“Ke le Behetse Mohlala”
“Le tšoanetse hore ebe le mesuoe ka lebaka la nako.”—BAHEBERU 5:12.
1. Ke hobane’ng ha ho utloahala hore Mokreste a tšoenngoe ke mantsoe a Baheberu 5:12?
HA U bala mantsoe a bululetsoeng a temana ea rōna ea sehlooho, na aa u tšoenya? Haeba ho joalo, ha u mong. Kaha re balateli ba Kreste, rea tseba hore re lokela ho ba mesuoe. (Matheu 28:19, 20) Rea tseba hore linako tseo re phelang ho tsona li etsa hore e be habohlokoa hore re rute hantle ka hohle kamoo re ka khonang. Hape rea tseba hore seo re se rutang se ka bolela bophelo kapa lefu ho bao re ba rutang! (1 Timothea 4:16) Kahoo, hoa utloahala hore re ipotse: ‘Na ka sebele ke ruta ka tsela e loketseng? Nka ntlafatsa joang?’
2, 3. (a) Mosuoe e mong o ile a hlalosa motheo oa ho ruta hantle joang? (b) Jesu o re behetse mohlala ofe oa ho ruta?
2 Ha ho hlokahale hore ho tšoenyeha ka sena ho re nyahamise. Haeba re nka hore ho ruta ho hloka hore re sebelise mekhoa e itseng e khethehileng, re ka ’na ra nka hore ho tla ba thata hore re ntlafatse. Leha ho le joalo, motheo oa ho ruta hantle hase ho sebelisa mokhoa o itseng o khethehileng, empa ke ntho ea bohlokoa haholo ho feta moo. Hlokomela seo mosuoe e mong ea nang le phihlelo a ileng a se ngola bukeng ka taba ena: “Ho ruta hantle ha hoa itšetleha ka ho sebelisa mekhoa e itseng kapa tloaelo, leano kapa liketso. . . . Ha e le hantle, ho ruta ho itšetlehile ka ho ba le lerato.” Ke ’nete hore o ne a e-na le pono ea mosuoe ea sa ruteng lintho tsa moea. Leha ho le joalo, seo a se bolelang se ka sebetsa haholo ho ruteng hoo re ho etsang re le Bakreste. Joang?
3 Mosuoe eo e leng ’Mehi-mohlala oa rōna ke Jesu Kreste feela, ea ileng a re ho balateli ba hae: “Ke le behetse mohlala.” (Johanne 13:15) O ne a bua ka mohlala oa hae oa ho bontša boikokobetso, empa mohlala oo Jesu a re behetseng oona o akarelletsa mosebetsi oa hae oa bohlokoahali lefatšeng e le motho, e leng oa ho ruta batho litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43) Haeba u ne u lokela ho sebelisa lentsoe le le leng ho hlalosa tšebeletso ea Jesu, mohlomong lentsoe leo u neng u tla khetha ho le sebelisa ke “lerato,” na ha ho joalo? (Bakolose 1:15; 1 Johanne 4:8) Lerato la Jesu ho Ntate oa hae oa leholimo, Jehova, e ne e le le fetisisang. (Johanne 14:31) Leha ho le joalo, e le mosuoe, Jesu o ile a bontša lerato ka litsela tse eketsehileng tse peli. O ne a rata linnete tseo a neng a li ruta, ’me o ne a rata batho bao a neng a ba ruta. A re ke re hlahlobeng ka hloko lintlha tsena tse peli mohlaleng oo a re behetseng oona.
Ho Rata Linnete Tsa Molimo ka Nako e Telele
4. Ke joang Jesu a ileng a hlaolela lerato bakeng sa lithuto tsa Jehova?
4 Boikutlo ba mosuoe ka taba eo a e rutang bo ama haholo boleng ba ho ruta ha hae. Ho ka etsahala hore haeba a sa thahaselle seo a se rutang, sena se bonahale se be se fetele liithuting tsa hae. Jesu ha aa ka a bontša ho se thahaselle linnete tsa bohlokoa tseo a neng a li ruta ka Jehova le ’Muso oa Hae. Jesu o ne a li rata ka ho tebileng. O ne a ile a hlaolela lerato lena e sa le seithuti. Ho theosa le lilemo-lemo tsa pele a e-ba teng e le motho, Mora ea tsoetsoeng a ’notši e ne e le seithuti se hloahloa. Esaia 50:4, 5 e tlaleha mantsoe ana a loketseng: “’Musi Morena Jehova o mphile leleme la ba rutiloeng, e le hore ka lentsoe ke tsebe ho araba ea khathetseng. O ntsosa hoseng ho hong le ho hong; o tsosa tsebe ea ka hore e utloe joaloka ba rutiloeng. ’Musi Morena Jehova o butse tsebe ea ka, ’me ha kea ba lerabele. Ha kea ka ka retelehela ka lehlakoreng le fapaneng.”
5, 6. (a) Ke phihlelo efe eo ho hlakileng hore Jesu o bile le eona ha a ne a kolobetsoa, hona e bile le phello efe ho eena? (b) Re fumana phapang efe pakeng tsa Jesu le Satane tabeng ea ho sebelisa Lentsoe la Molimo?
5 Ha Jesu a ntse a hōla e le motho lefatšeng, o ile a tsoela pele ho rata bohlale ba Molimo. (Luka 2:52) Joale, ha a kolobetsoa o ile a ba le phihlelo e ikhethang. Luka 3:21 e re: “Leholimo la buleha.” Ho totobetse hore ka nako eo, Jesu o ile a khona ho hopola hore o kile a ba teng pele e e-ba motho. Ka mor’a moo, o ile a qeta matsatsi a 40 a itima lijo lefeelleng. E tlameha hore ebe o ile a thabisoa haholo ke ho thuisa ka linako tse thabisang tseo a neng a rutoa ke Jehova ka tsona leholimong. Leha ho le joalo, lerato la hae bakeng sa linnete tsa Molimo le ile la lekoa ka mor’a nako e khutšoanyane.
6 Ha Jesu a khathetse a bile a lapile, Satane o ile a batla ho mo leka. Re bona phapang e kaakang pakeng tsa bara baa ba babeli ba Molimo! Ka bobeli ba ile ba qotsa Mangolong a Seheberu—empa e le ka maikutlo a fapaneng ka ho feletseng. Satane o ile a sotha Lentsoe la Molimo, ka ho hloka tlhompho a le sebelisetsa ho phetha merero ea hae ea boithati. Ka sebele, lerabele lena le ne le ikemiselitse ho nyelisa linnete tsa Molimo feela. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ile a qotsa Mangolo ka lebaka la lerato le totobetseng, a sebelisa Lentsoe la Molimo ka hloko karabong ka ’ngoe. Jesu o ne a bile teng nako e telele pele mantsoe ana a bululetsoeng a ngoloa ka lekhetlo la pele, leha ho le joalo, o ne a a hlompha. E ne e le linnete tsa bohlokoa tse tsoang ho Ntate oa hae oa leholimo! O ile a bolella Satane hore mantsoe a joalo a tsoang ho Jehova a bohlokoa ho feta lijo. (Matheu 4:1-11) E, Jesu o ne a rata linnete tsohle tseo Jehova a neng a mo rutile tsona. Leha ho le joalo, o ile a bontša lerato leo joang e le mosuoe?
Lerato Bakeng sa Linnete Tseo a Neng a li Ruta
7. Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a iqapela lithuto tsa hae?
7 Lerato la Jesu bakeng sa linnete tseo a neng a li ruta le ne le totobala kamehla. Ha e le hantle, a ka be a ile a iqapela likhopolo tsa hae habonolo feela. O ne a e-na le tsebo e ngata haholo le bohlale. (Bakolose 2:3) Leha ho le joalo, o ne a hopotsa bamameli ba hae khafetsa hore sohle seo a neng a se ruta o ne a sa iqalle sona, empa se ne se tsoa ho Ntate oa hae oa leholimo. (Johanne 7:16; 8:28; 12:49; 14:10) O ne a rata linnete tsa Molimo haholo hoo a neng a ke ke a li nkela sebaka ka likhopolo tsa hae.
8. Qalong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a beha mohlala oa ho itšetleha ka Lentsoe la Molimo joang?
8 Ha Jesu a qala tšebeletso ea hae ea phatlalatsa, ka potlako o ile a beha mohlala. Nahana ka tsela eo a ileng a bolella batho ba Molimo ka eona ka lekhetlo la pele hore ke Mesia ea tšepisitsoeng. Na o ile a hlaha feela ka pel’a matšoele, a bolela hore ke Kreste, eaba o etsa mehlolo e tsotehang hore a pake seo a se boletseng? Che. O ile a ea synagogeng, moo batho ba Molimo ba neng ba tloaetse ho bala Mangolo teng. Ha a le moo o ile a balla holimo boprofeta ba Esaia 61:1, 2 ’me a hlalosa hore linnete tseo tsa boprofeta li sebetsa ho eena. (Luka 4:16-22) Mehlolo ea hae e mengata e ile ea tiisa hore o tšehelitsoe ke Jehova. Ho sa tsotellehe seo, kamehla o ne a itšetleha ka Lentsoe la Molimo ha a ruta.
9. Litšebelisanong tsa hae le Bafarisi, Jesu o ile a bontša lerato le tšepahalang joang bakeng sa Lentsoe la Molimo?
9 Ha bahanyetsi ba bolumeli ba ne ba hanyetsa Jesu, ha aa ka a leka ho ba hlōla ka bohlale, le hoja a ka be a ile a atleha. Ho e-na le hoo, o ile a tlohella Lentsoe la Molimo hore le ba shanofatse. Ka mohlala, hopola ha Bafarisi ba ne ba qosa balateli ba Jesu ka hore ba tlōtse molao oa Sabatha ka ho kha lihloohoana tse seng kae tsa lijo-thollo masimong le ho li ja ha ba feta. Jesu o ile a araba, a re: “Na ha lea bala seo Davida a ileng a se etsa ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?” (Matheu 12:1-5) Ka ho hlakileng, ho ka etsahala hore ebe banna bana ba itokafatsang ba ne ba balile tlaleho e bululetsoeng e tlalehiloeng ho 1 Samuele 21:1-6. Haeba ba ne ba e balile, ba ne ba hlōlehile ho lemoha thuto ea eona ea bohlokoa. Leha ho le joalo, Jesu o ne a entse ho fetang feela ho bala tlaleho ena. O ne a ile a nahanisisa ka eona ’me a tebisetsa molaetsa oa eona pelong. O ne a rata melao-motheo eo Jehova a neng a e ruta litemaneng tseo. Kahoo, o ile a sebelisa tlaleho eo, esita le mohlala o Molaong oa Moshe, ho bontša hore Molao o nahanela maemo. Ka ho tšoanang, lerato la Jesu le tšepahalang le ile la mo susumelletsa hore a emele Lentsoe la Molimo khahlanong le boiteko ba baeta-pele ba bolumeli ba ho le sotha hore le lumellane le bona kapa ba le epele tlas’a motsoebere oa lineano.
10. Jesu o ile a phethahatsa boprofeta bo mabapi le boleng ba thuto ea hae joang?
10 Lerato la Jesu bakeng sa seo a neng a se ruta le ne le ke ke la mo lumella hore a rute feela hobane a tlamehile, ka tsela e sa thahaselliseng kapa ka tloaelo feela. Boprofeta bo bululetsoeng bo ne bo bontšitse hore Mesia o ne a tla bua a e-na le ‘khahleho molomong oa hae,’ a sebelisa “mantsoe a khahlisang.” (Pesaleme ea 45:2; Genese 49:21) Jesu o ile a phethahatsa boprofeta bona ka ho boloka molaetsa oa hae o thahasellisa o bile o phela, a sebelisa “mantsoe a khahlisang” ha a ruta linnete tseo a neng a li rata haholo. (Luka 4:22) Ha ho pelaelo hore mafolofolo a hae a ne a etsa hore sefahleho sa hae se khanye, ’me mahlo a hae a ne a phatsima ke ho ba le thahasello e mafolofolo ho seo a neng a se ruta. E tlameha ebe ho ne ho thabisa hakaakang ho mo mamela, ’me ke mohlala o motle hakaakang oo re lokelang ho o latela ha re bua le ba bang ka seo re ithutileng sona!
11. Ke hobane’ng ha bokhoni ba Jesu e le mosuoe bo sa ka ba etsa hore a ikhohomose le ka mohla?
11 Na kutloisiso ea Jesu e tebileng ea linnete tsa Molimo le ho bua ha hae ka tsela e ipiletsang li ile tsa mo susumelletsa hore a ikhohomose? Hangata sena se etsahalla mesuoe ea batho. Leha ho le joalo, hopola hore Jesu o ne a le bohlale ka tsela e bontšang hore o tšaba Molimo. Bohlale bo joalo ha bo lumelle boikakaso, etsoe “bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2) Ho na le ho hong ho neng ho thibela Jesu hore a ikhohomose kapa a ikakase.
Jesu o ne a Rata Batho Bao a Neng a ba Ruta
12. Jesu o ile a bontša joang hore ha a batle hore balateli ba hae ba mo tšabe?
12 Lerato la Jesu le tebileng ho batho le ne le bonahala kamehla ha a ruta. Ho fapana le batho ba baikhohomosi, ho ne ho se mohla seo a se rutang se etsang hore batho ba ikutloe ba le basesaane. (Moeklesia 8:9) Ha Petrose a qeta ho bona o mong oa mehlolo ea Jesu, o ile a makala haholo, eaba o oela mangoleng a Jesu. Empa Jesu o ne a sa batle hore balateli ba hae ba mo tšabe ka tsela e mpe. O ile a re ka mosa, “Khaotsa ho ba le tšabo” eaba o bolella Petrose ka mosebetsi o thabisang oa ho etsa barutuoa oo a neng a tla o etsa. (Luka 5:8-10) Jesu o ne a batla hore barutuoa ba hae ba susumetsoe ke lerato leo ba nang le lona bakeng sa linnete tsa bohlokoa ka Molimo, eseng ke ho tšaba morupeli oa bona.
13, 14. Jesu o ile a bontša batho kutloelo-bohloko ka litsela life?
13 Lerato la Jesu ho batho bao a neng a ba ruta le ne le boetse le bonahala ka kutloelo-bohloko eo a neng a e-na le eona ho bona. “Ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) O ne a ba utloela bohloko boemong ba bona bo otlang pelo ’me o ile a susumeletsoa hore a ba thuse.
14 Hlokomela kutloelo-bohloko ea Jesu lekhetlong le leng. Ha mosali ea nang le phallo ea mali a mo atamela har’a bongata ’me a ama mophetho o litjellane oa seaparo sa hae, o ile a folisoa ka mohlolo. Jesu o ile a utloa matla a tsoa ho eena, empa o ne a sa bone hore na o folisitse mang. O ile a phehella hore a fumane mosali eo. Hobane’ng? E ne e se ka lebaka la hore a tle a mo omanyetse ho tlōla Molao kapa melao ea bangoli le Bafarisi, joalokaha mosali eo a ne a nahana. Ho e-na le hoo, o ile a re ho eena: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u fole boloetseng ba hao bo bohloko.” (Mareka 5:25-34) Hlokomela kutloelo-bohloko e bontšoang ke mantsoe ana. Ha aa ka a re feela, “U fole.” Ho e-na le hoo, o ile a re: “U fole boloetseng ba hao bo bohloko.” Mona Mareka o sebelisa lentsoe leo ka ho toba le ka bolelang “ho shapa,” e leng ho shapa ka sephali hoo hangata ho neng ho sebelisetsoa ho hlokofatsa. Kahoo, Jesu o ile a lumela hore boloetse ba hae bo ne bo mo baketse bohloko, mohlomong bohloko bo boholo nameng le maikutlong. O ile a mo utloela bohloko.
15, 16. Ke liketsahalo life tšebeletsong ea Jesu tse bontšang hore o ne a sheba se setle ho batho?
15 Hape Jesu o ile a bontša batho lerato ka ho sheba litšoaneleho tse ntle tseo ba nang le tsona. Nahana ka se ileng sa etsahala ha a ne a teana le Nathanaele, eo hamorao a ileng a fetoha moapostola. “Jesu a bona Nathanaele a tla a mo lebile ’me a re ka eena: ‘Bonang, Moiseraele kannete-nete, eo ho seng thetso ho eena.’” Ka tsela ea mohlolo, Jesu o ile a bona pelo ea Nathanaele, ’me a ithuta ho eketsehileng ka eena. Ho hlakile hore Nathanaele o ne a sa phethahala. O ne a e-na le liphoso joaloka rōna kaofela. Ha e le hantle, ha a utloa ka Jesu, o ile a bua mantsoe a phoqang, a re: “Na ho na le ntho leha e le efe e molemo e ka tsoang Nazaretha?” (Johanne 1:45-51) Leha ho le joalo, har’a lintho tse ngata tseo Jesu a ka beng a li boletse ka Nathanaele, o ile a khetha hore a lebise tlhokomelo ho se setle, e leng botšepehi ba monna enoa.
16 Ka mokhoa o tšoanang, ha molaoli oa lebotho—eo mohlomong e neng e le Molichaba oa Moroma—a atamela ’me a kōpa Jesu hore a folise lekhoba le kulang, Jesu o ne a tseba hore lesole leo le na le liphoso. Ho ka etsahala hore ebe molaoli oa lebotho mehleng eo o ne a tloaetse ho etsa pefo, tšollo ea mali le borapeli ba bohata. Leha ho le joalo, Jesu o ile a lebisa tlhokomelo ho se setle, e leng tumelo e hlaheletseng ea monna enoa. (Matheu 8:5-13) Hamorao ha Jesu a ne a bua le sesenyi se neng se leketlile thupeng ea tlhokofatso haufi le eena, Jesu ha aa ka a khalemela monna enoa bakeng sa liketso tsa hae tse fetileng tsa bonokoane empa o ile a mo khothatsa ka hore a be le tšepo bakeng sa bokamoso. (Luka 23:43) Jesu o ne a tseba hantle hore ho sheba liphoso tsa ba bang ho ne ho ka ba nyahamisa. Ha ho pelaelo hore boiteko ba hae ba ho batla se setle ho ba bang bo ile ba khothalletsa ba bangata hore ba ntlafatse.
Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Batho
17, 18. Ka ho amohela kabelo ea hore a tle lefatšeng, Jesu o ile a bontša joang hore o ikemiselitse ho sebeletsa ba bang?
17 Bopaki bo bong bo matla ba lerato la Jesu ho batho bao a neng a ba ruta ke boikemisetso ba hae ba ho ba sebeletsa. Esale Mora oa Molimo a rata batho le pele e e-ba motho. (Liproverbia 8:30, 31) E le “Lentsoe” kapa ’muelli oa Jehova, ho ka etsahala hore o ne a ile a sebelisana le batho hangata. (Johanne 1:1) Leha ho le joalo, le leng la mabaka a entseng hore ‘a ikhokhothe ’me a nke sebōpeho sa lekhoba,’ a siee boemo ba hae bo phahameng leholimong, e ne e le hore a tle a rute batho ka ho toba haholoanyane. (Bafilipi 2:7; 2 Bakorinthe 8:9) Ha Jesu a le lefatšeng, o ne a sa lebella ho etsetsoa lintho le ho sebeletsoa. Ho e-na le hoo, o ile a re: ‘Mora motho ha aa tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) Jesu o ile a phelela mantsoe ana ka botlalo.
18 Ka boikokobetso Jesu o ile a sebeletsa ho fana ka se hlokoang ke bao a neng a ba ruta, a ikitlaetsa molemong oa bona a sa tsilatsile. O ile a haola Naha e Tšepisitsoeng, a tsamaea ka maoto lik’hilomithara tse makholo maetong a boboleli ka sepheo sa ho buisana le batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ho fapana le Bafarisi ba baikhohomosi le bangoli, o ile a lula a ikokobelitse ’me ho le bonolo ho buisana le eena. Batho ba mefuta eohle—bahlomphehi, masole, bo-ramolao, basali, bana, mafutsana, bakuli, esita le ba entsoeng melahloa ke sechaba—ba ne ba e-ea ho eena ka mafolofolo, ba sa tšabe. Le hoja a ne a phethahetse, Jesu e ne e le motho, ’me o ne a ka khathala le ho lapa. Esita leha a ne a khathetse kapa a batla ho phomola kapa ho ba le nako e khutsitseng hore a rapele, o ne a etelletsa lithahasello tsa ba bang ka pele ho tsa hae.—Mareka 1:35-39.
19. Ke joang Jesu a ileng a beha mohlala oa ho sebelisana le barutuoa ba hae ka boikokobetso, ka ho se fele pelo le ka mosa?
19 Jesu o ne a ikemiselitse ka ho tšoanang ho sebeletsa barutuoa ba hae. O ile a etsa sena ka ho ba ruta ka mosa le ka ho se fele pelo. Ha ba ne ba lieha ho utloisisa lithuto tse itseng tsa bohlokoa, o ne a sa tele, a sa ba halefele kapa a ba omanye. O ne a tsoela pele ho fumana litsela tse ncha tsa ho ba thusa hore ba utloisise. Ka mohlala, nahana feela kamoo barutuoa ba neng ba atisa ho pheha khang kateng hore na ke ofe e moholo har’a bona. Khafetsa, ho fihlela bosiung ba pele a bolaoa, Jesu o ile a fumana litsela tse ncha tsa ho ba ruta ho sebelisana ka boikokobetso. Tabeng ena ea boikokobetso, joaloka litabeng tsohle, Jesu o ne a ka re ka nepo: “Ke le behetse mohlala.”—Johanne 13:5-15; Matheu 20:25; Mareka 9:34-37.
20. Ke mokhoa ofe oa ho ruta o neng o khetholla Jesu ho Bafarisi, hona ke hobane’ng ha mokhoa oo o ne o atleha?
20 Hlokomela hore Jesu ha aa ka a bolella barutuoa ba hae feela hore na ba latele mohlala ofe; o ile a ‘beha mohlala.’ O ne a ba ruta ka ho ba behela mohlala. O ne a sa bue le bona ka tsela e bontšang hore o ba phahametse, joalokaha eka eena o ne a inka a phahame hoo a neng a ke ke a etsa lintho tseo a neng a re ba li etse. Bafarisi ba ne ba le joalo. Jesu o ile a re ka bona: “Baa bua empa ha ba etse.” (Matheu 23:3) Ka boikokobetso Jesu o ile a bontša liithuti tsa hae hore na ha e le hantle seo a se rutang se bolela’ng ka hore a se phelele, a be a se etse. Kahoo ha a ne a khothalletsa balateli ba hae hore ba phele bophelo bo bonolo bo se nang lerato la lintho tse bonahalang, ho ile ha hlaka ho bona hore na o bolela’ng. Ba ne ba ka bona bonnete ba mantsoe a hae a reng: “Liphokojoe li na le maphao le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha, empa Mor’a motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Matheu 8:20) Jesu o ile a sebeletsa barutuoa ba hae ka hore ka boikokobetso a ba behele mohlala.
21. Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
21 Ho hlakile hore Jesu e ne e le Mosuoe e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng! Lerato la hae bakeng sa seo a neng a se ruta le lerato la hae ho batho bao a neng a ba ruta le ne le hlakile ho bohle ba lipelo li tšepahalang ba ileng ba mo bona ’me ba mo utloa. Le ntse le hlakile le ho rōna bao kajeno re ithutang mohlala oo a ileng a o beha. Leha ho le joalo, ke joang re ka latelang mohlala o phethahetseng oa Kreste? Sehlooho se latelang se tla tšohla potso ena.
U ka Araba Joang?
• Motheo oa ho ruta hantle ke ofe, ’me ke mang ea ileng a beha mohlala oa oona?
• Ke joang Jesu a ileng a bontša lerato bakeng sa linnete tseo a neng a li ruta?
• Ke joang Jesu a ileng a bontša lerato ho batho bao a neng a ba ruta?
• Ke mehlala efe e bontšang hore Jesu o ne a ikemiselitse ka boikokobetso ho sebeletsa bao a neng a ba ruta?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Jesu o ile a bontša joang hore o rata melao-motheo e Lentsoeng la Molimo?