Boloka Leihlo la Hao le Talimile Nģa e le ’Ngoe
1 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a lebisa tlhokomelo tšusumetsong e khōlō eo leihlo la tšoantšetso kapa la moea le ka bang le eona bophelong ba rōna bohle. O itse: “Joale, haeba leihlo la hao le talima nģa e le ’ngoe, ’mele oohle oa hao o tla khanya; empa haeba leihlo la hao le le khopo, ’mele oohle oa hao o tla ba lefifi.” (Mat. 6:22, 23) Leihlo le talimileng nģa e le ’ngoe ke le lebisitseng tlhokomelo morerong o le mong—ho etseng thato ea Molimo—le sa sitisoe ke ho tšoenyeha ho sa hlokahaleng ka lintho tse bonahalang. (Mat. 6:19-21, 24-33) Re ka thusoa ke eng ho boloka leihlo la rōna le talimile nģa e le ’ngoe?
2 Ho Hlaolela Khotsofalo: Ke tlamo ea Mangolo hore motho a lokisetse seo lelapa la hae le se hlokang. (1 Tim. 5:8) Empa sena ha se bolele hore re lelekise lintho tse molemohali tsa morao-rao. (Liprov. 27:20; 30:8, 9) Ho e-na le hoo, Mangolo a re khothalletsa ho khotsofalla “lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso,” e leng lintho tse hlokahalang bophelong. (1 Tim. 6:8; Baheb. 13:5, 6) Ho ela hloko keletso ena ho ka re thusa ho boloka mahlo a rōna a talimile nģa e le ’ngoe.
3 Re bohlale ha re qoba ho ikimetsa ka likoloto tse sa hlokahaleng le matlotlo kapa lipakane tse hlokang nako e ngata le tlhokomelo. (1 Tim. 6:9, 10) Re ka etsa see joang? Ha u nahana ka ho etsa ntho e itseng, u rapelle taba eo ’me ka botšepehi u lekanyetse hore na e tla kena-kenana le lipakane tsa moea. Ikemisetse ho etelletsa lintho tsa moea pele bophelong ba hao.—Bafil. 1:10; 4:6, 7.
4 Nolofatsa Bophelo ba Hao: Thuso e ’ngoe ea ho hanela khoheli ea lerato la lintho tse bonahalang ke ho batla ho nolofatsa bophelo ba hao. Mor’abo rōna e mong ea ileng a lemoha hore lelapa la hae le ne le ka khona ho phela hantle ntle ho lintho tse bonahalang tse eketsehileng o itse: “Joale nka khona ho etsa ho eketsehileng ka phuthehong bakeng sa ho sebeletsa barab’eso. Ke kholisehile hore Jehova o hlohonolofatsa bahlanka bohle ba hae ha ba etelletsa borapeli ba ’nete ka pel’a lintho tseo ba li thahasellang.” Na u ne u ka thabela mahlohonolo a eketsehileng ka ho nolofatsa bophelo ba hao?
5 Ho hlokahala boiteko bo sa khaotseng ho hanela tšusumetso ea Satane, lefatše la hae le ratang lintho tse bonahalang le ’mele ea rōna e sa phethahalang. Ho e-na le ho lumella mahlo a rōna ho solla, a re a tsepamiseng ho etseng thato ea Molimo le tšepong ea rōna e khanyang ea bophelo bo sa feleng.—Liprov. 4:25; 2 Bakor. 4:18.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. Ho ba le leihlo le talimileng nģa e le ’ngoe ho bolela’ng, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa?
2. Lentsoe la Molimo le khothalletsa pono efe ka lintho tse bonahalang?
3. Re ka thusoa ke eng ho qoba ho ikimetsa ka meroalo?
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho batla litsela tsa ho nolofatsa bophelo ba rōna?
5. Ke hobane’ng ha ho hlokahala boiteko bo sa khaotseng ho boloka mahlo a rōna a talimile nģa e le ’ngoe?