Khaolo ea Bosupa
Seo re Ithutang Sona ka ho Lumella ha Molimo Bokhopo
1, 2. (a) Hoja Jehova a ne a ile a potlakela ho timetsa bafetoheli bao Edene, hoo ho ka be ho ile ha re ama joang? (b) Ke litokisetso life tse lerato tseo Jehova a re etselitseng tsona?
MOPATRIAREKA JAKOBO o ile a re: “Matsatsi a lilemo tsa bophelo ba ka e bile a seng makae le a bakang mahlomola.” (Genese 47:9) Ka tsela e tšoanang, Jobo o ile a bolela hore motho “o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso.” (Jobo 14:1) Joaloka bona, boholo ba rōna re latsoitse mathata, ho hloka toka, esita le litlokotsi. Leha ho le joalo ho tsoaloa ha rōna hase ho hloka toka ka lehlakoreng la Molimo. Ke ’nete hore ha re na kelello le ’mele e phethahetseng le lehae la Paradeise leo Adama le Eva ba neng ba e-na le lona qalong. Empa ho thoe’ng haeba Jehova a ne a ile a ba timetsa hang-hang ha ba mo fetohela? Le hoja ho ne ho ke ke ha e-ba le ho kula, masoabi kapa lefu, le teng ho ne ho ke ke ha e-ba le moloko oa batho. Re ka be re sa tsoaloa. Ka mohau, Molimo o ile a lumella Adama le Eva nako ea hore ba be le bana, le hoja ba ile ba futsa ho se phethahale. ’Me ka Kreste, Jehova o ile a etsa tokisetso ea hore re boele re fumane seo Adama a se lahlileng—bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Johanne 10:10; Baroma 5:12.
2 Ke ho khothatsang hakaakang hore re lebelle ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha tikolohong ea Paradeise, moo re tla beng re lokolohile ho kuleng, masoabing, bohlokong le lefung, hammoho le bathong ba khopo! (Liproverbia 2:21, 22; Tšenolo 21:4, 5) Empa ho ea ka tlaleho ea Bibele, re ithuta hore le hoja ho pholoha ha rōna e le habohlokoahali ho rōna le ho Jehova, ho sa ntse ameha ho hong habohlokoa le ho feta.
Ka Lebaka ka Lebitso la Hae le Leholo
3. Ho ameha eng mabapi le ho phethahatsoa ha morero oa Jehova ka lefatše le moloko oa batho?
3 Lebitso la Molimo lea ameha ho phethahaleng ha morero oa hae ka lefatše le moloko oa batho. Lebitso leo, Jehova, le bolela “O Etsa Hore ho be.” Kahoo lebitso la hae le akarelletsa botumo ba hae e le ’Musi oa Bokahohle, Moreri, le Molimo oa ’nete. Ka lebaka la boemo ba Jehova, hore ho be le khotso le katleho bokahohleng bohle ho hlokahala hore lebitso la hae le seo le se akarelletsang le fuoe tlhompho eohle e le tšoanelang le hore bohle ba mo utloe.
4. Morero oa Jehova ka lefatše o ne o akarelletsa eng?
4 Hoba a bōpe Adama le Eva, Jehova o ile a ba abela mosebetsi oo ba neng ba lokela ho o phetha. A hlakisa hore morero oa hae e ne e se feela hore ba buse lefatše lohle—kahoo ba atolose meeli ea Paradeise—empa e ne e le hore ba le tlatse ka bana ba bona. (Genese 1:28) Na morero oo o ne o tla hlōleha ka lebaka la sebe sa bona? E ne e tla ba thohako e kaakang lebitsong la Jehova ea matla ’ohle haeba a ne a ke ke a phethahatsa morero oa hae ka lefatše lee le ka batho!
5. (a) Haeba batho ba pele ba ne ba ka ja tsa sefate sa tsebo ea botle le bobe, ba ne ba tla shoa neng? (b) Jehova o ile a phethahatsa mantsoe a hae a ho Genese 2:17 joang empa a ntse a hlompha morero oa hae ka lefatše?
5 Jehova o ne a lemositse Adama le Eva hore haeba ba ne ba sa utloe ’me ba ja tsa sefate sa tsebo ea botle le bobe, ba ne ba tla shoa ‘ka letsatsi lona leo’ ba li jeleng ka lona. (Genese 2:17) Tumellanong le seo a se buileng, Jehova o ile a ba biletsa ho tla ikarabella hona letsatsing leo ba entseng sebe ka lona ’me a ba ahlōlela lefu. Ho ea ka pono ea Molimo, Adama le Eva ba shoele hona letsatsing leo. Leha ho le joalo, e le ho phethahatsa morero oa hae ka lefatše, Jehova o ile a ba lumella hore ba tsoale bana pele ba e-shoa. Leha ho le joalo, kaha Molimo o talima lilemo tse 1 000 e le letsatsi le le leng, ha Adama a shoa a le lilemo li 930, e ne e ntse e le hona ‘letsatsing’ leo. (2 Petrose 3:8; Genese 5:3-5) Ka hona bonnete ba mantsoe a Jehova bo ile ba phahamisoa mabapi le nako eo kotlo e neng e tla phethahatsoa ka eona, ’me morero oa hae ka lefatše ha oa ka oa nyopisoa ke ho shoa ha bona. Empa ka nakoana, batho ba sa phethahalang, ho akarelletsa le ba khopo, ba ’nile ba lumelloa ho phela.
6, 7. (a) Ho ea ka Exoda 9:15, 16, ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse hore ba khopo ba tsoele pele ka nakoana? (b) Tabeng ea Faro, matla a Jehova a bonahalitsoe joang, hona lebitso la Hae la tsebahatsoa joang? (c) Phello e tla ba efe ha tsamaiso ee e khopo e felisoa?
6 Seo Jehova a ileng a se bolella ’musi oa Egepeta mehleng ea Moshe se bontša ka ho tsoelang pele hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse ba khopo ho tsoela pele. Ha Faro a hanela bana ba Iseraele ho tloha Egepeta, Jehova ha aa ka a mo bolaea hang-hang. Naha e ile ea tlisetsoa Likotlo tse Leshome, tse ileng tsa bonahatsa matla a Jehova ka litsela tse makatsang. Ha Jehova a lemosa ka kotlo ea bosupa, o ile a bolella Faro hore A ka be a mo fietse le batho ba hae holim’a lefatše. Jehova a re: “Empa, ha e le hantle, ke u bolokile u phela ka lebaka lena, ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.”—Exoda 9:15, 16.
7 Ha Jehova a lopolla Baiseraele, lebitso la hae le fetse la tsebahatsoa hohle. (Joshua 2:1, 9-11) Kajeno, lilemo tse ka bang 3 500 hamorao, seo a se entseng morao koo ha sea lebaleha. Hase feela hore lebitso la Jehova le ile la boleloa empa hape ho boletsoe le ’nete ka Mong’a lebitso leo. Sena se ile sa tumisa Jehova e le Molimo ea bolokang litšepiso tsa hae le ea nkang bohato lebitsong la bahlanka ba hae. (Joshua 23:14) Se ile sa bontša hore ka lebaka la matla ’ohle a hae, ha ho letho le ka thibang morero oa hae. (Esaia 14:24, 27) Kahoo re ka kholiseha hore haufinyane o tla nka bohato molemong oa bahlanka ba hae ba tšepahalang ka ho timetsa tsamaiso eohle e khopo ea Satane. Pontšo eo ea matla ’ohle le khanya eo e e tlisetsang lebitso la Jehova e ke ke ea lebaloa le ka mohla. Melemo ea eona e tla ba e sa feleng.—Ezekiele 38:23; Tšenolo 19:1, 2.
‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’
8. Pauluse o re khothalletsa ho nahana ka lintlha life?
8 Lengolong la hae le eang ho Baroma, moapostola Pauluse o botsa potso: “Na ho hloka toka ho teng ho Molimo?” O araba ka tieo, o re: “Le ka mohla hoo ho se ke ha e-ba joalo!” Joale o hatisa mohau oa Molimo ’me o bua ka seo Jehova a se buileng ka ho lumella Faro hore a phele nako e teletsana. Pauluse o boetse o bontša hore rōna batho re tšoana le letsopa matsohong a sebōpi sa lipitsa. Joale o re: “Joale, haeba Molimo, le hoja a e-na le takatso ea ho bontša khalefo ea hae le ho tsebahatsa matla a hae, a mameletse ka tiisetso e khōlō lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso, e le hore a ka tsebahatsa maruo a khanya ea hae lijaneng tsa mohau, tseo a ileng a li lokisa esale pele bakeng sa khanya, e leng, rōna, bao a ileng a ba bitsa eseng feela har’a Bajuda empa le har’a lichaba, joale phoso e hokae?”—Baroma 9:14-24.
9. (a) “Lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso” ke bo-mang? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a bontšitse mamello e khōlō ho bahanyetsi ba hae, hona phello e tla ba efe molemong oa ba mo ratang?
9 Ho tloha ha ho e-ba le bofetoheli Edene, batho leha e le bafe ba hanyelitseng Jehova le melao ea hae e bile “lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso.” Haesale ho tloha ka nako eo, Jehova o bile le mamello. Ba khopo ba tšehile litsela tsa hae, ba hlorisitse bahlanka ba hae, ba bile ba bolaea Mora oa hae. Ka ho bontša ho ithiba ho hoholo, Jehova o ile a lumella nako e lekaneng hore e fete e le hore pōpo eohle e bone ka ho feletseng liphello tse kotsi tsa ho fetohela Molimo le tsa ho ipusa ha batho kantle ho eena. Ka nako e tšoanang, lefu la Jesu le ile la lokisetsa mokhoa oa ho lopolla moloko oa batho o mamelang le “ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.”—1 Johanne 3:8; Baheberu 2:14, 15.
10. Ke hobane’ng ha Jehova a mameletse ba khopo ka lilemo tse fetileng tse 1 900?
10 Ka lilemo tse fetang 1 900 Jesu a tsohile bafung, Jehova o mameletse “lijana tsa khalefo” le ho feta, a emisitse ho timetsoa ha tsona. Hobane’ng? Hobane o ne a ntse a lokisa ba tlang ho kopana le Jesu Kreste ’Musong oa hae oa leholimo. Bana ba 144 000 ka palo, ’me ke ‘lijana tsa mohau’ tseo moapostola Pauluse a buileng ka tsona. Ho qaliloe pele ka batho ka bomong har’a Bajuda hore ba memeloe ho etsa sehlopha sena sa leholimo. Hamorao, Molimo o ile a mema batho ba Balichaba. Jehova ha aa ka a qobella leha e le ofe oa bona hore a mo sebeletse. Empa har’a ba ileng ba arabela ka kananelo litokisetsong tsa hae tse lerato, ba bang o ba file tokelo ea ho ba babusi-’moho le Mora oa hae ’Musong oa leholimo. Hona joale ho lokisoa ha sehlopha seo sa leholimo ho batla ho phethiloe.—Luka 22:29; Tšenolo 14:1-4.
11. (a) Ke sehlopha sefe seo hona joale se ruang molemo mamellong ea Jehova? (b) Bafu ba tla rua molemo joang?
11 Empa ho thoe’ng ka baahi ba lefatše? Mamello ea Jehova le eona e nolofalitse ho bokelloa ha “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle. Hona joale ba balloa ho limilione. Jehova o tšepisitse hore sehlopha sena sa lefatšeng se tla pholoha bofelo ba tsamaiso ena ’me se be le tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 7:9, 10; Pesaleme ea 37:29; Johanne 10:16) Ka nako ea Molimo e loketseng, ho tla tsosoa matšoele a bafu ’me ba fuoe monyetla oa ho ba bafo ba lefatšeng ba ’Muso oa leholimo. Lentsoe la Molimo le bolela esale pele ho Liketso 24:15: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Johanne 5:28, 29.
12. (a) Re ithutile eng ka Jehova ka ho mamella ha hae bokhopo? (b) U ikutloa joang ka tsela eo Jehova a sebelitseng taba ee ka eona?
12 Na ho bile le ho hloka toka ho see sohle? Che, hobane ka ho emisa ho timetsa ha hae batho ba khopo, kapa “lijana tsa khalefo,” Molimo o utloela ba bang bohloko, tumellanong le morero oa hae. Sena se bontša kamoo a leng mohau a bileng a leng lerato kateng. Ka ho tšoanang, ka ho ba le nako ea ho hlokomela ho phethahala ha morero oa hae, re ithuta ho hongata ka Jehova. Re hlolloa ke litšobotsi tse sa tšoaneng tse hlahellang tsa botho ba hae—toka ea hae, mohau oa hae, mamello ea hae, bohlale ba hae bo boholo. Ho sebetsa ha Jehova tseko ena ea bobusi ba bokahohleng ka bohlale—e leng tokelo ea hae ea ho busa—ho tla ema ka ho sa feleng e le bopaki ba hore tsela ea hae ea ho busa ke eona e molemo ka ho fetisisa. Re ntsoe-leng le moapostola Pauluse, ha a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!”—Baroma 11:33.
Monyetla oa ho Bontša Boinehelo ba Rona
13. Ha re utloa bohloko nameng, ke monyetla ofe o re bulehelang, hona ke eng e tla re thusa hore re arabele ka bohlale?
13 Bahlanka ba bangata ba Molimo ba maemong a utloisang bohloko. Ho sotleha ha bona ho tsoela pele hobane Molimo ha a e-s’o timetse ba khopo le ho tsosolosa moloko oa batho joalokaha ho boletsoe esale pele. Na see se lokela ho re halefisa? Kapa na re ka talima maemo ao e le menyetla ea ho kopanela ho pakeng hore Diabolose o leshano? Re ka matlafalletsoa ho etsa seo haeba re hopola boipiletso bona: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” (Liproverbia 27:11) Satane, eena ea nyelisang Jehova, o qositse ka hore haeba batho ba lahleheloa ke lintho tse bonahalang kapa ba hlokofatsoa ’meleng, ba tla beha Molimo molato, ba be ba mo rohake. (Jobo 1:9-11; 2:4, 5) Ha re tšepahala ho Jehova har’a mathata re thabisa pelo ea Jehova ’me re bonahatsa hore qoso eo hase ’nete ho rōna.
