Maele a Maakane—Seipone sa Mekhoa e Amohelehang Sechabeng
KA MONGOLI OA TSOHA! GHANA
MAELE ke eng? Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa maele e le “polelo e khutšoanyane eo hangata batho ba e qotsang, e fanang ka keletso kapa e u bolellang ho itseng ka bophelo.” Moyoruba e mong oa Nigeria o hlalosa maele hamonate ka ho a bitsa “pere eo ka potlako e ka fihlisang motho likhopolong tse ncha.”
Bohlokoa ba maele bo hlalosoa maeleng ana a tsebahalang bathong ba Ghana ba Maakane: “Motho ea bohlale o buisoa ka maele, eseng feela tjee.” Ntlha ke hore motho ea bohlale ha a hloke ho lula a rutoa hore a kholisehe ka se nepahetseng seo a lokelang ho se etsa. Maele a otlang botsekeng a susumelletsa motho ho nahana, a fana ka kutloisiso ’me a ka susumelletsa motho hore a etse se nepahetseng.
Ghana, maele a sebelisoa haholo meketeng ea lenyalo le mapatong, ’me a bile a hlaha le ’minong oa setso. A nkoa e le a bohlokoa haholo le lipuisanong tse pakeng tsa lichaba. Hangata ’muelli kapa lenģosa le sebelisa maele ka bohlale bo boholo.
Sechabeng sa Maakane, bokhoni ba ho sebelisa maele ke pontšo ea bohlale. Ho thahasellisang ke hore ka Bibeleng, Morena Solomone—monna ea tummeng ka bohlale, ho ithuta le ho tseba ho bua—o ile a tlotloa ka hore o tseba maele a 3 000. Phapang ke hore maele a Bibele a ne a bululetsoe ke Molimo ’me a lula e le ’nete, athe maele a mang a thehiloe phihlelong le kutloisisong ea batho. Ho sa tsotellehe hore na maele a batho a bontša bohlale hakae, le ka mohla ha aa lokela ho lekanngoa le a Bibele. Empa a re hlahlobeng maele a mang a Maakane.
Khopolo ka Molimo
Ghana, hangata lipolelo tsa maele li lumela boteng ba Molimo, ’me sena se bonahala maeleng a mangata a Maakane. Likhopolo tse latolang boteng ba Molimo ha li eo filosofing ea Maakane. Ka mohlala, maele a mang a re: “Ngoana ha a rutoe hore Molimo o teng.” Boteng ba Molimo bo hlakile haholo esita le ho ngoana. Maele ana hangata a sebelisoa ha ho buuoa ka ntho e itseng eo ngoana a tla itsebela eona ka boeena a koetlisitsoe hanyenyane feela.
Maele a mang a Maakane a re: “Haeba u baleha Molimo, u ntse u le ka tlas’a hae.” Ka hona, ho leka ho hlokomoloha Molimo ke ho ithetsa. Nakong e fetileng, Bibele e ile ea bolela ntlha e tšoanang, ea re mahlo a Molimo “a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.” (Liproverbia 15:3) Bohle rea ikarabella ho Ea Matla ’Ohle.
Lipolelo Tsa Mekhoa le Litekanyetso Tse Amohelehang Sechabeng
Joalokaha e le ’nete le ka maele a litso tse ling, maele a Maakane ke mohloli oa lipolelo tsa mekhoa le litekanyetso tse amohelehang sechabeng. Ka mohlala, matla a se builoeng a totobatsoa ke maele ana: “Ho thella ha leleme ho hobe ho feta ho thella ha leoto.” Leleme le sa laoleheng ka sebele le ka baka tšenyo e khōlō ’me le ka ba la bakela motho lefu.—Liproverbia 18:21.
Leha ho le joalo, ha motho a tseba ho tšoara leleme, le ka bōpa khotso ea sebele, joalokaha maele ana a bontša, “Ha leleme le le teng, meno ha a otlane.” Mona taba ke hore lintho li ka lokisoa habonolo ke batho ba babeli ba loantšanang—mohlomong, monna le mosali oa hae—ha ba buisana ka khutso. Esita le haeba sena se sa sebetse, ho sebelisa leleme ka bohlale u le mokena-lipakeng ho ka thibela khohlano.
Bohlale bo Sebetsang
Bohlokoa ba temoho le ho nahana ntho esale pele bo boletsoe ka ho hlaka lipolelong tse ngata tsa maele tse hatisang bohlale bo sebetsang. Motho ea khoboheloang feela, ea etsang lintho ka bothoto ’me a hlōleha ho hlahloba liphello tsa liketso tsa hae a ka fumana keletso polelong ena ea maele, “U fumana tsela ea ho phonyoha pele u qala masumu.”
Motsoali ea hlokomelang litšobotsi tse mpe ngoaneng o lokela ho ela hloko maele ana, “Haeba u hlokomela lehlaka le hōlang le ka u hlabang ka leihlong, ua le fothola, ha u le chorise.” E, tšobotsi leha e le efe e mpe e lokela ho ntšoa ka metso—kapa e ripitloe—pele e ka hlahisa khathatso e tebileng.
Maele a Buang ka Mekhoa le Meetlo
Ka linako tse ling hoa hlokahala hore u utloisise setso e le hore u utloisise maele a sona. Ka mohlala, har’a Maakane ho nkuoa e le ho hloka mekhoa ho etsa pontšo ka letsoho la leqele ka pel’a ba bang, haholo-holo ka pel’a batho ba baholo. Molao ona oa ho bontša mekhoa e metle o bontšoa maeleng ana, “Ha u supe tsela e eang haeno ka leqele.” Ka mantsoe a mang, motho o lokela ho ananela seo a nang le sona, ho akarelletsa le moo a tsoang teng.
Maele a buang ka mekhoa e tloaelehileng ha ho jeoa lapeng la Maakane a re: “Ngoana ea ithutang ho hatlela o ja le baholo ba hae.” Nakong ea lijo, litho tsa lelapa li behoa ka lihlopha ho ea ka lilemo tsa tsona. Leha ho le joalo, ngoana ea itšoarang hantle, haholo-holo tabeng ea bohloeki ba ’mele le mekhoa e metle, a ka ’na a lumelloa ho ja le ntate oa hae le batho ba bang ba baholo tafoleng. Maele ana a hatisa ntlha ea hore motho o hlomphuoa ho ea ka boitšoaro ba hae ho feta ka lilemo tsa hae.
Na u nahana ka lenyalo? Joale ak’u nahane ka maele ana a Maakane, “Lenyalo hase veine ea palema e latsuoang pele.” Barekisi ba veine ea palema, joala bo ritetsoeng ba sefate sa palema, ka tloaelo ba lumella batho hore ba bo latsoe pele ba etsa qeto ea hore na ba reka bo bokae kapa hona hore na baa bo reka kapa che. Leha ho le joalo, lenyalo le ke ke la lekoa pele. Maele ana a totobatsa hore tlamo ea lenyalo ke e sa feleng le hore lenyalo le lekoang ha le amoheloe.
Ho Talima Lintho ka Leihlo le Nchocho
Lipolelo tse ngata tsa maele li paka hore baholo-holo ba Maakane ba ne ba thahasella batho le liphoofolo haholo. Ka mohlala, ho hlahlobisisa khoho le litsuonyana tsa eona ho hlahisitse maele ana, “Tsuonyana e emang pel’a ’m’a eona e fumana serope sa lerutle.” A bolela’ng? Ha motho a itšehla thajana, o lebaloa habonolo ha ho arolelanoa lintho tse molemo.
Mang kapa mang ea bonang sehohoana se shoeleng a ka utloisisa ka botlalo bonnete ba polelo ena, “Bolelele bohle ba sehohoana bo bonoa ha se shoele.” Maele ana hangata a qotsoa ha motho a sa ananeloe. Boemong bo kang bona, ea sa ananeloeng o tšelisoa ke ’nete ea hore bosieo ba hae bo ka ’na ba etsa hore batho ba bone hantle hore o na le litšoaneleho tse ntle.
Maele ka “Bokhutšoanyane”
Le hoja maele a Maakane a ’nile a fetisetsanoa ka molomo melokong e fetileng, lipolelo tse ngata li ’nile tsa bolokoa mosebetsing oa bonono. Mosebetsi o joalo oa bonono o bonoa linthong tse betliloeng tsa lehong, mareng a ikokotlelang, boimeng bo bekhang ba khauta le liaparong tsa setso hammoho le meetsong ea kajeno ea masela. Baeti ba etetseng sebaka sa lipontšo tsa mesebetsi ea bonono ea Ghana ba ka ’na ba bona ho tšoantšelitsoe monna a hloa sefate ha e mong a mo thusa. Seo ke setšoantšo se emetseng maele ana, “Haeba u hloa sefate se setle, u ka ’na ua thusoa ho se hloa.” Molaetsa o fetisoang o hlakile—haeba u phehella lipakane tse molemo, u ka ’na ua tšehetsoa.
Mapato ka ho khetheha a fana ka monyetla oa seo mongoli e mong a se bitsitseng “puo e nahanisisitsoeng hantle.” Boemo ba ho siama ketsahalong ena ha e le hantle bo susumelletsa motho hore a inahane bophelong. Ka lebaka leo, masela a sebelisoang ha ho roaloa thapo a fetisa melaetsa e nang le meelelo bophelong. Ka mohlala, lesela le bontšang leri kapa litepisi le hopotsa motho maele ana, “Motho ha a hloe leri ea lefu a le mong.”a Sena se lemosa bohle hore ba ke ba italime ka boikokobetso ’me ba se ke ba phela joalokaha eka bona ba ke ke ba shoa.—Moeklesia 7:2.
Sechabeng sa Maakane, manģosa kapa babuelli ba marena ke litsebi tabeng ea ho sebelisa maele ka bokheleke, hape ba nka lere la bolaoli le nang le litšoantšo tsa litekanyetso tse nkoang e le tsa bohlokoa ho batho. Ka mohlala, nonyana e tšoereng hlooho ea noha ka linala ke “khutsufatso” ea maele a reng, “Haeba u tšoara noha hloohong, ho setseng e se e le ropo feela.” Molaetsa o fetisoang moo ke ofe? Ikemisetse ho sebetsana le mathata—ka ho toba.
Tšebeliso e Ntle ea Maele
Ka tsela e tšoanang le ea tšebeliso efe kapa efe ea lipapiso, hore na maele a sebelisoa neng hona joang ho itšetlehile ka taba eo ho buuoang ka eona le ka bamameli. Tšebeliso e fosahetseng ea maele e ka senya taba eo ho buuoang ka eona. ’Me kaha litsong tse ling ho sebelisa maele ke tsela ea bohlokoa ea ho buisana e amohelehang, tšebeliso leha e le efe e fosahetseng e ka susumetsa batho hore ba be le maikutlo a itseng a fosahetseng ka sebui.
Ghana, baholo ba sechaba ba nkoa e le baqapi le bahlokomeli ba maele. Kahoo, hangata lipolelo tsa maele li etelloa pele ke poleloana e reng, “Baholo ba rōna ba re . . . ” ’Me boemong boo sebui se buang le batho ba baholo ho sona, ho hotle hore pele se sebelisa maele se re, “Ke lōna baholo le reng . . . ” Ka lebaka la ho hlompha, sebui se senyenyane ha se batle ho bonoa se ruta baholo ba sona mantsoe a bohlale a kenelletseng maeleng.
Lintlha Tse Ling Tsa Bohlokoa Tse Hlokometsoeng
Maele a ka tla pele ho taba kapa a e latela. Hape, a ka kenyelletsoa ka bohlale tabeng hoo motho a ka tlamehang ho sebelisa temoho ho fumana seo ho buuoang ka sona. Ka mohlala, mabapi le motho ea ikokobelitseng le ea ratang khotso, Moakane a ka ’na re: “Haeba ho ne ho itšetlehiloe ka ’nyeo, ho ne ho ke ke ha thunngoa motseng ona.” Sena re hopotsa maele ana, “Haeba ho ne ho le matleng a khofu le sekolopata feela, ho ne ho ke ke ha utluoa sethunya sekhoeng.” Liphoofolo tsena ka bobeli li talingoa e le tse bonolo le tse sa itšunya-tšunyeng linthong, tse sa sekamelang ho loaneng. Batho ba nang le litšobotsi tsena ba bōpa khotso.
Empa haeba u batla hore Moakane a u phetele letoto la maele, u ka ’na ua atleha ho fumana ana feela, “Motho a ke ke a lora a sa robala.” Ka mantsoe a mang, motho a ke ke a sebelisa maele ho sa hlokahale, joalokaha motho a ke ke a lora a shebile. Maemo ke oona a etsang hore a sebelisoe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ka boleloa hape hore moetso ona o ka fumanoa maseleng a mebala e sa tšoaneng ’me ha oa lekanyetsoa mebaleng e lefifi eo ka tloaelo e aparoang mapatong.