Ho Etsa Hore Nako ea Bocha ba Hao e be e Atlehileng
BAAHI ba naha e ’ngoe ea Europe ba ile ba kōptjoa ho khetha linthong tsena tse tharo: botle, maruo kapa bocha. Ba bangata ba ile ba khetha bocha. E, batho ba lilemo tsohle ba nka lilemo tsa bocha e le nako e khethehileng bophelong. ’Me motho e mong le e mong o batla hore bacha ba atlehe ha ba fetoha ho tloha boemong ba bongoana ho ea boemong ba ho ba batho ba baholo. Empa joang?
Na Bibele e ka thusa? Ha ho pelaelo hore karabo ke e. A re ke re hlahlobeng litsela tse peli tseo ka tsona Lentsoe la Molimo le ka thusang bacha ka ho khethehileng, mohlomong le ba thusa ho feta ba bang.
Ho Sebelisana Hantle le ba Bang
Jugend 2000 ke tlaleho ea patlisiso e batsi ea boikutlo, litekanyetso le boitšoaro e entsoeng har’a bacha ba Jeremane ba ka holimo ho 5 000. Patlisiso ena e bontša hore ha bacha ba kopanela boikhathollong—bo kang ho mamela ’mino, ho bapala lipapali kapa ho roba monakeli feela—hoo e ka bang kamehla ba na le batho ba bang. Mohlomong ho feta batho ba bang, bacha ba batla ho ba le lithaka tsa bona. Ka sebele ho ka thoe le leng la makunutu a katleho nakong ea bocha ke ho sebelisana hantle le ba bang.
Empa ha ho bonolo kamehla ho sebelisana hantle le ba bang. Ha e le hantle, likamano pakeng tsa batho, ke karolo eo bahlankana le baroetsana ba bangata ba lumelang hore ba atisa ho ba le mathata ho eona. Karolong eo, Bibele e ka ba thuso ea sebele. Lentsoe la Molimo le fupere tataiso ea motheo bakeng sa bacha mabapi le ho haha botsoalle bo leka-lekaneng. Bibele e re’ng?
O mong oa melao-motheo ea bohlokoa ka ho fetisisa likamanong tsa batho o bitsoa Molao oa Khauta: “Kamehla u tšoare batho ba bang kamoo u neng u ka rata hore ba u tšoare ka teng.” Ho tšoara ba bang ka tlhompho, seriti le mosa ho ba khothalletsa hore le bona ba u tšoare ka mokhoa o tšoanang. Boitšoaro bo bonolo bo ka kokobetsa ho se utloane le khatello kelellong. Haeba u tsebahala ka boitšoaro ba hao bo nahanelang ba bang, ho ka etsahala hore ba u hlokomele le ho u amohela. Na ha u thabele ho amoheloa ke ba bang?—Matheu 7:12, Revised English Bible.
Bibele e u khothalletsa hore “u rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” U lokela ho ithata ka kutloisiso ea hore u itlhokomele le ho itlhompha ka mokhoa o leka-lekaneng, eseng ka mokhoa o feteletseng kapa o tlaase haholo. Seo se molemo ka tsela efe? Haeba u ikhalala, u ka tšoaea ba bang liphoso ka mokhoa o feteletseng, e leng se sitisang likamano tse molemo. Empa boitlhompho bo loketseng ke motheo oo u ka hahang setsoalle se matla ho oona.—Matheu 22:39.
Hang ha setsoalle se hōla, se lokela ho matlafatsoa ka boiteko bo hlahang ka mahlakoreng a mabeli. Ho ipha nako ea setsoalle ho lokela ho u thabisa, hobane “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” Mofuta o mong oa ho fana ke ho tšoarela, ho akarelletsang ho hlokomoloha liphoso tse nyenyane le ho se lebelle phetheho ho ba bang. Bibele ea re bolella: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” Ka sebele, “ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” Ho thoe’ng haeba motsoalle a u bontša e meng ea mefokolo ea hao? U itšoara joang? Ak’u nahane ka keletso ena e sebetsang e tsoang Bibeleng e reng: “U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe,” hobane “motsoalle ha a u otla, o ho etsa ka morero o motle.” Na hase ’nete hore metsoalle e na le tšusumetso menahanong ea hao, puong le boitšoarong? Kahoo, Bibele ea eletsa: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” Ka lehlakoreng le leng, “ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liketso 20:35; Bafilipi 4:5; Baroma 12:17, 18; Moeklesia 7:9; Liproverbia 13:20; 27:6, REB; 1 Bakorinthe 15:33.
Marco o buella bahlankana le baroetsana ba bangata ha a re: “Melao-motheo ea Bibele ke thuso e khōlō ho sebelisaneng hantle le ba bang. Ke tseba batho ba bangata bao e leng baithati le baikhabi. Bibele e re ruta ho nahana, eseng hakaalo ka rōna, empa ka ba bang. Ona ke mohato o molemo bakeng sa ho hōlisa likamano pakeng tsa batho.”
Seo bacha ba joaloka Marco ba ithutang sona Bibeleng ha se ba thuse feela lilemong tsa bocha empa se ba thusa le bakeng sa lilemo tsa nako e tlang. Mabapi le bokamoso, re fumana tsela e ’ngoe eo Bibele e ka bang molemo ka ho khethehileng ho bacha.
Ho Tšoenyeha ka Bokamoso
Bacha ba bangata ba bohelehele. Mohlomong ho feta batho ba bang, ba batla ho tseba se etsahalang le hore ke hobane’ng ha se etsahala. ’Me Bibele, ho feta buka leha e le efe e ’ngoe, e re hlalosetsa mabaka mabapi le maemo a lefatše ’me e re bolella seo re lokelang ho se lebella nakong e tlang. Sena ke seo moloko o monyenyane o batlang ho se tseba. Empa re tseba joang hore ke sona seo o batlang ho se tseba?
Le hoja e le khopolo e tloaelehileng hore bacha ba phelela hona joale, lipatlisiso tse ling li fana ka khopolo e fapaneng. Li bontša hore bacha ba hlokomela ka ho fetisisa lintho tse etsahalang ho ba potoloha, ebe ba iketsetsa qeto hore na bophelo bo tla ba joang nakong e tlang. Bopaki ba sena ke hore bahlankana le baroetsana ba bararo ho ba bane ba nahana “khafetsa” kapa “ka ho pheta-pheta” ka bokamoso. Le hoja bacha ka tloaelo ba na le tšepo, bongata ba bona ba talima bokamoso ka ho tšoenyeha ho itseng.
Ke hobane’ng ha ba tšoenyeha? Kajeno bacha ba bangata bao e tla be e le batho ba baholo ka moso, ba se ba ntse ba e-na le bothata ba tlōlo ea molao, pefo le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Bacha ba tšoenyehile ka ho fumana mesebetsi e tsitsitseng har’a tlhōlisano e ngata. Ba ikutloa ba le tlas’a khatello hore ba fumane lintlha tse ntle sekolong kapa ho ba ba hlahelletseng mosebetsing. Mocha e mong ea lilemo li 17 o ile a tletleba: “Re phela sechabeng sa se-mphete-ke-u-fete. E mong le e mong o leka ho etsa lintho ka tsela ea hae. Kamehla u lokela ho bontša hore na u ka etsa’ng, ’me seo sea nkhopisa.” Mocha e mong ea lilemo li 22, o itse: “Ba finyellang lipakane tsa bona ba tsoela pele bophelong ’me ba phela mabothobothong. Batho ba malimabe, ka lebaka la mabaka a fapaneng, ha ba khone ho tsoela pele, ba salla morao.” Ke hobane’ng ha bophelo bo tletse litlhōlisano tjee? Na bophelo bo tla ba tjee kamehla?
Tlhaloso ea Sebele
Ha bacha ba talima moloko oa batho ka ho nyahama kapa ka tšabo—ba tseba kapa ba sa tsebe—ba lumellana le se buuoang ke Bibele. Lentsoe la Molimo le bontša hore lefatše la kajeno la “se-mphete-ke-u fete” ke pontšo ea linako. Moapostola Pauluse o ile a ngola ka mehla ea rōna lengolong leo a ileng a le ngolla mohlankana ea bitsoang Timothea, a re: “Ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Tse mahlonoko le tse thata ho sebetsana le tsona, hobane’ng? Hobane, joalokaha Pauluse a ile a tsoela pele ho ngola, batho e ne e “tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, . . . ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, . . . ba bohale bo tšosang.” Na ee hase tlhaloso e nepahetseng ea kamoo batho ba bangata ba itšoereng kateng kajeno?—2 Timothea 3:1-3.
Bibele e bontša hore linako tsena tse mahlonoko li tla ba teng “matsatsing a ho qetela,” pele ho tlisoa liphetoho tse khōlō holim’a mokhatlo oohle oa batho. Liphetoho tsena li tla ama motho e mong le e mong, e mocha le ea hōlileng ka ho tšoanang. Ke liphetoho tsa mofuta ofe? Haufinyane puso ea leholimo e tla laola litaba tsa batho, ’me hohle bafo ba eona ba tla thabela ‘khotso e ngata.’ “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” Ho tšoenyeha le tšabo li tla fela.—Pesaleme ea 37:11, 29.
Ke Bibele feela e fanang ka leseli le ka tšeptjoang mabapi le bokamoso. Ha mocha a tseba seo a ka se lebellang lilemong tse ’maloa tse latelang, a ka itokisetsa liphetoho le ho ikutloa a sireletsehile ebile a tseba ho laola bophelo ba hae haholoanyane. Boikutlo bo joalo bo fokotsa matšoenyeho le khatello kelellong. Ka tsela ena, tlhoko e khethehileng ea moloko o mocha—ea ho utloisisa moloko oa batho le ho tseba seo bokamoso bo se fupereng—e tšohloa ka Bibeleng.
Katleho Nakong ea Bocha
Letšoao la katleho nakong ea bocha ke lefe? Na ke thuto e tsoetseng pele, lintho tse bonahalang le metsoalle e mengata? Ba bangata ba nahana joalo. Lilemo tsa bocha li lokela ho rala motheo o molemo bakeng sa bophelo ba nako e tlang. Ka mantsoe a mang, katleho nakong ea bocha e ka ba letšoao bakeng sa lintho tse tla tla hamorao.
Joalokaha re se re bone, Bibele e ka thusa mocha ho etsa hore nako ea bocha e be e atlehileng. Bacha ba bangata ba elelletsoe sena bophelong ba bona. Ba bala Lentsoe la Molimo kamehla ’me ba sebelisa seo ba ithutang sona. (Bona sehlooho se reng “Keletso e Tsoang ho Mohlanka e Monyenyane oa Jehova” leqepheng la 6.) Ka sebele, Bibele ke buka ea bacha kajeno hobane e ka ba thusa hore ba ‘tšoanelehe ka botlalo, ba hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’—2 Timothea 3:16, 17.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Le leng la makunutu a katleho nakong ea bocha ke ho sebelisana hantle le ba bang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Mohlomong ho feta batho ba bang, bacha ba batla ho tseba se etsahalang le hore na ke hobane’ng ha se etsahala
[Lebokose le leqepheng la 6, 7]
Keletso e Tsoang ho Mohlanka e Monyenyane oa Jehova
Alexander o lilemo li 19. O tsoaletsoe lelapeng la Lipaki tsa Jehova, ’me o thabela ka ho feletseng ho bontša tumelo ea hae. Empa ho ne ho se joalo kamehla. Alexander oa hlalosa:
“U ka ’na ua makala ho tseba hore ke ile ka kopanela le Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse supileng ke le mocha ea sa kolobetsoang. Nakong eo, ke ne ke se ka pelo eohle borapeling ba ka, e ne e mpa e le tloaelo feela. Mohlomong ke ne ke tšaba ho itekola ka botšepehi.”
Ka mor’a moo, boikutlo ba Alexander bo ile ba fetoha. O tsoela pele:
“Batsoali ba ka le metsoalle phuthehong ba ile ba tsoela pele ho nkhothalletsa ho bala Bibele kamehla, e le hore nka tseba Jehova. Qetellong, ke ile ka etsa qeto ea ho leka ho etsa joalo. Kahoo, ke ile ka fokotsa nako ea ho shebella thelevishene ’me ka etsa ’malo oa Bibele karolo ea kemiso ea ka hoseng ho hong le ho hong. Qetellong, ke ile ka utloisisa hore na Bibele e hlile e bua ka eng. Ke ile ka fumana kamoo e ka nthusang kateng. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo ke ileng ka boela ka e utloisisa ke hore Jehova o batla hore ke mo tsebe. Hang ka mor’a hore ke ele ntlha eo hloko, kamano ea ka le eena e ile ea qala ho hōla le botsoalle ba ka phuthehong bo ile ba ntlafala. Tseo e bile liphetoho tse kaakang tseo Bibele e li entseng bophelong ba ka! Ke khothalletsa mohlanka e mong le e mong e mocha oa Jehova ho bala Bibele kamehla.”
Lefatšeng lohle, ho na le bacha ba limilione ba kopanelang le Lipaki tsa Jehova. Na u e mong oa bona? Na u rata ho rua molemo ka ho bala Bibele kamehla? Ke hobane’ng ha u sa latele mohlala oa Alexander? Fokotsa mesebetsi eo e seng ea bohlokoa ’me u etse ’malo oa Bibele karolo ea bophelo ba hao ba letsatsi le letsatsi. Ka sebele u tla rua molemo.