Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 3/8 maq. 8-9
  • Na Molimo o Thabela ho Bona Re Utloa Bohloko?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Thabela ho Bona Re Utloa Bohloko?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Tla Hlomola Lipelo Tsa Lōna”
  • Na Molimo o Thabisoa ke ho Itlhokofatsa?
  • Ho Itima Lijo—Na ho U Atametsa Haufi le Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na ho Itšoara Ka Thata ka ho Feteletseng ke Tsela ea ho Fumana Bohlale?
    Tsoha!—1997
  • Na ho Itima Lijo ho Siiloe ke Nako?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Na Molimo o Hloka Hore Re Itime Lijo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 3/8 maq. 8-9

Pono ea Bibele

Na Molimo o Thabela ho Bona Re Utloa Bohloko?

MOTHO ea imetsoeng ke sefapano se seholo se boima sa patsi, o fohla har’a letšoele la batho ha mali a ntse a rotha mofapha-hlohong oa meutloa hlohong ea hae. Hoba a fihle sebakeng sa “polao” o thakhisoa sefapanong; lipekere tse telele li kokoteloa matsohong a hae. O meneka ke bohloko ha lipekere li phunya nama. Ha sefapano se emisoa, bohloko ke bo otlang pelo. Ho latela Panorama, e leng makasine oa Philippines, hangata meetlo e joalo e utloisang bohloko e bonahala nakong ea mekete ea Beke e Halalelang Philippines.

Se sa tsoa boleloa ke tlhaloso ea mehleng ea joale ea mahlomola a Jesu. Empa motho enoa hase feela ea bapalang ponong e itseng ea tšoantšiso. Lipekere, mali, bohloko—tsohle ke lintho tsa sebele.

Esita le libakeng tse ling balateli ba Roma e K’hatholike ba bonoa ba ichapa phatlalatsa takatsong ea bona ea ho latsoa mahlomola a Kreste. Hobane’ng? Ba bang ba etsa sena ka tumelo ea hore mahlomola a bona a tla hlahisa mehlolo, e kang ho phekoloa ha baratuoa ba bona ba kulang. Ba bang ba ho etsa bakeng sa tšoarelo ea libe tseo ba tšabang hore li ke ke tsa tšoareloa ntle le haeba ba tšolla mali a bona. Buka ea The Filipinos ea hlalosa: “Bohloko ke sehloekisi se molemo sa kelello le moea. . . . Ho hakanngoa hore ka ho utloa bohloko moetsalibe o hloekisitsoe libe ’me o imolotsoe moroalo.”

Leha ho le joalo, ho itlhokofatsa ka boomo hase ha Mak’hatholike a Philippines feela. Batho ba malumeli a fapaneng linaheng tse fapaneng ba lumela hore ho itlhokofatsa ho amoheloa ka tsela e itseng ke Molimo.

Ka mohlala, ha Buddha, Siddhārtha Gautama a ntse a batla ’nete, o ile a siea mosali oa hae le mora ’me a balehela lehoatateng, moo ka lilemo tse tšeletseng a ileng a phela bophelo ba ho itima lintho ka ho feteletseng ka morero oa ho itaea. O ile a qala ho lula ka mekhoa e sa tloaelehang le e bohloko ka nako e telele ’me a bolela hore o phetse nako e telele a e-ja thollo ea reisi ka letsatsi, o ile a ota hoo a ileng a re: “Ke manne linama.” Empa ha ho boitlhokofatso bo ileng ba mo tlisetsa tsebo eo a neng a e batla.

Ka ho tšoanang, ka linako tse ling baitlami ba Mahindu a India ba ile ba itlhokofatsa ka litsela tse utloisang bohloko ka ho feteletseng—ho paqama mahareng a mello, ho talima letsatsi ho fihlela ba foufala, ho ema ka leoto le le leng kapa ka mokhoa o sa tloaelehang ka nako e telele. Ho nahanoa hore bokhabane ba ba bang ba neng ba phela bophelo ba ho itima lintho ka ho feteletseng ka morero oa ho itaea bo ne bo le boholo hoo bo neng bo ka sireletsa motse tlhaselong ea sera.

Bibele e boetse e bua ka barapeli ba Baale ba ileng ba “hooeletsaka, ’me ka mokhoa oa bona, ba itlhabaka ka lithipa le ka marumo, mali a ba a keleketla ho bona” boitekong ba lefeela ba ho fumana tlhokomelo ea molimo oa bona.—1 Marena 18:28.

“Le Tla Hlomola Lipelo Tsa Lōna”

Le hoja e le ’nete hore Jehova o ile a laela sechaba sa hae se khethiloeng: “le tla hlomola lipelo tsa lōna,” sena ka kakaretso se utloisisoa e le ho itima lijo. (Levitike 16:31) Ho itima lijo ho joalo e ne e le pontšo ea ho hlomoha le pako bakeng sa libe kapa ho ne ho etsuoa ha sechaba se le tlas’a maemo a tepeletsang. Ka hona, ho itima lijo e ne e se mokhoa oa ho itlhokofatsa empa e ne e le pontšo ea ho ikokobetsa ha motho ka pel’a Molimo.—Esdrase 8:21.

Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le Bajode bao ka phoso ba neng ba nahana hore mahlomola ka booona, a neng a akareletsa ho hlokofatsa moea a ne a amoheleha le hore a ne a tlama Molimo ho ba buselletsa ho itseng ka ho tšoanang. Ha moputso o joalo o ne o sa bonahale, ka boikhohomoso ba ile ba botsa Molimo ka moputso oo ba neng ba nahana hore o oa ba tšoanela: “Na re itimela’ng lijo, ha u sa re bone? Re hlokofaletsa’ng meea ea rōna, ha u sa hlokomele teng na?”—Esaia 58:3.

Empa ba ne ba fositse. Ho itima lijo ho loketseng ha bolumeli ho ne ho sa akareletse ho phela bophelo ba ho itima lintho ka ho feteletseng ka morero oa ho itaea, ho hlokofatsa ’mele ka tlala joaloka hoja bohloko ba ’mele ka bobona bo na le kamohelo leha e le efe. Maikutlo a matla a ne a ka felisa tlala ea bona. Haeba kelello e sithabelitsoe ke mathata, mohlomong ’mele o ke ke oa batla lijo. Sena se bontša maikutlo a matla a motho ea itimang lijo ho Molimo.

Na Molimo o Thabisoa ke ho Itlhokofatsa?

Na ’Mōpi ea lerato o fumana thabo leha e le efe ho shebella ha batho ba itlhokofatsa? Le hoja e le ’nete hore ka linako tse ling Bakreste ba ka ’na ba tlameha ho ba le “kabelo mahlomoleng a Kreste,” sena ha se bolele hore ba batlana le khathatso kapa ho iketsa bashoela-tumelo.—1 Petrose 4:13.

Ka sebele, ho hang Jesu e ne e se motho ea phelang bophelo ba ho itima lintho ka ho feteletseng ka morero oa ho itaea. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba tletleba hobane barutuoa ba hae ba ne ba sa itime lijo, ’me ba bile ba mo qosa ka hore ke “monyollo le senoi sa veine.” (Mattheu 9:14; 11:19, Bibele Phetolelo e Ncha) Jesu o ile a bontša ho leka-lekana nthong e ’ngoe le e ’ngoe ’me ha aa ka a batla ho feteletseng ho eena ka boeena kapa ho ba bang.—Mareka 6:31; Johanne 4:6.

Ha ho moo ka Mangolong re fumanang motheo leha e le ofe oa ho phela bophelo ba ho itima lintho ka ho feteletseng ka morero oa ho itaea, joalokaha eka ho itima ha rōna lintho tsa bohlokoa kapa mabotho-botho a bophelo ho tla tlisa kamohelo ea Molimo. Hlokomela mantsoe a moapostola Pauluse mabapi le mesebetsi e joalo ea ho itlhokofatsa: “Leha ho ba le borapeli ba maiketsetso, ho ikokobetsa ka mokhoa o fosahetseng, ho hlōkōfatsa ’mele, li bonahala eka li na le bohlale, ha li na thuso, haese ho chachehisa litakatso tsa botho.”—Ba-Kolosse 2:23, BPN.

Martin Luther ha e ne le moitlami o hlile a itlhokofatsa ka tsela ea sebele. Leha ho le joalo, hamorao o ile a fetohela mekhoa e joalo, a bolela hore e khothaletsa khopolo ea litsela tse peli tse eang ho Molimo, e phahameng le e tlaasana, empa Mangolo ’ona a bua ka tsela e le ’ngoe feela e isang polokong—ka ho ba le tumelo ho Jesu Kreste le Ntate oa hae, Jehova. (Johanne 17:3) Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba talima meetlo e utloisang bohloko e le mokhoa oa ho ipholosa.

Buka Church History in Plain Language e hlalosa ka bophelo ba ho itima lintho ka ho feteletseng ka morero oa ho itaea: “Ho tšehetsa boiteko bona bohle e ne e le pono e fosahetseng ea motho. Moitlami enoa o boletse hore, moea o tlameletsoe nameng joaloka motšoaruoa ea tlameletsoeng setopong. Eo hase pono ea Bibele ka bophelo ba motho.” E, khopolo ea hore ho itlhokofatsa ho ka thabisa Molimo ha e teng ka Mangolong. E tsoa khopolong e fosahetseng ea bo-Gnostic ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le nama e mpe ’me e lokela ho tšoaroa hampe kamoo ho ka etsahalang kateng hore motho a fumane poloko.

Kaha Jehova o batla hore re thabe, ho sebeletsa Molimo o joalo hase taba ea ho phela bophelo ba ho itima lintho ka ho feteletseng ka morero oa ho itaea. (Moeklesia 7:16) Ka hona, ha ho kae kapa kae ka Mangolong moo re bolelloang hore ho itlhokofatsa ho joalo ke tsela e isang polokong. Ka ho fapaneng, Lentsoe la Molimo le bolela ka ho hlakileng hore mali a Kreste, hammoho le tumelo ea rōna ho oona, ke tsona tse re hloekisang libe tsohle.—Ba-Roma 5:1; 1 Johanne 1:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela