Ho Batla Tšireletseho
TŠIRELETSEHO. Baetapele ba lefatše ba tšoara lipuisano ka eona. Baetapele ba bolumeli baa e rapella. Leha ho le joalo, ho motho feela ea tloaelehileng, tšireletseho e bonahala e le toro e mo phonyohang. Ka mohlala, nahana ka Ron, ea neng a ea mosebetsing motseng o mong o moholo oa Afrika Boroa, Johannesburg.
“Banna ba bahlano ba ne ba mpota-potile, e mong a behile thipa ’metsong oa ka ’me e mong a e behile ka mahetleng ho ’na. Ba ile ba mphopholetsa ka lipokothong ka metsotsoana e seng mekae feela. Ke ile ka ikutloa eka ke khōhō e hlothiloeng masiba. Batho ba neng ba feta ka tsela ba ile ba iphapanyetsa ’na feela.” Ron ha aa ka a hana ’me o ile a pholoha a sa tsoa kotsi.
Ho ba bangata, ho tsamaea literateng tsa motse ofe kapa ofe o moholo ho baka khatello ea maikutlo. Ba lutse ba ntse ba ipotsa: ‘Nka qoba joang hore ke se ke ka futuheloa ke linokoane?’ Ba potlakela hore ba qete ho reka ha bona e le hore ba ka khutlela mahaeng a bona a sireletsehileng. Empa lehae ke sebaka se sireletsehileng hakae? Buka Total Home Security ea bolela: “Menyetla ea ho hlaheloa ke hore motho e mong a futuhele lehae la hao le hlomphehang, a nke karolo feela kapa lintho tsohle tseo u nang le tsona ’me ebe o nyamela a sa siee le mehlala feela e eketseha ka matla selemo se seng le se seng.”
Ka baka leo, beng ba matlo ba maneha litsebiso tse lemosang masholu a patelang batho ka matlung hore ho na le lintja tse lomang majareteng a bona kapa hore majarete ana a lebetsoe ke molebeli ea hlometseng. Tikolohong tse ngata beng ba matlo ba kenela mabotho a sesole ka boiteko ba ho loantša tlōlo ea molao. Koranta Security Focus ea bolela: “Ho na le merero e fetang 60 000 Brithani feela, e akarelletsang beng ba matlo ba 750 000.” Moemeli e mong oa insurance Afrika o itse: “Ha tlōlo ea molao e ntse e hōla, ke ntho ea mehleng ea khale hore baahisani ba se ke ba ba le likamano tsa botsoalle.”
Litho tsa merero ea ho lebela tikoloho li hlokomela boiketlo ba e mong ho e mong ’me li tlaleha liketso leha e le life tse belaetsang ho mapolesa.a Empa koranta e ’ngoe e ile ea hlalosetsa setho se seng sa sehlopha sa habo eona seo ntlo ea sona e ileng ea thuuoa ’me ha utsuoa thepa: “Ka bomalimabe morero ona hase tiiso ea hore ha hao ha ho sa tla hlola ho thuuoa hape. Ha ho na morero oa tšireletseho o teng o ka bolelang joalo. . . . U ntse u tlameha ho tiiseha hore o notletse menyako ea hao, hore u na le alamo e hlokomelisang ha masholu a le teng le hore u nkile mehato ea tšireletseho e loketseng.”
Le hoja merero ea ho lebela tikoloho e bile le katleho e itseng, ho ntse ho e-na le phehisano ea hore na ebe e fokotsa tekanyo ea tlōlo ea molao ka ho felletseng. Ho Policing by the Public Shapland le Vagg baa hlalosa: “Ho boleloang e le ho fokotseha ha tlōlo ea molao sebakeng se senyenyane e mpa e le ‘katleho’ feela haeba ho ‘fetela’ ha tlōlo eo ea molao libakeng tse atamelaneng ho le honyenyane kapa ho le sieo.” Ka hona, metseng e meng moo lihlopha tse lebelang tikoloho li tlalehileng katleho e ikhethang, ho bile le keketseho e ikhethang ea tlōlo ea molao libakeng tse ling tsa metse eona eo moo ho leng thata ho hlophisa merero e joalo.
Mongoli e mong oa morero o atileng naheng ka bophara o akarelletsang litho tse ka holimo ho 20 000 oa lumela: “Ho na le libaka tse ling moo ho lebela tikoloho ho se nang katleho e kaalo.” O ne a bua ka libaka tse khōlō “tse ka ntle ho toropo moo baahisani ba ke keng ba bonana le moo tokisetso ea lihlopha tse lebelang e sa sebetseng.” Ka mohlala, banyalani ba bang ba ile ba fallela setšeng sa lihekthere tse 20 se haufi le motsana o mong ba tloha motseng oa Amerika. Nakong ea lilemo tse seng kae feela, ntlo ea bona e ile ea thuuoa habeli. Mosali eo o ile a hlalosa maikutlo a baahi ba libakeng tsa mahaeng ka ho re: “Ke leka ho phutholoha, empa kea tšaba. . . . Ha ho mohla ke ikutloang ke sireletsehile.” Linaheng tse khathatsoang ke khohlano ea lipolotiki, baahi ba libaka tsa mahaeng ba talimane le pefo e eketsehileng ’me hangata ba hatelloa hore ba jele paate.
Hase ho makatsang ha ba bangata ba laba-labela ‘mehla ea khale e molemo.’ Buka The Growth of Crime ea bolela: “Hoo e ka bang mathoasong a lekholo lena la lilemo, ho bile le . . . tumelo e akaretsang ea hore [tlōlo ea molao] e ne e tla kokobela.” Empa ho e-na le hoo ke’ng ho ileng ha etsahala? Lingoli Monghali Leon Radzinowicz le Joan King lia hlalosa: “Lilemong tse qalang tse mashome a mabeli tsa lekholo la lilemo, esita le nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, tekanyo ea tlōlo ea molao e ile ea lula e ntse e le boemong bo itekanetseng, e ntse e ipapisitse le tekanyo eo palo ea baahi e hōlang ka eona. E bile ho oeng ha moruo ha ka mor’a ntoa moo ho ileng ha hlokomeleha khōlo e tsoelang pele e sa khaotse. Ho theosa le lilemo tsa mofere-fere oa moruo, ho se hiroe le ntoa e ’ngoe e khōlō, [tlōlo ea molao] e ile ea ipha matla e sa khaotse . . . Ntho e le ’ngoe feela eo mahlo a hao a kopanang le eona pele ha u talima tlōlo ea molao lefatšeng ka kakaretso ke keketseho e atileng le e sa khaotseng hohle.”
‘Ngatafalo ena ea bokhopo,’ le hoja ba bangata ba sa e lebella, e hlile ea boleloa esale pele. Likoluoa tse khōlō tse oetseng batho ho tloha ha ntoa ea pele ea lefatše e qala ka 1914 li ile tsa bontšoa esale pele ka Bibeleng. Jesu o ile a phatlalatsa esale pele hore tsamaiso ea batho e khopo e ne e atamela ho fela: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, . . . le litšisinyeho tsa lefatše ka ng̀a tse ngata. ’Me lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.”—Mattheu 24:3, 7, 12; bona le Luka 21:10, 11.
Jesu o ile a phaella: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihlooho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.” Ka hona, u na le lebaka la hore u be le tšepo. Ho batla tšireletseho ea lefatše ka bophara ha batho ho se ho le lekhatheng la ho khotsofatsoa.—Luka 21:28-32.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha ba khothalletsoa hore ebe litho tsa lihlopha tse lebelang tsa tšireletso, Bakreste ba khotsofalla hore ebe ba na le melao-motheo e ba tataisang ho Esaia 2:2-4 le ho Johanne 17:16.—Bona Molula-Qhooa, January 1, 1984, maqephe 21-3.