisana ha ba bangata.”—Liproverbia 15:22.

Ho leka ho utloisisa mabaka ao ka ’ona ba bang ba itšoarang ka tsela eo ba itšoarang ka eona ho tla re thusa ho laola boikutlo boo re tla arabela ka bona. Ho feta moo, haeba ha re arabela motho ea halefileng re re, “Kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha u halefile,” a ka ’na a kokobela ka potlako. Bibele e-ea eletsa: “Bohlale ba motho ka sebele bo kokobetsa bohale ba hae, ’me botle ba hae ke ho mamella ho siteloa ke ba bang.”—Liproverbia 19:11, NW.

Haeba re utloisa motho e mong bohloko re sa ikemisetsa, re tlameha ho mo kōpa tšoarelo. Ka mohlala, haeba motho e mong a u hata monoana oa leoto, u ka ’na ua ikutloa u halefile. Empa ha a kōpa tšoarelo, khalefo ea hao ea fela. Monoana oa hao o ka ’na oa sala o opa, empa u ntse u e-na le seriti. Ka ho tšoanang, mekhoa e metle ’moho le boitšoaro bo bontšang hlompho le maikutlo a matle, li ka qhibilihisa boiphetetso, tsa boloka hlompho likamanong tsa rōna le balekane ba rōna, bana, metsoalle, le litho tsa phutheho ea Bokreste.—Liproverbia 16:24; Ba-Kolosse 4:6; 1 Petrose 3:8.

Ha re sebetsana le boemo bo re etsang hore re halefe, hoa thusa ho tseba mokhoa oa ho bua ka bohale ba rōna re sa hlasele motho e mong. Ho na le tlhalohanyo e totobetseng pakeng tsa tlhaselo ea mantsoe (“sephoqo tooe!” kapa, “ke tla u tlantla nko tsena!”) leha motho a tlaleha bohale ba hae (“Ke ferekane hampe,” kapa “Ke utloile bohloko”). Hangata tlhaselo ea mantsoe ha e atlehe hobane e qholotsa motho e mong hore a iphetetse, ha ho tlaleha kamoo u ikutloang kateng e se tlhaselo, ’me motho e mong a ka ’na a susumeletseha ho etsa liphetoho. Joalokaha Bibele e re: “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale, empa polelo e hlabang ea bo leotsa. Motho ea bohale o hotetsa phapang, empa ea liehang ho hlonama o tima likomang.”—Liproverbia 15:1, 18.

Khalefo E Lokileng

Ho ba bangata ba rōna, ke ha tlhaho ho ikutloa re halefile nako le nako. Bibele e tlaleha hore le Jehova oa halefa. (Sofonia 2:2, 3; 3:8) Ka hona ha ho makatse hore motho, ea entsoeng ka setšoantšo sa Hae, o lokela ho ba le boikutlo bo tšoanang. (Genese 1:26) Kahoo, boikutlo ba ho halefa ka bo bona hase sebe.

Leha ho le joalo, ha Jehova a halefile, kamehla ke ka lebaka le utloahalang: Melao-metheo e lokileng ea be e tlotsoe. ’Me karabelo ea hae ke e nepahetseng hantle le e laotsoeng ka ho feletseng kamehla. Ho batho ba sa phethahalang ho fapane. Hangata re ikutloa re halefile hobane re tlotlolotsoe kapa ka baka la bofokoli bo bong ba botho. Kahoo re hloka ho ba seli ka tsela eo re sebetsanang le khalefo ea rōna ka eona. Joalokaha moapostola Pauluse a lemositse: “Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lōna; ’me le se ke la nea Diabolose sebaka.” (Ba-Efese 4:26, 27) E, Satane a ka nka monyetla ka bohale ba rōna bo sa laoleheng. Ha e le hantle, “bohale” bo hlaha bo thathamisitsoe le “mesebetsi ea nama” e thibelang motho ho rua ’Muso oa Molimo.—Ba-Galata 5:19-22.

Ke ka lebaka leo morutuoa Jakobo a eletsang: “Tsebang tsena, banab’eso ba ratoang: Motho ka mong a ke . . . a liehe le ho halefa; hobane khalefo ea motho ha e phethe ho loka ha Molimo.” (Jakobo 1:19, 20) Esita le haeba re halefile ka lebaka le utloahalang, ho joalo, ho se phethahale ho ka ’na ha re etsa hore re itšoare ka tsela e fosahetseng, e sa laoleheng. Kahoo, re lokela ho tataisoa ke molao-motheo ona kamehla: “Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.” (Ba-Roma 12:19) Hopola hape, hore joaloka batho ba sa phethahalang re ka ’na ra halefa ka phoso. Ka hona, ho kotsi ho potlakela ho ahlola ba bang lebitsong la ho khopeha ho lokileng.—Jakobo 2:13; 4:11, 12; 5:9.

Ho latela mangolo, re phela nakong ea bofelo. Mehleng ena ea qetello, “lichaba li ne li halefile” khahlanong le ’Muso oa Molimo, le Diabolose o “halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 11:17, 18; 12:10-12) Ka hona, ho phela ha rōna tumellanong le Lentsoe la Molimo ke eona feela thebe ea sebele ho rōna. (Pesaleme ea 119:105) Haufinyane Molimo o tla ahlola lichaba, ’me lefatše le tla hloekisoa bokhopo bohle. (Esaia 35:10; 65:23; Mikea 4:3, 4) Ho sa le joalo, re lokela ho kholiseha hore ha re latele litsela tsa lefatše lena le halefileng. Ho laola bohale ba rōna ka nepo ho tla thusa ho boloka lerato lenyalong, bonngoe ba Bokreste le khotso ea botho le thabo ea botho. ’Me habohlokoa ka ho fetisisa, ho tla re thusa ho tsoela pele re thabela mohau oa Jehova Molimo le tlhohonolofatso ea hae.—Pesaleme ea 119:165.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela