Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/11 maq. 8-9
  • Lipolelo Tse Supileng Tse Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipolelo Tse Supileng Tse Bohlale
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Lokela ho ba le Karete ea ho Reka ka Mokitlane?
    Tsoha!—2000
  • Chelete
    Tsoha!—2014
  • Likarete Tsa ho Reka ka Mokitlane na li Tla U Sebeletsa Kapa li Tla U Etsa Lekhoba?
    Tsoha!—1997
  • Na ho Kena Sekolotong ho Molemo?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 9/11 maq. 8-9

Lipolelo Tse Supileng Tse Bohlale

LIPOLELO tse ka tlaase mona li ngotsoe bukeng e ’ngoe ea boholo-holo, e nang le likeletso tse sebetsang le tse nakong. Ela hloko kamoo li ka u thusang kateng tabeng ea ho sebelisa chelete.

1. “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.” (Moeklesia 5:10) Mantsoe ana ha aa ngoloa ke mofutsana ea neng a qetoa ke mona. A ngotsoe ke Morena Solomone oa Iseraele ea neng a ruile ka ho fetisisa, a a ngola ho latela lintho tse mo etsahaletseng bophelong le tseo a li boneng. Barui ba bang kajeno le bona ba buile se tšoanang.

2. “Ha re e-na le lijo le tšireletso, re tla li khotsofalla. Empa ba labalabelang ho rua ba oela molekong.” (1 Timothea 6:8, 9, NET Bible) Mantsoe ana a ngotsoe ke moapostola Pauluse, ea ileng a tela boemo bo phahameng e le hore e be molateli oa Jesu Kreste. Ho fapana le baeta-pele ba bang ba bolumeli kajeno, Pauluse o ile a loantša teko leha e le efe ea hore a ithuise ka liithuti tsa hae kapa basebetsi-’moho le eena. Kahoo, o ne a ka re ka botšepehi: “Ha ho motho eo ke chachehetseng ka mohono silevera ea hae kapa khauta ea hae kapa seaparo sa hae. Lea tseba hore matsoho ana a sebelelitse litlhoko tsa ka le tsa ba nang le ’na.”—Liketso 20:33, 34.

3. “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Papiso ena ea Jesu e ka ’na ea sebelisoa boemong boo u ka ’nang ua tobana le bona: Ha u reka, haholo-holo ha u sebelisa karete ea ho reka ka mokitlane, na u tla reka ka ho nkeha maikutlo, kapa u tla ba le mamello ’me u bale litšenyehelo? Na u hlile u hloka ntho eo ’me na u tla khona ho e lefella?

4. “Ba alimang ke makhoba a ba ba alimileng chelete.” (Liproverbia 22:7, Contemporary English Version) Mathata a lichelete ao lefatše le sa tsoa tobana le ’ona a pepesitse bothoto ba ho sebelisa karete ea ho reka ka mokitlane le ho reka lintho ka sekoloto. Bukeng e bitsoang Your Money, Day One, eo Michael Wagner a e ngotseng ka 2009, o re: “Ho tloaelehile kajeno hore motho a kolote chelete e fetang $9 000 [R60 000] kareteng ka ’ngoe ea ho reka ka mokitlane ho tse ’nè tseo a nang le tsona kapa tse fetang moo.”

5. “Ea khopo oa alima ’me ha a busetse, empa ea lokileng o bontša mohau ’me o fana ka limpho.” (Pesaleme ea 37:21) Batho ba bang ba nka hore tsela e bonolo ea hore ba se ke ba lefa likoloto tseo ba nang le tsona ke ea hore ba phatlalatse ka molao hore ba oele licheleteng. Ka lehlakoreng le leng, ba ananelang kamano e ntle eo ba nang le eona le Molimo, ba hlokolosi hore ba lefe chelete eo ba e kolotang ha ho khoneha, ’me ba bile ba fana ka seatla se bulehileng.

6. “Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.” (Pesaleme ea 37:25) Mantsoe ana a ngotsoe ke motho ea ileng a tšoaroa ka leeme. O ne a qetile lilemo e le mophaphathehi, ka linako tse ling a lula mahaheng a bile a batla botšabelo linaheng tse ling. Qetellong, mophaphathehi enoa, e leng Davida, e ile ea e-ba morena oa Iseraele ea boholo-holo. Bophelong ba hae o ile a bona bonnete ba mantsoe a ka holimo.

7. “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Mantsoe ana a builoe ke motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae,” Jesu o ile a sebeletsa ba bang ha a ne a le lefatšeng. Hona joale o phela e le sebōpuoa sa moea se sa shoeng leholimong, a le ka letsohong le letona la “Molimo ea thabileng,” Jehova.—Baheberu 12:2; 1 Timothea 1:11.

Ha re etsisa Jesu ka ho etsa sohle se matleng a rōna ho thusa ba bang, seo se re fa morero oa sebele bophelong. Ha ho pelaelo hore u tla lumellana le taba ea hore ho molemo ho baballa chelete, e le hore u tle u be mofani ea seatla se bulehileng, ho e-na le hore u e sebelise ka tsela e bontšang boithati.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela