Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 8/1 maq. 4-6
  • Qetellong—Toka ho Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Qetellong—Toka ho Bohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepiso eo re ka e Tšepang
  • Ho Hloka Toka ho ka Hlōloa
  • Ho Jala Peō ea ho Loka
  • Jehova—Mohloli oa Toka ea ’Nete le ho Loka ha ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “Litsela Tsohle Tsa Hae li na le Toka”
    Atamela ho Jehova
  • Etsisa Jehova—Sebelisa Toka le ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jesu o “Tlisitse Toka Lefatšeng”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 8/1 maq. 4-6

Qetellong—Toka ho Bohle

“Re tla leka ho mamela ka litsela tse ncha . . . mantsoe a ba utloileng bohloko, mantsoe a ba tšoenyehileng, mantsoe a ba ’nileng ba nyahama hore ba ka bua. . . . Se saletseng ke ho phelisa likarolo tsa molao oo: ho tiisa hore qetellong joalokaha bohle ba tsoaloa ba lekana ba e-na le seriti ka pel’a Molimo, bohle ba tsoaloa ba lekana ba e-na le seriti ka pel’a batho.”—Mopresidente Richard Milhous Nixon oa United States, puong ea hae ea ho hlomamisoa, ka la 20 January, 1969.

HA MARENA, bapresidente le bo-tona-khōlō ba lula litulong, ba atisa ho bua ka toka. Richard Nixon, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa United States, e ne e se mokhelo. Empa mantsoe ao a hae a builoeng ka bokheleke a lahleheloa ke bokhabane ba oona ha a talingoa leseling la liketsahalo tse sehlōhō tse etsahetseng historing. Le hoja a ne a tšepisitse ‘ho phelisa molao,’ hamorao Nixon o ile a fumanoa a le molato oa tlōlo ea molao ’me a qobelleha ho theoha setulong. Mashome a mararo a lilemo hamorao, ‘mantsoe a ba lemalitsoeng, a ba tšoenyehileng le a ba nyahameng hore ba ka bua’ a ne a ntse a tsoela pele ho lla hore a utluoe.

Ho utloa mantsoe a ba joalo le ho sebetsana le litletlebo tsa bona hase ntho e bonolo, joalokaha baeta-pele ba bangata haholo ba nang le boikemisetso bo botle ba ile ba hlokomela. ‘Toka ho bohle’ e ipakile e le pakane eo ho leng thata ho e finyella. Leha ho le joalo, makholong a mangata a lilemo a fetileng, ho ile ha etsoa tšepiso e hlokang hore re e ele hloko—tšepiso e ikhethang e mabapi le toka.

Ka moprofeta oa hae Esaia, Molimo o ile a tiisetsa batho ba Hae hore o ne a tla ba romela “mohlanka” eo eena a neng a tla mo khetha. Jehova o ile a ba bolella: “Ke behile moea oa ka ho eena. O tla tlisa toka ho lichaba.” (Esaia 42:1-3) Ha ho ’musi oa motho ea ka bang le sebete sa ho etsa phatlalatso e akaretsang joalo, e neng e tla bolela toka e ke keng ea fela sechabeng se seng le se seng. Na tšepiso ee e ka tšeptjoa? Na katleho e khōlō joalo e ka hla ea finyelloa?

Tšepiso eo re ka e Tšepang

Tšepiso e tšepahala feela ha ea e tšepisang a tšepahala. Tabeng ena, ha ho e mong haese Molimo ea Matla ’Ohle ea bolelang hore “mohlanka” oa hae o tla tlisa toka lefatšeng lohle. Ho fapana le bo-ralipolotiki, Jehova ha a etse litšepiso tsa lefeela. Bibele ea re tiisetsa, ‘Ha ho khonehe hore Molimo a bue leshano.’ (Baheberu 6:18) Molimo o bolela ka tieo: “Joalokaha ke rerile, ho tla phethahala.”—Esaia 14:24, BPN.

Ho kholiseha ha rōna ka tšepiso eo ho boetse ho matlafatsoa ke tlaleho ea “mohlanka” eo Molimo a mo khethileng, Jesu Kreste. Ea neng a tla tlisa toka o ne a tlameha ho rata toka le ho phela ka toka. Jesu o siile tlaleho e se nang sekoli ea monna ea neng a ‘rata ho loka ’me a hloile ho se ee ka molao.’ (Baheberu 1:9) Seo a se buileng, tsela eo a phetseng ka eona, esita le tsela eo a shoeleng ka eona, tsohle li paka hore ka sebele e ne e le monna ea nang le toka. Ha Jesu a e-shoa, molaoli oa sesole sa Roma, eo kamoo ho bonahalang kateng a boneng ka mahlo ha Jesu a le nyeoeng leha a bolaoa, o ile a susumelletseha ho re: “Ka sebele monna enoa o ne a lokile.”—Luka 23:47.

Ntle le hore eena o ile a phela ka ho loka, Jesu o ile a ba khahlanong le ho hloka toka ho neng ho atile haholo mehleng ea hae. O entse sena, eseng ka ho ketola ’muso kapa ka ho o fetohela, empa ka ho ruta toka ea ’nete ho e mong le e mong ea neng a mamela. Thuto ea hae ea Thabeng ke tlhaloso e hloahloa ea kamoo toka le ho loka ha ’nete li lokelang ho sebetsa kateng.—Matheu, khaolo ea 5-7.

Jesu o ile a sebelisa seo a neng a se ruta. Ha aa ka a khesa balepera ba iloang, “ba lelekiloeng” sechabeng sa Bajuda. Ho e-na le hoo, o ile a bua le bona, a ba ama, esita le ho ba folisa. (Mareka 1:40-42) Batho bohle bao a neng a kopana le bona, ho akarelletsa le mafutsana le ba hateletsoeng, e ne e le ba bohlokoa ho eena. (Matheu 9:36) O ile a ba bolella: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ka sebele ke tla le khatholla.”—Matheu 11:28.

Ka holim’a tsohle, Jesu ha aa ka a lumella ho hloka toka ho mo pota-potileng ho mo silafatsa kapa ho mo halefisa. Ha ho mohla a kileng a busetsa bobe ka bobe. (1 Petrose 2:22, 23) Esita leha a le bohlokong bo otlang pelo, o ile a rapella ’ona masole a neng a mo khokhothela thupeng ho Ntate oa hae oa leholimo. O ile a a kōpela ka tieo: “Ntate, u ba tšoarele, kaha ha ba tsebe seo ba se etsang.” (Luka 23:34) Ka sebele, Jesu o ile a ‘hlakisetsa lichaba seo toka e leng sona.’ (Matheu 12:18) Ke bopaki bofe boo re nang le bona bo bontšang hore Molimo o batla ho theha lefatše le nang le toka bo fetang ba mohlala o phelang oa Mor’a oa Molimo ka boeena?

Ho Hloka Toka ho ka Hlōloa

Ho boetse ho na le bopaki bo phelang bo bontšang hore ho hloka toka ho ka hlōloa lefatšeng la kajeno. Ka bomong, esita le ka mokhatlo, Lipaki tsa Jehova li loanela ho hlōla lehloeo, leeme, khethollo ea morabe le pefo. Nahana ka mohlala o latelang.

Pedroa o ne a lumela hore ho ketola ’muso ke eona tsela feela ea ho tlisa toka Naheng ea Basque, e leng karolo ea Spain moo a neng a lula teng. E le hore a finyelle sena e ile ea e-ba setho sa mokhatlo oa bokhukhuni o ileng oa mo fa koetliso ea sesole Fora. Hang ka mor’a ho qeta koetliso ea hae, o ile a laeloa hore a thehe lequloana la likhukhuni le ho senya mehaho ea sepolesa. Lequloana la hae le ne le se le ntse le lokisa liqhomane ha mapolesa a mo tšoara. O ile a qeta likhoeli tse 18 a le teronkong, empa esita leha a le teronkong o ile a tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa lipolotiki, a kenella literaekeng tsa ho se je ’me ka lekhetlo le leng a itšeha manonyeletso.

Pedro o ne a nahana hore o loanela toka. Hamorao o ile a tseba ka Jehova le ka merero ea hae. Ha Pedro a ntse a le teronkong, mosali oa hae o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me ha a lokolloa, mosali a mo memela ho ba teng libokeng tsa tsona. O ile a thabela ketelo eo haholo hoo a ileng a kōpa thuto ea Bibele, thuto e ileng ea mo lebisa ho etseng liphetoho tse ngata ponahalong ea hae le tseleng ea hae ea bophelo. Qetellong, ka 1989, Pedro le mosali oa hae ba ile ba kolobetsoa.

Pedro o re: “Ke leboha Jehova hore ebe ha ho motho eo ke ileng ka hla ka mo bolaea lilemong tseo ka tsona ke neng ke le sekhukhuni. Hona joale ke sebelisa sabole ea moea oa Molimo, Bibele, ho fa batho molaetsa oa khotso le toka ea sebele—litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.” Hase khale ha Pedro, eo hona joale a sebeletsang e le moholo oa Lipaki tsa Jehova, a ne a etela mehaho eona eo a kileng a rera ho e ripitla. Lekhetlong lena o ne a e-ea ka sepheo sa ho ea bolela molaetsa oa khotso ho malapa a phelang moo.

Lipaki tsa Jehova li etsa liphetoho tsena hobane li labalabela lefatše la ho loka. (2 Petrose 3:13) Le hoja li tšepa tšepiso ea Molimo ka ho feletseng ea ho phetha sena, lia hlokomela hore le tsona li tlameha ho phela ka toka. Bibele e bontša ka ho hlaka hore Molimo o lebeletse hore re phethe karolo ea rōna.

Ho Jala Peō ea ho Loka

Ke ’nete hore ha re tobane le ho hloka toka, re ka ’na ra ikutloa re batla ho hooa: “O kae Molimo oa toka?” Eo e bile potso ea Bajuda ba mehleng ea Malakia. (Malakia 2:17, NW) Na Molimo o ile a nka ho tletleba ha bona ka ho teba? Ka ho fapaneng, ho ile ha mo “khathatsa” hobane, har’a lintho tse ling, bona ka bobona ba ne ba etsa ka bolotsana ho basali ba bona ba seng ba hōlile, ba ba hlala ka mabaka a sa utloahaleng a boikaketsi. Jehova o ile a bontša ho ameha ka ‘basali ba bona ba matsoathaka, bao ba ileng ba ba hlokela botšepehi, le hoja ba ne ba entse selekane sa hore e be basali ba bona.’—Malakia 2:14, BPN.

Na e ka ba ho loketseng hore re belaele ka ho hloka toka haeba rōna ka borōna re sebetsa ka ho hloka toka? Ka lehlakoreng le leng, haeba re leka ho etsisa Jesu re ntša ka metso leeme le khethollo ea morabe lipelong tsa rōna, re sa ee ka leeme ’me re rata batho bohle hape re sa busetse bobe ka bobe, re bontša hore re fela re rata toka.

Hore re tle re kotule toka, Bibele e re phehella ho ‘jala ka ho loka.’ (Hosea 10:12) Ho sa tsotellehe hore na ho ka ’na ha bonahala ho fokola hakae, ho hlōla ho hloka toka ha motho ka mong ke habohlokoa. Ho joalokaha Martin Luther King, e monyenyane, a ile a ngola lengolong la hae le bitsoang Letter From Birmingham Jail, “ho hloka toka sebakeng leha e le sefe ke tšokelo ea toka libakeng tsohle.” Ba “batlang ho loka” ke batho bao Molimo a ba khethelang ho ja lefa la lefatše le lecha la ho loka le atamelang.—Sofonia 2:3.

Re ke ke ra haha tšepo ea rōna ea toka motheong o tetemang oa litšepiso tsa batho, leha ho le joalo re ka tšepa lentsoe la ’Mōpi oa rōna ea lerato. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a bolella balateli ba hae ho lula ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle. (Matheu 6:9, 10) Jesu, Morena ea khethiloeng oa ’Muso oo, “o tla lopolla ea futsanehileng ea hooang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, ’me o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.”—Pesaleme ea 72:12, 13, NW.

Ka ho hlakileng, ho hloka toka hase ha ka ho sa feleng. Puso ea Kreste holim’a lefatše e tla felisa ho hloka toka ka ho sa feleng, kaha Molimo oa re tiisetsa ka moprofeta oa hae Jeremia: “Matsatsi aa tla, ao ka ’ona ke tla phethahatsa litšepiso tse molemo, tseo ke li [entseng] . . . Nakong eo, ke tla etsa hore Lekala la ho loka le hlōme mothapong oa Davida, ’me lekala leo le tla ahlōla ka toka le ka nepo lefatšeng.”—Jeremia 33:14, 15, BPN.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso le iqapetsoeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela