Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 4/8 maq. 5-6
  • Mehla ea Bofelo ‘Mebuso e Tsohelana Matla’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehla ea Bofelo ‘Mebuso e Tsohelana Matla’
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa ea II ea Lefatše—Ea Ikhetha ka Matla a Tšenyo
  • Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Khotso le Tšireletseho—Lia Hlokahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na Lintoa li ke ke tsa Qojoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 4/8 maq. 5-6

Mehla ea Bofelo ‘Mebuso e Tsohelana Matla’

“Khohlano ea lichaba ho tloha ka 1914 ho ea ho 1918 e ne e se feela ‘taba ea bo-ba-re e mabapi le ntoa e itseng.’ Khohlano eo ebile selelekela sa mofuta o mocha oa ntoa, ntoa ea pele e akarelletsang eo batho ba kileng ba ba le phihlelo ea eona. Nako eo ntoa e tsoetseng pele ka eona, bohale ba eona, le boholo ba eona li ile tsa feta ntoa leha e le efe e kileng ea tsejoa kapa ea lebelloa. Letsatsi la ntoa e khōlō haholo le ne le fihlile.”—The World in the Crucible, ka Bernadotte E. Schimtt le Harold C. Vedeler.

NTOA ea 1914-18 ebile e senyang haholo le e nkileng bophelo bo bongata haholo hoo Fora letsatsing lena u ka fumanang liemahale tse etselitsoeng ba ileng ba shoa La Grande Guerre, Ntoeng e Khōlō. Mongoli oa Amerika Ernest Hemingway hamorao o ile a e bitsa “ntoa e sehlōhō, e mabefi, e bolaileng batho ntle ho qenehelo e kileng ea ba teng lefatšeng.” Ntoa eo e khōlō e ile ea boela ea reoa Ntoa ea I ea Lefatše ha lefatše le hlaseloa hape ke Ntoa ea II ea Lefatše (1939-45).

Ntoa ea I ea Lefatše e ne e fapane le lintoa tse bileng teng ka litsela tse ngata. Mabotho a limillione a ile a bolaeana lebaleng la ntoa Europa Bophirimela. Lithunya tsa bolaea masole a mangata a tsamaeang ka maoto. Joaloka ha Gwynne Dyer a boletse bukeng ea hae ea War: “Ka likhoeli tse peli feela [hoba ntoa e qale], banna ba millione ba ile ba bolaoa . . . Libetsa tsa mechine—libetsa tse ntšang mollo ka pele le lithunya tsa hlatsa likulo tse makholo a tšeletseng ka motsotso—tsa tlatsa moea ka litšepe tse bolaeang.” Litanka tsa ntoa, likepe tsa ntoa tse tsamaeang ka tlaase ho metsi, lifofane tsa ntoa tsa fetola mohopolo oa batho le litsela tsa ho hlasela. Joale lefu le ne le theoha sepakapakeng ’me hape le nyoloha metsing.

Ho loantšana ha masole liforong tse sirelelitsoeng, ka tšebeliso e ekelitsoeng ea ligase tse kotsi, ha felisa mamello ea batho, ha hlahisa matšoenyeho, le ho fela ha boitšoaro. Ntoa e khōlō e ne e fapane ka tsela e ’ngoe hape: “Ena ebile ntoa ea pele eo masole a ileng a kenngoa chankaneng a neng a fihla ho limillione (ka kakaretso a le 8 400 000) ’me a koalloa ka nako e telele haholo.” (The World in the Crucible) Hape ebile ntoa ea pele e ileng ea akarelletsa batho bohle ba sa loaneng, ebang ke mesebetsing ea tšireletso kapa ho hlahisoeng ha libetsa kapa e le mahlasipa a tlhaselo le a ntoa.

Morao koana ka 1914 Lipaki tsa Jehova tsa hlokomela hore ntoa eo e mpe e ne e le tšimoloho ea boprofeta bo bohloko ba Jesu. Empa e ne e sa le linyane.

Ntoa ea II ea Lefatše—Ea Ikhetha ka Matla a Tšenyo

Bopaki bo bong ba hore ena ke mehla ea bofelo, esita le kamoo batho ba bonang kateng, ke matla a batho a ho itimetsa. Ngaka Bernard Lown o buile mantsoe a latelang puong ea hae ea Moputso oa Khotso oa Nobel: “Ntoa ea Bobeli ea Lefatše ebile selelekela sa ntoa e akarelletsang—e ne e se na taolo, e le mabefi ka ho fetelletseng, mahlasipa a eona a se na khethollo. Lionto tseo ho neng ho chesoa batho ho tsona Auschwitz le mocheso oa seqhomane sa athomiki Hiroshima le Nagasaki li ekelitse tlaleho e mpe ea bobatana ba batho.”

Na batho ba ile ba ithuta kutloelo-bohloko le mosa phihlelong eo e tšosang? O tsoela pele: “Ketsahalo eo e bohloko ea nako e telele e siileng batho ba limillione tse 50 ba shoele [lenane le ka lekanang le baahi bohle ba Brithani, Fora kapa Itali] ha ea fana ka motheo o tiileng oa ho felisoa ha boqaba bona. Ka ho fapaneng, ho sa ntsane ho na le metsu e akhelang libomo tsa nuclear e ka felisang sechaba sohle ka tekanyo ea makhetlo a likete a Ntoa ea II ea Lefatše.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Ha ho na pelaelo ka sena, re bone, ‘sechaba se loantša sechaba se seng’ le’ ’muso o tsohela ’muso o mong,’ ’me mokalli oa pere e khunong oa Tšenolo o jetse polao lefatšeng lohle. (Mattheu 24:7; Tšenolo 6:4) Empa ho hlahisoa ha libetsa tsa nuclear ho tla ba le phello e kae e eketsehileng ‘mehleng ea rōna ea bofelo’?—2 Timothea 3:1.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

“Lekholo la bo20 la lilemo le ’nile la tšoauoa ke ho phahama ha pefo ha ho bapisoa le makholo a mabeli a lilemo a fetileng. . . . Lekholo la bo20 la lilemo le se le na le tlaleho ea lintoa tse 237, ke hore, bora bo hlahisitseng mafu a lekanyetsoang ho 1 000 kapa ho feta selemo le selemo.”

“Hase feela taba ea hore lintoa li eketsehile empa hape tšenyo ea tsona e phahame haholo. Ho tla fihla joale lintoa lekholong lena la bo20 la lilemo li bolaile batho ba limillione tse 99, makhetlo a 12 ho feta lekholong la bo19 la lilemo, ka makhetlo a 22 ho feta lekholong la bo18 la lilemo. . . Lekholong le fetileng la lilemo ho bile le lintoa tse peli tse bolaileng batho ba ka holimo ho millione; lekholong lena la lilemo ho bile le lintoa tse joalo tse 13.”—World Military and Social Expenditures 1986, ka Ruth Leger Sivard.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Foto ea lebotho la U.S.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela