Ho Kolobetsoa “Lebitsong la”
TLHAHLOBISISO ea litokomane tse likete tsa boholo-holo tsa loli tsa lefatše tse fumanoeng lehoatateng la Egepeta qalong ea lekholo lena la lilemo hangata e hlakisa ka ho thahasellisang Mangolo a Segerike a Bakreste. Joang? Ka ho hlahlobisisa tsela eo mantsoe a itseng a ileng a sebelisoa ka eona, re tataisetsoa kutloisisong e nepahetseng haholoanyane ea mantsoe a tšoanang tšebelisong ea ’ona Mangolong.
Mohlala o le mong ke oa ho sebelisa ha Jesu mantsoe “ka lebitso la” ha a ne a laela balateli ba hae pele a nyolohela leholimong: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang.” Jesu o ne a bolela eng?—Mattheu 28:19.
Bahlalefi ba hlokometse hore ho lingoliloeng tsa lefatše polelo “ka lebitso la” kapa “lebitsong la” (Kingdom Interlinear), e sebelisoa mabapi le litefello “ho account ea mang kapa mang.” Moprofesa oa thuto ea bolumeli Dr. G. Adolf Deissmann o ne a lumela hore mabapi le bopaki bo tsoang loling, “mohopolo oa motheo . . . oa lipolelo ho kolobetsa lebitsong la Morena, kapa ho lumela lebitsong la Mora oa Molimo, ke hore kolobetso kapa tumelo ke motheo oa ho ikarabella ho Molimo kapa ho Mora oa Molimo.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa Deissmann.
Ka ho thahasellisang, polelo e tšoanang e ile ea sebelisoa ke Bajode ba mehleng ea Jesu, joalokaha ho hlalositsoe ho Theological Dictionary of the New Testament: “Ho bolotsoa ha mosokolohi hoa etsoa . . . ‘ka lebitso la mosokolohi eo,’ hore a amoheloe Bojodeng. Ho bolotsoa hona hoa etsahala . . . ‘ka lebitso la selekane,’ hore a amoheloe selekaneng.” Ka tsela eo ho thehoa kamano ’me motho eo eseng Mojode e ba mosokolohi ka tlas’a matla a selekane.
Kahoo bakeng sa Mokreste, kolobetso e latelang boinehelo e theha kamano e haufi le Jehova Molimo, Mora oa hae Jesu Kreste, le moea o halalelang. Mosokolohi eo o hlokomela matla a bona a sa tšoaneng tseleng ea hae e ncha ea bophelo. Nahana kamoo sena e leng ’nete bakeng sa le leng le le leng la mabitso a mararo a boletsoeng.
Ka ho hlokomela matla a Molimo, re atamela haufi le eena ’me re ba le kamano le eena. (Ba-Heberu 12:9; Jakobo 4:7, 8) Re fetoha thepa ea Molimo joaloka makhoba a hae, a rekiloeng ka theko ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. (1 Ba-Korinthe 3:22; 6:20) Moapostola Pauluse o ile a boela a bolella Bakreste ba lekholo la pele la lilemo hore e ne e le ba Jesu Kreste, eseng ba motho ofe kapa ofe eo mohlomong a ileng a isa linnete ho bona. (1 Ba-Korinthe 1:12, 13; 7:23; bapisa le Mattheu 16:24, NW.) Ho kolobetsa ka lebitso la Mora ho bolela ho hlokomela ’nete ena, ho amohela Jesu joaloka “tsela, le ’nete, le bophelo.”—Johanne 14:6.
Moea o halalelang le oona ke oa bohlokoa bakeng sa kamano ea rōna e nepahetseng le Jehova le Jesu Kreste. Ho kolobetsa ka lebitso la moea o halalelang ho bontša hore re hlokomela karolo eo moea ona o e nkang litšebelisanong tsa Molimo le rōna. Re ikemiselitse ho latela tataiso ea oona, re sa o hlompholle kapa re sa sebetse khahlanong le oona, ho o thibela ho sebetsa ho rōna. (Ba-Efese 4:30; 1 Ba-Thessalonika 5:19) Ho se be le sebōpeho sa botho ha moea ona ha ho hlahise bothata mabapi le tšebeliso kapa moelelo, joalokaha tšebeliso ea “ka lebitso la selekane” e ne e se bothata Bojodeng.
Ka baka leo, nakong ea boinehelo le kolobetso, re lokela ho thuisa ka thapelo mabapi le se akaretsoang ke kamano ea rōna e ncha. E hloka ho ikokobelletsa thato ea Molimo, joalokaha ho bonahalitsoe ka mohlala le ka tokisetso ea topollo ea Jesu Kreste, ho lokelang ho etsoa ka moea o halalelang kaha o lebisa bahlanka bohle ba Molimo leratong le bonngoeng lefatšeng lohle.