14. Haeba re itšetleha ka Jehova ha re le litekong, re ka tleloa ke melemo efe?
14 Haeba re itšetleha ka Jehova ha re le litekong, re ka hlaolela litšoaneleho tsa bohlokoa. Ka mohlala, ka lebaka la lintho tse bohloko tseo Jesu a fetileng ho tsona, o “ile a ithuta ho mamela” ka tsela eo ho seng mohla a kileng a etsa ka eona pele. Le rōna re ka ithuta litekong tsa rōna ho hlaolela mamello, sebete le kananelo e tebileng ea litsela tse lokileng tsa Jehova.—Baheberu 5:8, 9; 12:11; Jakobo 1:2-4.
15. Ha re ntse re mamella mathata ka ho se fele pelo, ba bang ba ka rua molemo joang?
15 Ba bang ba tla hlokomela seo re se etsang. Ka lebaka la seo re fetang ho sona kahobane re rata ho loka, ba bang hamorao ba tla ananela hore na Bakreste ba ’nete ke bafe kajeno. ’Me ka ho ikopanya le rōna borapeling, ba ka ba mocheng oa ho fumana litlhohonolofatso tsa bophelo bo sa feleng. (Matheu 25:34-36, 40, 46) Jehova le Mora oa hae ba batla hore batho ba be le monyetla oo.
16. Pono ea rōna ka mathata a botho e amana joang le taba ea bonngoe?
16 Ho hotle hakaakang ha re talima maemo a thata e le menyetla ea ho bontša boinehelo ba rōna ho Jehova le ho kopanela ho phethahatseng thato ea hae! Ha re etsa joalo re fana ka bopaki ba hore ka sebele re habile ho ba bonngoeng le Molimo le Kreste. Jesu o ile a rapela Jehova molemong oa Bakreste bohle ba ’nete, a re: “Ha ke etse kōpo malebana le bana [barutuoa ba hae ba haufi] feela, empa hape ke etsa kōpo malebana le ba behang tumelo ho ’na ka lentsoe la bona; e le hore kaofela ba ka ba bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena, e le hore le bona ba ka ba bonngoeng le rōna.”—Johanne 17:20, 21.
17. Re ka ba le tšepo efe haeba re tšepahala ho Jehova?
17 Haeba re tšepahala ho Jehova, o tla re putsa ka ho enneng. Lentsoe la hae le re: “Le be ba tiileng, ba sa sutheng, kamehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.” (1 Bakorinthe 15:58) Le boetse le re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheberu 6:10) Jakobo 5:11 ea hlokomela: “Bonang! Re phatlalatsa hore ba mameletseng ba thabile. Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” Phello e bile efe ho Jobo? “Ha e le Jehova, ka mor’a moo a hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho feta tšimoloho ea hae.” (Jobo 42:10-16) E, Jehova ke “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) ’Me re na le moputso o mokaakang oo re o lebeletseng—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise!
18. Qetellong ho tla etsahala eng ka mehopolo leha e le efe e bohloko eo re ka ’nang ra ba le eona?
18 Puso ea ’Muso oa Molimo e tla etsolla tšenyo eohle e entsoeng lelapeng la motho lilemong tse likete tse fetileng. Thabo e tlang ho ba teng ka nako eo e tla feta hōle ho sotleha leha e le hofe hoo re ho utloang hona joale. Re ke ke ra tšoenngoa ke mehopolo leha e le efe e mebe ea hore re kile ra sotleha. Mehopolo e hahang le mesebetsi e tla etsoa ke batho bophelong ba letsatsi le letsatsi lefatšeng le lecha butle-butle e tla hlakola mehopolo e bohloko. Jehova oa phatlalatsa: “Ke bōpa maholimo a macha [puso e ncha ea ’Muso oa leholimo holim’a moloko oa batho] le lefatše le lecha [mokhatlo oa batho o lokileng]; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong. Empa thabang, ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bōpang.” E, lefatšeng le lecha la Jehova, ba lokileng ba tla khona ho re: “Lefatše lohle le phomotse, ha le khathatsoe. Batho ba nyakaletse ka mehoo ea thabo.”—Esaia 14:7; 65:17, 18.
Tlhahlobo
• Le hoja a lumeletse bobe, Jehova o bontšitse tlhompho e khōlō e loketseng lebitso la hae joang?
• Ho mamella ha Molimo “lijana tsa khalefo” ho nolofalelitse mohau oa hae ho tla fihla le ho rōna joang?
• Re lokela ho ikemisetsa ho bona eng maemong a hlokofatsang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 67]
Jehova o ile “a hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho feta tšimoloho ea hae”